SESOTHO.2808.yourceleb_township
Zuluboy, sebini sa hip-hop se sa ntseng se hlonepha meetlo ya habo sona, se re bontsha lekeishene la habo sona la Ntuzuma moo tsena tsohle di qadileng teng
LEKEISHENE LA KA, NALEDI YA KA
Zuluboy WA NNETE
Lebitso la hae ke Mxolisi Majozi, empa ho batshehetsi ba hae ke Zuluboy. Lapeng le metswalleng ya KwaZulu-Natal lekeisheneng la Ntuzuma ke Mgi, ba kgutsufatsa Mgingqeni.
Bomangwanae Maureen le Zandile Majozi ha ba lebale tsa bongwaneng ba hae, ba re o ne a sa arohane le mmae. "Re ne re dula re le bangata pele ho robalwa ho ne ho hlophiswa hore mang o tla robala kae. Mgi yena o ne a dutse a robala pela mmae. O ne a qale ho robala a le mong a bala Sehlopha sa 5! Ke ntho e sa tlwaelehang ngwaneng wa moshemane, empa ke ka moo a neng a rata mmae ka teng," ho bolela Maureen.
Motswallae, Ndongo yena o mo hopola ka lerato la hae la mmino. O re o ne a sa tswafe ho ba sitisa ba ipapalla a batle hore ba mamele pina a e qapileng. Kajeno jwalo ka ha a se a tumme ka hip-hop ke hona ke hlokomelang neo eo. "Ke motlotlo ka yena ha a fihletse ditoro tsa hae," ho bolela Thula.
HA A LEBALE MEETLO
O holetse Ntuzuma a dula le mmae Nonhlanhla Majozi, nkgonwae, le bomangwane le bomalome, meetlo e ne e hlontjhwa lapeng lena la sebini se motlotlo ka moetlo wa habo sona.
Mangwanae Zandile o itse: "Mgi o hlahetse mona mme a hodiswa ka meetlo ya Sezulu. Leha a ile a kena sekolo sa merabe e meng empa ho ne ho netefatswa hore o itseba hantle hore ke mang hape a tsebe le puo ya habo." Ho thwe sebini sena se tseba le ho kalla, ho hobela le ho hlaba.
RE LE BABEDI FEELA
Ka 1997 Zuluboy le mmae ba ne ba tswe ha nkgonwae ba ya itulela ba le bang. Pelo e ile ya ya mafisa ka nako eo re nkang ditshwantsho tsa moo a neng a dula teng le moratuwa wa pelo ya hae, mmae ya neng a hlokahale ka 2005.
"Mme o ne a sebetsa khampaneng ya inshorense pele a fellwa ke mosebetsi. A theha kgwebo leha e sa ka ya atleha empa o ne a sebetsa ka thata. Re ne re kgona ho phela. Ha ho mohla ke neng ka robale ka tlala, ke ne ke sa hlokomele le hore o hula ka falese," o boletse jwalo ka pososelo.
SEBAKA SE KOTSI
"Sydenham e ka nna ya shebahala eka ke lekeishene le pele empa ke sebaka se ka nnang sa eba kotsi," o boletse jwalo re feta pela folete eo e neng e le habo pele.
Batho ba mona ba ne ba tobane le diphephetso tse tshwanang hantle le tsa batho ba lekeisheneng, mohlomong tse thata le ho feta: "Mona dithethefatsi ke habo tsona, maqulwana a dinokwane le ona ha a ya ipeha fatshe, o ka bona le ka meralo ya graffiti maboteng."
O ne a rata hore yena le metswalle ya hae ba ne ba eya ditlelapong, mme ba tsohe ba qoqe ka banana ba ileng ba ba suna. Le hore barekise ba dithethefatsi ba sebakeng seo ba ne ba ba bolella ka bohlokwa ba boitshwaro bo botle le ba thuto.
"Barekise bao ka nako e nngwe ba ne ba re fa tjhelete ya dimpompong, re sa bone letho le phoso." Ere kaha Zuluboy o ne a le mong feela habo, o ne a ena le metswalle e mengata hara baahisane mme hape bongata bo sa ntse bo dula moo. Ba thabela ho bona motswalla bona wa kgale, ya ba semphete ke o fete ho ya mo dumedisa le ho mo lebohela ha a atlehile Gauteng maboneng. [s]
Pale: Ntokozo Maseko
Ditshwantsho: Solomon Mashakeni
Na o ne o tseba?
Ka 2004 ba ha Ngobese ba morabe wa Mazulu, ba ne ba fumane lehaha leo badimo ba habo bona ba neng ba dula ho lona dilemong tse ka hodimo ho tse 200 tse fetileng mane Thaba Ntuzuma. Ho hlophiswa hore le fetolwe sebaka sa ho hohela bahahlaudi.
Ntuzuma - lekeishene lena la sejwalejwale le ne le ahwe ke
Toropo ya eThekwini dilemong tsa bo 1970 - le sa le lenyenyane.
Le tswetsepele le na le dikolo tse 8 tse phahameng, tse 12 tsa poraemari le technical college mmoho le moaho wa teachers centre. Ho na le seteishene sa sepolesa, tliliniki, diholo tse pedi tsa setjhaba, sebaka sa ditimamollo, laeborari, lekgotla la dinyewe, sebaka sa dibese le dibaka tsa boithabiso le letamo la ho sesa, lebala la bolo le la tenese.
1. Zuluboy o kopana le moahisane wa habo wa Ntuzuma, Thula Ndongo.
2. O ne a hlomohe ha a hopola mofu mmae.
3. Moaho wa folete eo e kileng yaeba habo.
4. Bomangwanae Maureen le Zandile ba Ntuzuma ba thabetse mora wa bona.
5. Hohle moo a tsamayang teng sebakeng sena sa habo, batho ba a mo tseba.
E qotsitswe: www.madeinntuzuma.co.za; www.amafa.co.za
