SESOTHO.2825.yourlifeguide_heaven
THUSO YA TSA MOYA
Moruti George o araba dipotso tsa babadi ho latela ka moo Lentswe le bolelang ka teng
Ke dula diheleng
Ke MoKreste ya nyetsweng, ke na le nyatsi e nyetseng. O re o a nthata o batla ke be mosadi wa bobedi. Re bonana ha re fumane monyetla. Nna ke dutse ke bua leshano ho monnaka ha a ena le kgwao.
Ke kopa o nthuse hle, ke tswe diheleng tsena. Ke kgathatsehile ka ha ke a tseba hore Jesu o a kgutla haufinyane - ha ke batle a mphumane ke le manyaleng.
Ya ferekaneng, Swatsing.
Ya ferekaneng:
Mmele wa hao ke Tempele ya Modimo. Ho etsa thobalano le monna le sa nyalana ke sebe (1 Bakorinthe 3:16).
O nyetswe, empa o etsa bohlola hape o thusa monna eo ho qhala lenyalo la hae (Diprovebia 6:32). Hona ekare ho monate empa ho tla o diya moyeng wa tumelo. Rona jwalo ka Badumedi, ha re iketsetse leha e le eng feela eo re e ratang, re na le ditlamo! Kopa tshwarelo ho Modimo mme o kope a o thuse o rate monna wa hao. Modimo ha o so kgathale ke wena. Hopola hore o a o rata.
Tumelo e fedileng
Monnaka o nyahladitse kereke ka mora ho ba Modumedi ya inehetseng dilemo tse 18 mme jwale o inehetse jwaleng. O re o kgathetse ke ho rapella lefeela. O re o dilemo a eya kerekeng empa o ntse a futsanehile, athe metswalle ya hae e na le dikoloi tsa maemo le dikgwebo empa e sa le behe kerekeng, ha e tsebe le ho etsa Ntata Rona ya Mahodimong.
O re o fetohile tshehisa hobane ha a na letho leo a ka le supang a re o le fumane ka lebaka la boinehelo ba hae ho Modimo.
Nolitha Magagula
Nolitha ya ratehang: Se mo hatelle hore a ye kerekeng hobane seo se ka mpefatsa maemo le ho feta. Ho na le ditemana Bibeleng tse kgothatsang basadi ba banna ba sa dumeleng hore ba se dule ba ba hlodiya nako le nako (1 Petrose 3:1-2).
Sebetsa sa hao se seholo ke thapelo, boitshwaro le tumelo ya hao e sa sisinyeheng. O hapilwe ke sera monnao mme Modimo o tla mo bula mahlo ka le leng a bone diphoso tsa hae. O se nyahame pelo leha o sa bone phapang ka pele. Modimo o tshepisitse hore o tla pholosa lelapa la hao kaofela (Diketso 11:14).Tsitlallela seo o dumelang ho sona. A ke ke a o lahla.
Opereishene ya botle ke sebe?
Dinaledi tsa habo rona di dutse di etsa diopereishene tsena nako le nako ho intlafatsa ka ho fokotsa kapa ho eketsa matswele kapa yona mpa. Bang ba ya boikwetlisong, ha ba bang ba itima dijo ba be ba batle ba eshwa, bang ba nwe dipidisi ho theola boima ba mmele. Na tseo tsohle ke sebe ho Modimo?
Ya kgathatsehileng, Thekong
Ya kgathatsehileng: Modimo ha o re dumelle ho ahlola ba bang ntle ho rona, ha re na ditlaleho tse feletseng tsa ho etsa jwalo (Matthew 7:7;
1 Bakorinthe 11:31).
Leha ho le jwalo, re na le boikarabelo ka pela Modimo ba ho hlokomela mmele hore re dule re phetse hantle. Ha ho phoso ha motho a batla ho ba motle empa ha a lokela ho fihlela seo ka ho lahla Bodumedi. Dikarolo tsena tsa bophelo bobedi di lokela ho tsetsiswa hantle.
Opereishene ya ho intlafatsa ha ke e bone e le sebe empa motho ha a lokela ho hlontjhwa ho ya ka boima ba mmele wa hae. Leha ho le jwalo, ke nahana hore ke toka ha motho a hlokomela mmele wa hae, a eja ka tshwanelo, a ikwetlisa mme a bile a phomola ho lekana.[s]
NA BARUTI BA LOKELA HO NYALA?
Motswallaka ya kenang kereke o hatellwa ke ditho tsa phutheho hore a se ke a phakisa ho nyala. O na le bokgoni ba ho ba moruti ya hlwahlwa empa ha a tlotswa hobane diphuthehong tse ding ba re o tlameha ho qala ka ho nyala pele. Ho ya ka Bibele na ho hlokahala hore motho a nyale pele a ka tlotsetswa boruti?
Jeffrey, Newcastle
Jeffrey ya ratehang: Bibele e re moruti o lokela ho ba le mosadi a le mong (1 Timothia 3:2), mme lenyalo la hae le be monate, e be mehlala setjhabeng. Motho a ka nna a ba moruti empa a sa nyala, empa baruti ba jwalo ba ba kotsing ya ho kena molekong le diqosong tseo ba neng ba ka di phema.
Ntle ho moo, batho ba lokoloha hantle hape ba tshepa moruti ya nyetseng ho feta ya sa nyalang.
KALAFO YA MOYA
Opere-ishene ya botle ha se sebe
Ngolla ho Pastor George: Heavenly Help, Box 473014, Parklands, 2121
