SOTHO.2817.formula
lebese la masea
Ho kgetha lebese la lesea ho ka nna ha bonahala e le mosebetsi o boima ha o qala. Empa ha ho hlokahale hore o be tlasa kgatello. Ke tsena tse ding tsa dintlha tsa bohlokwa tse ka nolofatsang kgetho ya hao
BATSWETSE ba kgothalletswa ho nyantsha hobane lebese la motswetse ke lona le nang le phepo yohle eo lesea le e hlokang bakeng sa kgolo e ntle. Leha ho le jwalo, ho na le mabaka a mangata a etsang ba bang ba fumane ho le betere ho le nyantsha botlolo.
"Se ikgathatse ka puo tsa batho," o boletse jwalo motswetse e mong ya sebetsang. "Etsa se molemo ho wena le lesea la hao. Sa bohlokwa ke bophelo bo botle ho lona bobedi."
Keletso ya Website ya babymania.co.za ke ya hore ha o kgetha lebese, o etse bonnete ba hore ke le dumellanang le ditlhoko tsa phepo ya lesea, leo o tla kgona ho le reka, o le dube ka bonolo. Ngaka ya bana kapa mooki ba ka o kgethisa.
1 Lesea le ka qala lebese neng?
Ha ho nako e ikgethang. Ba bang batswetse ba nyantsha dibotlolo di tloha feela. Ba bang ba di qala ka nako eo ba kgutlelang mosebetsing.
2 Le tswakilwe kang?
Ka diproteine, mafura, di-carbohydrates, divitamin le metswako e meng ya bohlokwa bakeng sa kgolo ya lesea. Bongata ba mefuta ya lebese e entswe ka lebese la kgomo.
3 Ke tseba jwang ha lesea le sa thabele lebese leo?
Matshwao a mang (kapa ha le se le hodile ho le feta) ke letshollo le ho se hole ka tshwanelo kapa ho nona tlolo ya molao.
Ditlhoko tsa lesea di tjhentjha ho ya ka ho hola ha lona. Jwalo ka hore ho na le la masea a seng a hodile, a lapang haholo, a sa tlo dumellana le a sa tswa belehwa.
"Ho bohlokwa haholo ho dula o tjhentjha mefuta ya lebese la lesea la hao ho ya ka kgolo ya lona," ho bolela Ngaka Solomon Lefakane, wa Sepetlele sa Poraefete sa Lesedi, Joburg, eo e leng setsebi sa tlhokomelo ya masea le bana.
(Lesea la hao le ka nna la bontsha matshwao ao re a boletseng ha le sa utlwane hantle le lebese la lona - ka kopo seha Potso 7.)
4Matshwao ana "1" le "2" a mabeseng a bolelang?
Lebese ka leng le hlophiseditswe ho tobana le ditlhoko tsa lesea ho ya ka boholo ba lona: "1" ke la a sa tswa hlaha ho ya dikgweding tse tsheletseng; "2" ke la a maholwanyane. Ho tloha dikgweding tse tsheletseng mme le hlophiseditswe ba nowa ke ba tswang lebeseng la masea ba lokisetswang ho kena ho la kgomo.
Ha la hao le le boholong bo lekaneng empa le sa kgone ho thuhisa la letswao la "2" o ka le kgutlisetsa ho la "1" ho fihlela le loka.
5 Ke tseba jwang ha lesea le nwa lebese le lenyenyane - kapa le lengata - tlolo?
Ha le nwa le lenyenyane le tla:
hola butle;
se rote kgafetsa
letlalo le se rarolohe, le be maswebe;
le tefe.
Ha le nwa le lengata ho feta:
le a jokotsa le hlatse ka mora dijo;
le opelwa ke seholoholo (le bonahala ha le phutha maoto);
le nona tlolo ya molao.
6 Le nweswa lebese la kgomo ha le le lekae, hobaneng?
"Ke eletsa batswetse ho nwesa masea lebese la kgomo ha a ena le selemo," ho bolela Ngaka Solomon. "Ba diehe ho nwesa masea lebese la kgomo. Ba qale ka ho a tlwaetsa dijo tse ding tse entsweng ka lebese, jwalo ka yogurt."
Lebese la kgomo ha le na iron e ngata. Ha o le potlakela ka lona, le ka nna la hola le na le phokolo ya madi, e leng sesupo sa hore ha le na iron e lekaneng hantle mading, e tla ama le kgolo ya lona.
7Ha lesea le sa utlwane le lebese la kgomo teng?
Bongata ba mabese a masea a entswe ka la kgomo. Ha o nahana hore le lesea la hao ha le utlwane le lebese, buisana le ngaka ya hao. Ngaka e tla o bolella le ka le thusang le entsweng ka soya.
Ho bua le ngaka kapa le baoki ho bohlokwa hobane lebese le entsweng ka soya le lokela ho nweswa lesea tlasa leihlo le ntjhotjho la bongaka. [s]
LESEA LA HAO
ya tseo o lokelang ho di tseba ka
Sa bohlo-kwa ke hore lesea le hola hantle mme bobedi le dule le phetse hantle
