sotho.2819.motoring
KA bo 1997, Daihatsu Terios e ne e le yona 4x4 e nyane Afrika Borwa
ka lenane la R99 999.
Ka nako eo, ha ba bangata ba ileng ba ela koloi ena hloko. Ena le enjine ya 1,3 e leng ntho e sa tlwaelehang koloing ya 4x4.
Terios e ne e sa etsetswa ho qothisana lehlokwa le dikoloi tse kang Land Rovers le Toyota Land Cruisers. Hape koloi ena e ne e sa etsetswa ho tsamaya mebileng e lepoqo ya mahaeng a dibakeng tse kang tsa Kapa Botjhabela, KZN kapa Limpopo.
Ena ke koloi e neng e etseditswe ho tsamaya mebileng ya sekontiri ya ditoropong le makeisheneng. Dintho di fetohile jwale. Selemong sena Daihatsu
e hlahisitse mofuta o motjha: Terios II.
Ekaba phapang e ho kae" Phapang ke hore Terios ena jwale yona e kgolwanyane, enjine le yona e kgolo. Ke ana mabaka a ka etsang o rate koloi ena.
1 E bulehile. Ho buleha ha yona ho dumella hore ho be teng setulo sa boraro, e leng se etsang hore e kgone ho palamisa batho ba supileng ho balellwa le mokganni. Sena se bolela hore o
ka tsamaya hantle le ba lelapa
kapa bao o kerekang le bona.
Ha o rata ho laitsa, o ka robatsa setulo se ka morao.
Ha o rata sebaka se bulehileng haholo, o ka haka lebidi lena le larileng ka morao koloing. Sena se tla etsa koloi e shebale hantle jwalo ka ha dikoloi tse jereng mabidi e le tse tswang pele.
2 E bolokehile, e butshabutsha. Mmotlolo yohle ya koloi ena e tla le makgabane a mangata a dintho tse kang air-conditioning, di-airbag tse pedi, mariki a ABS, difenstere tse sebetsang ka motlakase, radio le central locking leha e se na remote - o sebedisa senotlolo.
3 Ho bobebe ho e hlokomela. O ka bona e ka dikarolo tse ngata tsa yona ke tsa polasitiki, empa ka tlasa dikarolo tseo tsa polasitiki, e tiile. Haeba o na le bana ba atisang ho e silafatsa ka hare, o tla bona hore dikarolo tsena tsa polasitiki di hlwekiseha ka bonolo.
Jwalo ka ha ba ha Daihatsu ba tsebisahala ka dikoloi tse nyenyane, ba etsa sena
hobane ba rata dikoloi tse bobebe tse ntle le enjine ya tsona le yona e nyenyane. Ka lebaka la bonyane ba tsona, mamati a tsona le ona a bobebe.
4 E baballa mafura. Ka tlwaelo, koloi tse kgolo tsa 4x4 di tsamaya 100km ka dilitara tse 16 mme tanka e tlale ka R800.Terios yona e hloka dilitara tse 10 bakeng sa 100km.
5 E tsamaya hantle. E tsamaya hantle haholo. Enjine e a dumela, ha o thetsa mafura, e a arabela le lebelo la yona le a kgotsofatsa.
Daihatsu e boele e tsamaye hantle mmileng o dikoti leha e sa ahelwa mmila o jwalo.
6 Ke 4x4 e bitsang hantle. Koloi eo re kileng ra e kganna e ne e bitsa R220 000, empa ho ya ka dintho tseo e nang le tsona.
E tla le service plan ya dilemo tse tharo kapa, maintenance plan esitana le warranty ya dilemo tse tharo kapa 100 000km.
Koloi ena o ka e sebedisa jwalo ka ya lelapa kapa ya bokgabane, athe hape ha e tsofatse pokotho bakeng sa mafura. E fumaneha ka mefuta e fapaneng, o mokgutshwane le o molelele, o tjhentjhwang le o itjhentjhang mme kaofela di hula ka pele. Di bitsa ho tloha ho R190 000. [s]
Pale le setshwantsho: Gavin Foster
DIKOLOI
Ke 4x4 e nyane e matla
E telele-nyana, e bulehile le enjine e kgolwa-nyane
Jwalo ka Naomi Campbell, koloi ena e ntjha ya Daihatsu Terios II, e telelenyana, e bile e ntle. Koloi ena ya ha Daihatsu yona ha e tshwane le dibontshi hobane ha ho bitse ho e hlokomela mme hape o ka e tshepa....
E KGOLO E BILE E MOLEMO HO FETA KA MOO O NAHANG
Mathata a maholo ka Daihatsu Afrika Borwa ke hore batho ba nahana hore khampane ena e ntjha mmarakeng wa dikoloi le hore dikoloi tsa yona ha se tsa boleng.
Ena ke khampane ya Japan mme haesale e le teng dilemong tse ngata, karolo ya 51 lekgolong ya yona e laolwa ke Toyota.
Dikoloi tse ding tsa ha Daihatsu di rekiswa dibakeng tse ding di na le letshwao la ha Toyota, jwalo ka Terios, mane Japan le Malaysia e ngotsweng Toyota Rush.
