sotho.2810.your_letters
Dumelang metswalle
Ha ke tswe lapeng la bomme ba matswele a maholo.
Nnete ke hore mme le rakgadi ba na le matswele a manyane.
Le nna ke futsitse bona, e leng se neng se nngongorehisa ha ke sa hola.
Ka lebaka lena, ke ne ke tena boti e kgolo, ke kenye le dikausi matsweleng ho leka ho a hodisa.
E ne e re ha ke qala ho sebetsa, motshwari wa ka o ne kgathetse ke ngongoreho ena ya ka mme ya ba o nthekela di-pad tse kengwang matsweleng.
Tsatsi leo le ne le tshwana le Keresemese ho nna: ka qala ho itshepa.
Empa seo se ne se sa lekana - ke ne ke qale ho boloka R100 ka kgwedi bakeng sa opereshene ya ho hodisa matswele.
Ke ne ke buisane le moratuwa wa ka ya neng a hanyetsane le seo.
Ke ne ke qale ho bona ho tloha mohlang oo hore ke na le matswele a ntshwanelang!
Leha ho le jwalo, naledi ya rona e qepheng la kantle Mshoza, yona e ne e tswelepele le opereshene ya ho hodisa matswele.
Re buisane le yena paleng o ka e fumanang leqepheng 18 moo a buang ka opereshe ya dihora tse tharo e neng e etse hore a kgutlelwe ke boitshepo le tjhebeho eo e neng e le kgale a e labalabela.
Ho na le e meng mekgwa ya ho ba le tjhebeho e ntle. Leqepheng 112, re na le tjhebeho e ntle ya banna. E ntle! (Haeba ke ne ke se na molekane!)
Ho fihlela kgetlong le tlang.
Modimo a be le lona
MANGOLO A LONA
Sbu
Mpungose
Lengolo la mohlodi
RE BOLELLE MAIKUTLO A HAO
Mangolo ho mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060
fekese: 031-912-2720 imeile: bona@dbn.caxton.co.za
O ka sebedisa lebitso la boiqapelo, empa o re bolelle la nnete le aterese ya hao ka botlalo lengolo la hao. Ha se hore re dumellana le maikutlo a beng ba mangolo ao re a phatladitseng maqepheng ana mme re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
MAEMO a bonokwane a a tshosa naheng ena. Empa se nkgathatsang haholo ke ka moo rona batswadi re hodisang bana ba rona ka teng - bana bana bao re reng ke baetapale ba Afrika Borwa kamoso.
Sheba feela! Wena jwalo ka motswadi, o amohela jwang tjhelete ngwaneng wa hao o tseba hantle hore ha a sebetse? O tholetseng o mo bona a tshwere selefounu e bitsang eo o tsebang hantle hore ha a ithekela ka tjhelete ya hae?
Ho nna o ithorisa ka hore wena ha o etse bonokwane, ha ho bolele letho. Ho iphapanyetsa bonokwane re bo bona bo etsahala ka pela mahlo a rona, ke sesupo sa hore le rona re molato jwalo ba baetsi ba bona.
Hape, na ha re mehlala ya diketso tsa bonokwane baneng ba rona ka ho reka dintho tse utswitsweng? A re tloheleng ho bua haholo, re re batjha e tla ba baetapele ba kamoso feela re sa ba thuse ka letho
hore ba fihlele seo. A re
etseng matsapa a ho busetsa dintho madulong.
Haeba baetapele e tla ba bona batjha bana bao ke ba bonang ba solla mebileng, ba tellang ba bileng ba tshabehang, ha ke bone e ka re tla ba le bokamoso bo botle.
FC Tami, Mdantsane
Nahana feela ka ho fetisa maikutlo a hao ka ho phethahala o bua ka Samsung M620. Nashua Mobile e o hokela ka tsela e kgolo ka ho o fa kgetho e pharaletseng ya diselefounu le dihlahiswa le ditshebeletso tsa data. Bakeng sa tlhahisoleseding e feletseng letsetsa nomorong ya 0861-531-531 kapa kena inthaneteng ho. www.nashuamobile.co.za
Ke a leboha ka tsa bolo!
Ke leboha ditlhalosetso tse ntle hakana tsa Mohope wa Confederations tseo le di qadileng kgweding ya Motsheanong. Mohatsaka o reka BONA kgwedi le kgwedi mme ke hlola ke e phetlile feela. Morao tjena, ha e sa hlokwa ke yena feela ka lapeng! Karolo ya lona ya banna e ntle haholo ke boetse hape ke rata le dipale tsa bonokwane. Ke nahana hore diresepe di se di le ngata haholo - empa mohatsaka a ka nna a mphehisa!
Alex Stimela, Klerksdorp
Dipale tse monate
Ke rata karolo ya dipale tsa nnete tsa bonokwane. Di re hlokomedisa hore Afrika Borwa ha se yona feela e aparetsweng ke koduwa ya bonokwane - e leng seo dikoranta tsa rona le TV di lekang ho se pata. Ho bua nnete, bonokwane bona bo hlasetse hohle. Maafrika Borwa ha se dinokwane tse fetang batho ba dinaha tsohle. Pele-a-pele, BONA!
Veronica Mhlwazi, email
E tla fela neng?
Ka nako e nngwe nke ke ipotse hore leeme la ho hira ba leloko le metswalle kapa hona ho lefisa batho tjotjo ke ntho e tla fela neng naheng ena. Ho thata ho fumana mosebetsi matsatsing ana ha o sa tsejwe ntle ho moo o tlameha ho lefa tjotjo. Ke lehlatsipa la seo mme ke lefisitswe tjotjo hore ke fumane mosebetsi. Batho ba tlameha ho adima ditjhelete ho bomatjhonisa hore ba lefe tjotjo. Botho bo ile kae?
Se swabisang ka ho fetisisa ke hore batho bana ba maemong a hodimo mme ba fumana meputso e metle.
Lindeka Dubula, Northam
Re ho etsetsang hoo?
Batho ba fetohile makanyane. Ba iphetotse dintja tse lomang le bafepi ba tsona. Ba utswetsa dikhampane tseo ba di sebeletsang - hoo tse ding di qetellang di kwetswe mme ba fellwe ke mosebetsi.
Hobaneng re senya maphelo a rona? A re nkeng boikarabelo ba boitshwaro ba rona mme re selebetse ho aha bokamoso ba rona bo botle!
NMM, Olifansfontein
Sengodi sa lengolo la mohlodi la kgwedi se tla fumana
Samsung M620 ya Nashua Mobile
ya boleng ba R1 200
Mobadi wa BONA o botsa dipotso tse thata
Batswadi le bonokwane
Tse hlabosang
Ke rata ho le leboha ka diresepe tse ntjha tsa BONA tseo re di tlisetswang ke Ntwenhle Mpanza. Ho tloha haesale a qala, ha ke sa fetwa ke kgatiso leha e le nngwe. Ke thabela ho leka diresepe tsa hae. Kgatiso ya Mmesa yona e ne e na le dimomonane tse monate le ho feta mehleng.
Thobekile Mbonambi, email
Eba mohlodi le
Ho nwa ha bomme
Babadi ba arabetse pale ya rona ya Ho nwa ha bomme (BONA, Hlakubele 2009), e neng e totobatsa ka moo jwala e seng e le kgathatso ka teng setjhabeng, basadi ba se ba inwella ka bolokolohi le ka pela bana leha ba tseba hore seo se tla senya maphelo a bona
Ha se toka hore batswadi ba tahwe ka pela bana ba bona hobane bana ba ithuta ka ho etsisa. O tla ba kgalema jwang mekgweng e mebe ha ba etsa seo le wena o se etsang? A re beng mehlala e metle baneng ba rona.
Mohlokalebitso
Ke ne ke tshohe ha ke bala pale ya lona, Ho nwa ha bomme. Ho bonahala ekare Eskom ha e a tima motlakase feela empa o timme le dikelello tsa batho.
Batho ba iphetolang makgoba a jwala, ha ba batle ho amohela hore jwala ha se tharollo ya mathata empa ke sesosa sa ona. Bo senya maphelo a batho mme se sebe ka ho fetisisa ke hore bo fetola batho makgoba. Se dumelle jwala ho senya bophelo ba hao.
Naseema Dhai, Rossburgh
Hobaneng banna ba amoheleha hantle ha ba enwa jwala empa basadi bona ba sa amohelwe? Ho nwa kgalase ya veine mmoho le dijo ha se ho nwa tlolo ya molao. Ho tshwana le ho inwella dikgalase tse mmalwa ka mora ho sebetsa ka thata letsatsi lohle.
Ho nwa jwala tlolo ya molao ke tlotlollo, ha ho motho ya phehisanang le seo empa Maafrika Borwa a lokela ho tlhohela bohlabaphio. Ho sa kgathallehe hore o monna kapa o mosadi, ho tahwa ka pela bana ke ntho e mpe haholo! Leha ho le jwalo ho nwa kgalase tse mmalwa ka pela bona ha se ntho e mpe, o le mme kapa ntate.
AH, Komga
Pale ena ya lona ke mohlala wa ka moo basadi ba ahlolwang ka leeme ka teng ke setjhaba - e leng se etsang hore ba qetelle ba hlekefetswa.
Ke re banneng: tlohelang mekgwa ena ya ho nyenyefatsa basadi le batle ho ba tshwara jwalo ka bana ba batlang ho dula ba kgalemelwa nako le nako.
BV, Nelspruit
Basadi ha ba sa na boitshwaro. Ba nwa jwala tlolo ya molao. Ho lahlehelwa ke semelo ha bona ha ba se ba tahilwe ke bopaki ba hore ha ba na matla jwalo ka banna mme ha ba a lokela ho nwa jwala. O ba fumana ba tahilwe matlong a jwala ba bile ba etsa thobalano le banna ba matahwa ka dintlwaneng. Ho boetse hape ho na le bomme ba nehelang ka baradi ba bona banneng hore ba etse thobalano le bona, mme ba lebella hore banna ba ka ba hlonepha jwang?
Aaron Tlou, Tweefontein
RE LEBOHELA babadi bana ba bahlano ba lehlohonolo ba latelang, bao motho ka mong a hapileng sephuthelwana sa di-DVD tsa UIP ho Block Puzzle No 89 e neng e phatlaladitswe kgatisong ya Hlakubele 2009 ya BONA.
Bona ke: Emeldah Ramphisa, Groblersdal; Selloanwe R. Morata, Thaba Nchu; Elizabeth Mabena, Springs; Jo-Ann Levings, Evander, le N.E. Xongwana, Butterworth.
Karabo: Connie Ferguson
