sotho.2818.crane
Leqephe le tsheheditsweng
crane e tshabehang
pale le ditshwantsho ka ZAMANDELU MNCWANGO
HOSENG ho hong le ho hong ka 6 Nompumelelo "Mpume" Duma (33) wa Thekong, o nyoloha 22m ho ya kantorong ya hae. Tjhebeho ya kou ya Thekong eo a dutseng a e bona nako le nako ha a sisinya dikhonteina tse kgolo tsa Transnet Port Terminals' Pier 1 ke e babatsehang. O na le boikarabelo bo boholo.
Ke e mong wa basadi ba supileng lefatsheng kaofela ba rupelletsweng ho kganna "rubber-tyred gantry cranes" (RTGs), tse laela le ho laolla merwalo dikepeng. Mosebetsi wa hae o hlokolosi haholo koung ena - hobane dikhonteina di lokela ho dula di behilwe hantle hore di se we ka ha di ka baka tshenyo e tshabehang dikepeng kapa tsa lematsa basebetsi.
Ha bakganni ba RTG ba fihlella palo eo ba e behetsweng ya ho beha hantle dikhonteina tse 24 ka hora, motho o fumana bonase.
"Leha nna ke so e fumane empa ke kgotsofetse ke moputso wa ka hobane ke a kgona ho lefella ditlhoko tsa ka," ho bolela yena. O qadile mona ka Hlakola, ka mora ho iteka lehlohonolo ka nako eo a neng a bona papatso ya monyetla wa mosebetsi koranteng.
Tshehetso
O ne a rupellwe dikgwedi tse tsheletseng. Mpume ha a sa tshaba bophahamo jwalo ka pele mme mahlo a hae le matsoho a se a tseba ho sebedisana hantle ntle ho letswalo, e leng sa bohlokwa mosebetsing ona - empa o re o kile a etsa phoso, a thula palo.
Kou ya Thekong ke yona feela Afrika Borwa e sebedisang crane tsena tse kgolohadi. Hape ke ya pele ya ho hira basadi ho laola RTG - Mpume le basadi ba bang ba 6, ba sebetsa le banna ba 50 bao le bona ba laolang RTG. "Banna ba ne ba sa re tshepe," ho bolela yena. "Empa ba a re tshehetsa jwale."
Malapa
Ntle le hore ke mohatsa motho hape ke mme wa ngwana ya dilemo di nne, Mpume o re dihora tseo a di sebetsang ha di senye bophelo ba hae ba lapeng. O etsa bonnete ba hore o ipha nako ya ho ba mmoho le bona ha a se mosebetsing.
"Monnaka o utlwisisa dinako tsa ka tsa mosebetsi hobane di dutse di tjhentjha hoo ke kgonang ho ba le yena kgafetsa."
Mosebetsing ona o thabiswa ke katleho ya hae le hlompho ya bahiri ba hae le basebetsimmoho.
"Kamohelo ya baokamedi ba rona le ya batho ba bang hohle lefatsheng, e nthabisa haholo," ho bolela Mpume. "Ho etsa hore re ikutlwe re le motlotlo, re ipona ekare re batho ba bohlokwa khampaneng ya rona.
"Ke kgothatsa le basadi ba bang hore ba o nke mosebetsi ona wa taolo ya RTG. Ha o batla ho fihlela se seng se itseng bophelong, o lokela ho ikemisetsa ho se fihlela mme o se ke wa tlohela menyetla e hlahang." [s]
BONA SESOTHO - December 2007
Mpume Duma o sebetsa dimitara tse 22 ka hodimo ho kou ya Thekong
O kganna
Mpume Duma o hlwella 22m ho leba kantorong ya hae.
Nnete ka RTG
Rubber-tyred gantry e bolele ba 22m.
E kgona ho jara khonteina ya ditone tse 40,6.
Crane e kgona ho jara dikhonteina tse hlano ya ho tse tsheletseng di kolohantswe.
Mokganni o buisana le moofisiri ya rerang ka sebaka seo dikhonteina di lokelang ho lebiswa teng.
Crane ha e na lebidi la ho kganna e na le dikiara feela, tse sebediswang ke mokganni ho e laola ho laela le ho laolla hohle moo e lokelang ho ya teng.
KA HODIMO: Mpume o kganna RTG ho tloha kantorong ya hae, ho ya laela le ho laolla sekepe.
Molaodi wa thepa
NAHANA feela o sebetsa lebenkeleng la dieta mme o lokela ho hlahloba seeta ka seng se rekiswang moo. Dumisane Danisa, molaodi wa thepa mane Durban Container Terminal, o sebedisa mohlala ona o bonolo wa ho bontsha ka moo mosebetsi wa hae wa Transnet Port Terminals o leng bohlokwa ka teng.
O hlahloba morwalo yohle e fihlang koung eo, a bone hore e fela e dumellana le se boletsweng ke Transnet Port Terminal bakeng sa polokeho le tsamaiso. Hape o tlameha ho rekota thepa yohle e kenang le e tswang.
Ho bohlokwa hore dikhonteina tsena di be maemong a matle ntle ho moo di ka nna tsa senya thepa eo di e kentseng, e be tshenyehelo e kgolo sekepeng esitana le ho beng ba thepa ka bobona.
Dumisane o boetse hape o netefatsa hore motlakase o sebetsa ka tshwanelo sebakeng seo e le hore dihatsetsi di dule di sebetsa ka nako eo di ntseng di iswa kwana le kwana. Ho bohlokwa ho boloka dijo tse bolang jwalo ka ditholwana le nama di le serameng se boletsweng ho etsa hore di se senyehe hohang.
Mosebetsi ona o hloka motho ya nahanang ka pele a nke diqeto tsa ho rarolla mathata hang feela ha a hlaha. Hape ba lokela ho sebedisanammoho hantle le batho ba bang esitana le bao ba sebetsang le bona jwalo ba bakganni ba di-crane.
Grade 12 e nang le dithuto tsa mathematics, science le tsebo ya khomputara ke tsona ditlhoko tsa bohlokwa mosebetsing ona.
Moputso o tloha ho R7 000 - R8 000 ka kgwedi hape ho na le menyetla e meng ya mesebetsi e ntseng e hlaha dikoung tsa Afrika Borwa jwalo ka ha di ntse di atollwa tjena.
KA HODIMO: Molaodi wa thepa, Dumisane Danisa, o hlahloba e nngwe ya dikhonteina.
BONA SESOTHO - December 2007
