sotho.2831.zone
Papadi ya lerato
NGAKA LE ngwanana ya ikgwantlellang ka thata eo habo ho nang le spaza - ke baratani ba tjhesang filiming ya bolo ya Zone 14 ho SABC 1, e bapalang ka Mantaha bosiu, moo sebapadi, Tshepo Ngwane, ya ratang thotlolo a hlahisang bokgoni ba hae ha a natefetswe ke mofuthu wa lerato la mabotle, Terry Pheto.
"Mohlomong babohi ba se ba lebetse hore ho Yizo Yizo nkile ka suna monna!" ho bolela yena.
Ke pale e hlomolang ya bana ba holelang bofutsaneng ba batlang ho ya kena yunivesithing moo ba fihlileng teng ba ikgapela setumo. Bahlahise ba batla ho shebisisa Papadi ya Setjhaba - bophelo ba dinaledi tsena tseo bohle ba batlang ho di jesetsa tjhelete ya tsona kgwebeleng - basadi le barekise ba dikoloi.
"Dimilione tsa batshehetsi ba bolo di shebella Zone 14," ho bolela e mong wa dingodi tsa pale ena, Teboho Mahlatsi. "Re batla ho hlahisa pale e monate le ho feta Yizo Yizo. Re bile ra kwetlisa dibapadi tsa rona mmoho le Orlando Pirates re batla hore di shahle jwalo ka tseo."
Seroki se seng se pelo e kgutshwane, Thiza, se ne se qale ho phela bophelo ba botabane mme sa makatsa babohi ba bangata ba Yizo Yizo. Leha pale eo e le ya 2002, Tshepo o se a kile a bapala hape ho Backstage le Jozi Streets tsa e-tv le ho Snitch ho SABC 3 - empa o sa ntse a shejwa hampe ke ba neng ba mo bone a sunwa ke monna e mong paleng eo.
"Batho ba re ke pelo e nyenyane jwalo ka Thiza, mme ke ka moo ke leng ka teng, ke bophelo ba ditabane," ho bolela yena. "Helang, seo le sa se hlokomeleng ke hore ke sebapadi se hlwahlwa, ke dula Jabulani ke na le moratuwa ya motle. Ke batla ho ipulela menyetla e mengata mosebetsing ona wa ka.
"Ke ile ka thabela monyetla wa monna ya ratang basadi ho Zone 14. Terry ke e mong wa dibapadi tsa rona tse nyenyane mme o ikemiseditse ho hlakola botabane boo ba karolong e fetileng!"
Ho bapala karolo ya Mdu, mora wa sekgorane sa ha Sibaya sa Zone 14, ho etsa hore o dule o ena le banana ba bangata ba thabelang ho etsa thobalano le yena. "Mdu o sebetsa hantle, ke ngaka jwale o monela dibapadi tsa bolo ke ka hona a dutseng a nyolosa a theosa le banana ho di bontsha hore ke yena ke yena," ho bolela Tshepo. Pinky Khumba (19) o mo isa hodimo le tlase. "Ke rata karolo ya Pinky," ho bolela Terry. "O thabela ho rekela spaza hape o na le ditoro tse kgolo ka bophelo ba hae. O motle athe o rata banna. O tseba hantle hore ho ya yunivesithing ke hona feela ho ka mo ntshang bofutsaneng.
"Dibapadi tsa bolo kaofela di mo tseba hantle. Empa o tseba hantle hore di ke ke tsa mo thusa ka letho empa Pinky a nahana ka mokgwa o mong ha a bona ngaka. Hape ba lelapa labo ke beng ba sehlopha sa bolo. Zone 14 e na le diketsahalo tse monate. Habo ke lekeisheneng la Evaton, Soweto, mme o se a itshupile hore o hlwahlwa difiliming.
Filimi ya hae ya pele Tsotsi, ke e nngwe ya tse motjheng wa ho ya emela Afrika dikgaung tsa Oscar mane Hollywood ka Hlakola. Hape ke sebapadi se pele, Bonnie Mbuli filiming ya pele ya Hollywood, Hotstuff, e buang ka basadi ba masole a MK a mehleng ya kgethollo ya mmala.
"Ke letsetswa mehlala ke diagente tsa States tse boneng mosebetsi wa ka ho Tsotsi hape ke tla hlaha le leqepheng le kantle la BONA," ho bolela Terry ka pososelo. "Hlooho ena ya ka e a tsekela."
O netefatsa hore letlalo la hae le dula le le letle le mmele wa hao o le mosesanyane hantle ha a hlahella ho boraditaba.
"Hantle jwalo ka Pinky, ke ne ke hlola ke ipotsa hore ho tla ba jwang mohla ke hlahellang ka mahetla mona hara setjhaba. Dikgweding tse 18 tse fetileng, ke ne ke futsanehile ke se na le tjhelete ya tekesi. Empa kajeno ke se ke bokelletsa tjhelete ya ho reka koloi."
O dilemo di 23 jwale, mme Terry o hodisitswe ke mmae, ha a na ngwana kapa yena mohlankana ya ka sitisang katleho ya hae mosebetsing. O rupelletswe theatre ya Soweto dilemo tse pedi kaofela moo ba neng ba bapalla setjhaba dipapadi tsa sebaya, ba bile ba hahlaula dikolong ba ruta ka HIV.
"Ha ke a hloka ho etsa dipatlisiso ka karolo ya Pinky, ngwanana ya motle hobane batjha ba bangata sekolong ba ne ba hlola ba nqoqetse ka dikamano tsa bona tsa lerato," ho bolela yena. Pinky o tseba hantle ka kgatello ya mofuta oo le ka moo a ka e laolang ka teng."
Tshepo o tseba hantle ka moo bophelo bo ka tjhentjhang ka teng ha motho a kena bolong le dipapading. "Jwalo ka Mdu Sibaya, ke tena disutu tsa maemo empa Tshepo Ngwane yena o tena di-jeans mme o kuta lekorwane Mantaha o mong le o mong.
"Ha ke sa bapale, ke motshehetsi e moholo wa Chiefs ya batlang ho bokelletsa tjhelete ya ho ithekela koloi. Empa ho Zone 14 ke hohela Terry Pheto - ho tshwana le ho etsa matsapa a ho hapa kgau ya PSL selemo se seng le se seng sa bolo."
BONA SESOTHO - January 2006
Se fetwe ke tsa Zone 14
ka DOUG GORDON
ditshwantsho ka PETER BAASCH
moriri le mokgabiso wa sefahleho: FAITH SEUOE
setaele: MARINA WALSH
kgokahanyo: PATRICIA McCRACKEN
Natefelwa ke bophelo ba bonaledi, o hlomphehe ka neo ya hao eo o iketsetsang tjhelete ka yona Papading ya Setjhaba jwalo ka ha Terry Pheto le Tshepo Ngwane ba etsa mme ba bile ba natefelwa ke bophelo leha ba se ba tswile ka lebaleng la dipapadi
BONA SESOTHO - January 2006
Terry o akilwe ke Tshepo eo ba bapalang le yena ho Zone 14... (Terry: top le masale: Ruby InThe Dust; borikgwe: Foschini; Tshepo: hempe: YDE; jean: ke ya hae)
Ba etsa Zone 14 jwang
"Re etsa pale ena e shebahale ekare ke bophelo ba nnete ka hohle ka moo re ka kgonang," ho bolela Teboho Mahlatsi. "Ke leano la setjhaba ka mahlakoreng a mabedi ha e hlahella ho TV le tlhophisong ya yona."
n E hatisetswa sebakeng se seng se phodileng mane Orlando, lekeisheneng la Soweto, moo bahlahise ba yona ba rentelang lebala le leng le leputswanyana le matlo mmoho le sebakeng se seng sa kgwebo bakeng sa kgatiso ya filimi ena.
n Dingodi tsa Zone 14 di buisane le baokamedi ba Pirates, Chiefs, SAFA le PSL e le hore ba tsebe ho etsa hore e shebale eka pale ya nnete ka hohlehohle.
n Ba buisane le dibapadi ka botsona, basadi le baratuwa ba tsona, diagente esitana le batshwari ba tsona hore ba fumane nnetenete ya se etsahalang bophelong ba dibapadi tsa profeshenale. [s]
