sotho.2807.cover
BONA SESOTHO - August 2006
O
"Ho bohlokwa ho se etse thobalano pele ho lenyalo. Nna ke mokgwa o ntshebeletsang," ho bolela Kelly.
Pabala ya SA ya morwe-tsana"
O re o leka ho ipoloka a hlwekile, empa hoo ha ho mo thibele ho ithabisa
KELLY KHUMALO o ikemiseditse ka bonaledi - leha a ithabisa, ha a itebale. "Setumo ke nthwana feela," ho bolela yena. "Nna ke batla ho tume mmino wa ka, e seng ho buuwe ka nna hohle."
Pabala ena (23), e dutse e nyefolwa ke boraditaba ka mokgwa oo a tjekang ka ona le ka moo a hanyetsang thobalano pele ho lenyalo ka teng. Qinisela ho se ho fedile selemo jwale e le thatohatsi diradiong mme ba bang ba dutse ba hopola motjeko wa hae oo banna ba bangata ba nyetseng sethepu ba o hloileng.
"Nke ke ka nyalwa sethepung lekgale," ho bolela yena. "Ke na le sohle seo monna a se batlang mosading mme ha ke bone lebaka la ho kopanela monna le mosadi e mong!"
Lenyalo ha se ntho ya bohlokwa haholo ho Kelly ha jwale, se pele ke mosebetsi wa hae - o re a ka ipeha maemong a matle le ho feta Beyonce. Albamo ya hae ya bobedi o tla e hlahisa ka Mphalane e latelang TKO, e rekisitseng dikhopi tse ka hodimo ho 20 000 mme o se a qadile ho itlhophisetsa mekete ya lehlabula.
O TENA dikete tse kgutshwane, le dibutshi tse telele hape o kentse dintshi tsa maiketsetso. Moputso wa ho ba mofumahatsana wa Moaafrika wa leloko la MTV o moholo haholo. Ho BONA o ne a lohile a re hlooho ya hae e boima e bile e a opa ho ya ka moo ba mo kenyeditseng moriri o moholo ka teng.
O ne a re o tatetse ho ya motseng wa hae o motjha, o Jozi, moo a tla tola metsing a tjhesang, a tshwere kgalase ya veine ka letsoho, ka thoko mona a behile tjhokoleite tse mmalwa tseo a tla di momona pele a ilo kena betheng e butshabutsha, a robale dihora tse 14 kaofela.
O dumela hore o lahlehelwa ke dikilograma tse tharo ha a bina sebayeng. Boithabisong o ya le motswallae wa hlooho ya kgomo ya bapalang ho Mzansi, Khanyi Mbau, eo ba yang le yena meketjaneng ya mabenyane ya batho ba tummeng feela.
Empa leha ho le jwalo, Kelly o hanyetsa seo batho ba se nahanang sa hore mmino wa hae o tla tuma ha nakwana feela mme hape o batla ho ratwa ka ho re yena ha a na dikamano tsa thobalano, ba re sephiring o etsa mehlolo, o ratana le banna ba diradiong hore ba bapale mmino wa hae.
"Ke nnete ke intsha le bona, bonneteng ke ne ke tshepisitswe lenyalo ho fihlela dintho di senyeha haufinyane tjena," ho bolela yena. "Empa nnete ke hore ha ke etse thobalano le bona hohang. Ho boloka borwetsana ba ka ke seo ke leng motlotlo ka sona hape ke kgothalletsa batjha bohle ba Maafrika Borwa ho etsa jwalo.
"Ho se etse thobalano pele ho lenyalo ke ntho ya bohlokwa. Ke ka moo nna ke dumelang ka teng."
MOOKAMEDI wa hae, Sarah Shongwe, o ne a hlokomele neo ya hae ka 2003 a bina tlhodisanong ya Crux Gospel Stars.
O ne a hlokomele neo ya hae di tloha feela, a bina sehlopheng sa mmino sa East Rand, le botle bo bontsha hore e tla ba Rebecca Malope wa kamoso.
"Ke ne ke kgahlwe ke boitshepo, maikemisetso, le sebete sa ho emela seo a dumelang ho sona. Dibini tse pele di etsa jwalo, o ne a qale ho hlokomela ka moo lentswe la hae le leng phefa ka teng a le dilemo di 13, a bina sehlopheng sa kereke ya habo."
Qinisela ke pina eo Kelly a hlahisang maikutlo a hae kgahlano le sethepu ka yona. Yfm e ne e phakise ho kenya pina eo hara tse pele, ha latela Metro fm. Batho ba e rata haholo haholo basadi! Kelly o ne a kgethetswe dikgau tsa 2006 SA Music Awards, ho sebini sa mosadi se Binang Pina ya Selemo.
"Ho ngola dipina ho bolela hore o hlahisa maikutlo a hao a tebileng," ho bolela yena. "Ka mora Qinisela ke ne ke kopane le dintho tse bohloko bophelong ba ka le tse thabisang. "Ha ho bonolo ho tobana le setjhaba mahlo-mahlong."
TJHEBEHO eo e ntle le dikete tseo tse kgutshwane ke tse hlophiseditsweng hore mmino wa hae o se lebalehe lekgale. Empa jwale banna ha ba se ba kopana le yena mebileng ba batla ho mo nka ka tsela eo ba mo boneng ka yona sebayeng a bina.
"Monna e mong wa Lekwa o ne a nkape moketeng wa mmino mme a akgela leleme la hae ka hanong ho nna," ho boletse yena ka ho teneha. "Ka mora ho bina mane Pietersburg, batshehetsi kaofela ba ne ba ntlhwe setha - ba nkgula ka moriri le ka diaparo. Ke be ke ba tshabe ka nako e nngwe." Tlelapong e nngwe e pele eo Kelly a kileng a bina ho yona, Sarah o ne a thibe monna e mong a se a leka ho mo fota tlasa sekete!
"Bahlankana ba tla ka bongata ho tla batla nomoro ya ka ya mohala, nako le nako ke ba romela ho mookamedi wa ka."
Sarah o re ba hlola ba mo letseditse ba kopa ho intsha le Kelly. "Ba nahana hore nna ke tla ba hlophisetsa hore ba intshe le yena," ho boletse yena a tsheha. "Dibini tsa ka di tshwana le bana ba ka. Ha ho motho ya ka tshabisang ba lelapa la ka." [s]
mapha- thephathe
pale ka DOUG GORDON ditshwantsho ka PETER WHITFIELD mokgabiso wa sefahleho ka: NTHATO MASHISHI setaele: MARINA WALSH kgokahanyo ka PATRICIA McCRACKEN
BONA SESOTHO - August 2006
LE LETONA: "Dibutshi tsena tse telele di etsa hore ke batle ho tantsha bosiu kaofela!" ho bolela Kelly. (mose: Morgan, dibutshi: Europa Art, katiba le sefaha:EQ, setshwantsho sa kantle: baki le sefaha:EQ
