sotho.282.schoolfees
BONA e a fuputsa
BONKGONO ba dutse dihekeng tsa dikolo ba ntse ba itelela: "re thuseng hle! Re ke ke ra kgona hle ho lefa tjhelete ena ya sekolo..." Jwale ha o sa tla ingongorehisa ka letho. Ke rialo hobane Lefapha la Thuto naheng ena le thehile lenaneo la ho qeta tefello ya tjhelete ya sekolo karolong e le nngwe ho tse hlano ya dikolo tse futsanehileng mme lebatowa la KwaZulu Natal ke la pele ho kenya lenaneo lena tshebetsong jwalo ka ha Letona la Thuto lebatoweng lena, Ina Cronje, a boletse jwalo.
"Haeba bana ba sa fumane thuto, bofutsana bo tswelapele," ho rialo Cronje. "Empa re tlameha ho beha dikolo tsohle tsa rona maemong ho etsetsa hore bana bohle ba fumane thuto e nepahetseng ya motheo.
"Re tlameha ho shebisisa taba ya bofutsana e le ka nnete hobane ha re sheba sephetho sa materiki, re fumana hore bana ba sa etseng hantle ke ba tswang dikolong tsena tse futsanehileng. Re tlameha ho etsa matsapa ohle ho ba thusa."
KZN e ile ya hlahlangwa haufinyane ke Foreisitata le a mang mabatowa a kang Limpopo le Kapa Bophirima ho kenyeng lenaneo lena tshebetsong.
Ha o ka hopola, mahareng a 2003, Letona la ka nako eo la Thuto, Kader Asmal, o ne a phatlalatse hore lenaneo la ho fediswa ha tjhelete ya sekolo dikolong tse futsanehileng le ne le tla qala ka 2006. Ha o hopola, bongata ba mangolo a diphetho tsa ditlhatlhobo tsa bana mafapheng ohle a thuto o a fumana a ngotswe jwana: O a iteka.
Ka bomadimabe ke hore ha se bona bohle ba tla kgola molemo lenaneo lena.
Itjhebe hore wena o wela lehlakoreng le feng...
EKABA dikolo tsa rona ha di no futsaneha haholo ha ho se ho sa lefshwe" E se e le dilemolemo re utlwa dipale tsa bana ba tshwarelwang diphetho tsa bona le batswadi ba ntshuwang ka matlong - hobane feela ho sa lefuwa tjhelete ya sekolo.
Ba bangata batswadi bao ho tlamehang hore e be ha ba sa lefa dikolong, empa ho ne ho se ya phahamelang taba ena ka maoto.
Se bohloko ke hore basuwehlooho ba ne ba le lesisitheo ho phatlalatsa sena hobane ho ne ho se moo ba neng ba tla fumana tjhelete ya ditlhoko tsa sekolo haeba bana ba ne ba se ba sa lefe.
Ho ya ka molao o motjha, Education Laws Amendment Bill, dikolo tseo bana ba teng ba sa lefeng, di tla fumana tshehetso lefapheng la lebatowa e le hore di tsebe ho shebana le ditjeho tsa sekolo. Lefapha la naha le behile tjhelete e R527 morutwana ka mong, empa a mang mabatowa a kgonne ho fetisa moo.
"Re ekeditse ka R42," ho rialo Cronje wa KZN, "ke moo matla a rona a feletseng teng. Empa jwale dikolo tsena di fumana tjhelete e ngata ho feta eo di neng di e fumana ho barutwana jwalo ka ha e ne e le dipersente tse 20 ho ya ho tse 30 feela tsa bana ba neng ba kgona ho lefa."
"Ka hoo, sekolo ka seng se tla tlameha ho tla le lenaneo le hlakileng la ditjhelete le bontshang hore tjhelete eo e sebedisitswe ka nepo mme lenaneo leo le tla hlahlojwa ke mohlahlobi e moholo wa ditjhelete" ho hlalosa Dr Cassius Lubisi wa tsa thuto KZN. "E tlameha ho sebetsa bakeng sa ditlhoko tsa sekolo, e seng dintho tsa masawana jwalo ka ho reka TV ya kantoro ya mosuwe!"
SENA ha se na baka hore le ba tlamehang ho lefa ba tlise bana ba bona dikolong tsena tseo ho sa lefshweng ho tsona" Ena ke taba e bohlokwa haholo, ho na le tsitsipano ya hore ho ka etsahala hore dikolo tseo di tlale haholo, batswadi ba tlise bana ho tsona hobane ba qoba ho lefa.
"Batswadi ba sa kgoneng ho lefa, ba ntse ba ka kopa ho kengwa lenaneong lena leha bana ba bona ba ntse ba le dikolong tseo ho lefuwang ho tsona," ho rialo Cronje. "Mona KZN, dipersente tse 60 tsa dikolo tsena di mane Zululand le dibakeng tse mahaeng, ka hoo, ha re a lebella batho ba dulang dibakeng tse kang Pietermaritzburg le Thekong kapa tsona dibaka tse ding tsa ditoropong ba batle ho kengwa lenaneong lena."
"Batswadi ba tla e fumana tjhelete ya ho lefa hobane re fana ka thuto e maemong," ho bolela Michael Ntimane, mosuwehlooho wa Star Of The Sea High School, Kwangwanase, ka leboya ho Zululand. O na le mabaka a ho rialo - sekolo sa hae se haufi le Kosi Bay, ke se seng sa tse fumaneng dikgau tsa ho pasa kaofela ha bana ba materiki.
"Ho na le tekanyetso ya lenane la baithuti leo sekolo se sa tlamehang ho le feta," ho rialo Dr Lubisi. "Mesuwehlooho e tlameha ho ba sedi mme le batswadi le bona ba tlameha ho kenya dikopo e sa le nako.
"Mesuwehlooho e amohelang bana ba bangata ka kgopolo ya ho fumana tjhelete e ngata e tla behwa molato wa bonyofonyofo. Re tla sebedisana le mapolesa a Scorpions tabeng ena."
HA O so utlwe letho ka lenaneo lena lebatoweng la heno - hobaneng, o emetseng" A mang mabatowa a lenama ho kenya lenaneo lena tshebetsong, a mang ke ka lebaka la mathata. "Dikolo tseo re di hlwaileng di ke ke tsa bolelwa ha e le tse sa tlamehang ho lefa ho fihlela di ba di phatlalatswa ho Government Gazette," ho hlalosa letona la thuto KZN, Ina Cronje. "Re batla ho qala lenaneo lena mathwasong a selemo - e seng re qale hara selemo moo ho tla hlokahala re kgutlisetse bana ba seng ba lefile tjhelete ya bona."
Mona KZN, dikolo tse 975 tsa poraimari le tse 350 tsa secondary di hlwailwe jwalo ka tse tla kengwa tlasa lenaneo lena mme di ne di romellwe mangolo ngwahola ka Mphalane. Sena hape se ne se netefatswe ka ho romelwa ha lengolo le neng le potolohe le dikolo tsohle ka Tshitwe.
Ka nako eo, ba bang ba batswadi ba ne ba se ba lefile bakeng sa 2006 - empa ba ke ke ba kgutlisetswe tjhelete eo ya bona.
Re ka etsa mohlala ka lefapha la thuto la Kapa Bophirima lona le itse le tla qala lenaneo lena mohla 1 Motsheanong 2006, empa ba neng ba se ba lefile, ba ke ke ba kgutlisetswe tjhelete ya bona. Ha re tsebe Limpopo hore yona e tla etsa jwang.
Ho ka ba betere haeba o le Foreisitata hobane ka ho ya ka mohlanka wa lehokela lefapheng la thuto, Solly Magalefa, ba sa leka ho rarolla taba ya bana bao ba neng ba se ba lefile.
KE SE FE se ka etswang ho potlakisa dintho" Maemo ha a na tshwana jwalo ka ha lebatowa ka leng le tla ikenyetsa lenaneo lena ka bolona tshebetsong. Empa he le batswadi ba tlameha ho thusa!
Tlohelang ho ipotsa dipotso tseo le se nang ho tseba ho di araba, botsang bathong ba tshwanetseng.
Haeba o sa kgotsofala ka maemo a sekolo sa ngwanahao - o bona hore le sona se ne se tlameha ho kengwa lenaneo lena - tletleba letoneng la thuto la lebatowa la heno.
Haeba o sa thusahale ka potlako, lebisa tletlebo ya hao letoneng la naha - ke bolela Naledi Pandor ka sebele! [s]
Pele-ya-pele le mosebetsi o motle!
Dikolo tseo bana bohle ba materiki ba pasang kaofela ho tsona, letona la thuto la lebatowa la KZN, Ina Cronje, o leboha baithuti bao ka ho fa ba tswang malapeng a futsanehileng dibasari tsa ho ba tshehetsa thekong ya diaparo tsa sekolo esitana le dipalangwang. Haeba ngwanahao a tswa pele dithutong tsa hae, botsa mosuwehlooho hore na ha ho tlhodisano ya dikgau a ka e kenelang.
Snenhlanhla Mhlongo wa Umlazi Comtech o ikgapetse basari eo.
BONA SESOTHO - May 2006
O a sokolo mme ha o kgone ho lefa tjhelete ya sekolo" Qetellong mmuso o tlile le tharollo ya sena - ho tseba mang mohlo-mong le wena o tla thutsahala
pale ka PATRICIA McCRACKEN
ditshwantsho ka BRETT FLORENS
Tse monate ka tjhelete ya sekolo
BONA SESOTHO - May 2006
u
t
Ke tokelo ya hao
BONA SESOTHO - May 2006
Lebatowa
% bana ba futsanehileng
Dikolo tseo ho sa lefuweng ho tsona
Bana ba amehang
Tjhelete ya moithuti ka mong
(% e ekeditsweng)
Kapa Botjhabela
35%
2 074
569 349
R527 (0%)
Foreisitata
31%
1 246
229 789
R703 (+33%)
Gauteng
11%
Ha re a fumana dintlha tsa teng
KwaZulu-Natal
24%
1 323
484 337
R565 (+7%)
Limpopo
34%
1 671
533 674
R527 (0%)
Mpumalanga
17%
Ha re a fumana dintlha tsa teng
Kapa Leboya
26%
73
28 736
R527 (0%)
Leboya Bophirima
23%
588
1 798 464
R567,94 (+8%)
Kapa Bophirima
7%
Ha re a fumana dintlha tsa teng
Sheba lebatowa
la hao
Di kae dikolo tse hlwailweng ke lebatowa le heno tse tla kena tlasa lenaneo lena, le hore ngwana ka mong o tla lefellwa bokae, bapisa tjhelete eo le R527 e behilweng ke mmuso.
Sheba ka hodimo.
LE LETSHEHADI: Baithuti ba Phangisa LP School, Madundube, KZN, ba thabetse ho kengwa ha sekolong sa bona lenaneong lena.
