sotho.2824.golden cloud
B3497/07Ditshwantsho Graeme Borchers Setaele Linda Bean
DIKELETSO TSA HO BAKA
Dikuku di ka bolokwa ka hara seetswa se sa keneng moya matsatsi a fihlellang ho a mararo kapa ka hara freezer (empa di se ke tsa ba leqhwa) di le ka sejaneng se sa keneng moya dikgwedi tse yang ho tse tharo.
Ha kuku ya hao e omme, e ramutseha, ho bolelela hore o bakile nako e telele mofuthung o tlase haholo kapa o tshetse baking powder e ngata.
Ho dibaki tsohle tse tshehetsang leano la Golden Cloud 'I Bake I Care', le na le monyetla wa ho hapa lengolo la ho reka la Golden Cloud le bitsang R500. O ka kenela ka ho seha barcode pakaneng ya phofo eo o e rekileng mme o re romelle yona le lebitso la hao le aterese le nomoro ya mohala, ho: Golden Cloud I Bake I Care, P O Box 35413, Northway, 4065. Letsatsi la ho kwala ke la 30 Loetse 2007.
Baka ka Golden Cloud mme o tla be o tshehetsa leano la
Golden Cloud 'I Bake I Care' le thusang basadi hore ba iketsetse phaello ka ho baka
Baka
130g botoro kapa majarine
90g caster sugar
4 mothwebe wa mahe
120g Golden Cloud Cake Flour
2 dikgaba (10ml) baking powder
bohashana ba letswai
½ kopi (125ml) lebese
icing sugar ya ho fafatsa
Topping
4 bosweu ba mahe
90g castor sugar
90g dessicated coconut
COCONUT-TOPPED SPONGE CAKE
E etsa kuku e le nngwe
ya papatso
ka tlhoko
1. Qala ka ho futhumetsa onto ka 180°C. Tlotsa springform cake tin ya boholo ba 23cm ka mafura.
2. Fehla botoro le tswekere hore di be lebejana. Tshela mothwebe, o le mong ka nako, o ntse o fehla.
3. Sefa folouru, baking powder le letswai o kopanye hantle mme o dubelle le lehe, o le fapanya le lebese. Ekga ka kgaba o tshele ka sejaneng sa ho baka.
4. Topping: Fehla bosweu ba lehe hore bo etse makweba, pele o tshela tswekere. Fehla jwalo ho fihlela ho tia. Kopanya le coconut, o tshele hodima hlama ya kuku.
5. Baka metsotso e 30. Fokotsa mofuthu hore o be 160°C. Baka metsotso e meng e 20. E ntshe hore e fole. E behe hodima raka ya terata. E fafatse ka icing sugar mme o fepele.[s]
