sotho.2806.zinhle
Re bua le DJ Zinhle
Se kgolwe sohle seo o se utlwang ka Zinhle, ha a kolote DJ Oskido ka katleho ya hae, o kgothatsa basadi ba ratang ho ba di-DJ - ba hlahise dimilione tsa dialbamo tse tla rekisa hantle
KE SETLABOTJHA bophelong bona ba mekete ya mmino ya lefatshe moo banna ba tjekang ba ne ba qethohe ha ba se ba kgwaetse basadi ka mahafing.
"Mohlomong banna ba a sulafallwa ha ba mpona," ho bolela DJ Zinhle (25). "Ha ke ne ke qala, ba ne ba mphereha empa morao tjena ba tsamaela thoko."
O ke ke wa ba nyatsa, nnake. Ha ho makatse! O dutse a qakehile lenaneong la Jika Majika ho SABC 1, o boetse hape o a di bitsa ho YFM lenaneong la Oskido - o na le diketekete tsa batshehetsi ba thabelang ho tantshetsa mekete ya hae ya mmino ho tloha Mzansi ho ya Yuropa.
Ka bokgutshwane, o qakehile haholo hore bahlankana ba ka nna ba ikgohlakgohla ka yena. Se mo kgathatsang feela ke menyenyetsi ya hore tsena tsohle o di fihlela ka ho ba le dikamano tsa thobalano le DJ Oskido.
"Puo tse mpe jwalo ka tseo ke tsona tse senyang bophelo ba ka ba mosebetsing," o boletse jwalo.
"Ho thata ho ba DJ wa mosadi kaha ke mosebetsi o tletseng banna ba maemong a hodimo.
"Mohlomong ho thata ho bona ho amohela hore ke na le bokgoni bo botle. Ke ka hona ba ntshenyang lebitso ka hore ke etsa thobalano le Oskido.
"O re ke se ikgathatse ka ditshebo tseo. O re: 'ba bua hampe ka wena ha ho sebedise hantle.'
"Hlompho e bohlokwa ho feta ho fumana mohlankana." Ke e mong wa banana ba atlehileng haholo ho ba neng ba tataiswa ke Oskido ho tloha dilemong tse leshome tse fetileng ha re bala le bo Thandiswa wa Bongo Maffin le Nhlanhla wa Mafikizolo le Tina le Zonke.
Oskido o ne a kenye Zinhle ho YFM bakeng sa mokete wa bona wa tswalo wa 2006 ka mora hore ba utlwe motswako wa hae. "Ya eba monyetla wa ka o moholo oo leha ke ne ke tshohile haholo. Ke dihlong empa ke a tlwaela jwale hobane ke sebetsa hara batho ka dinako tsohle."
Kotsi
Zinhle o holetse Dannhauser, KZN. "Ke hotse ke mamela uKhozi FM feela," o boletse jwalo. "Ke mamela mmino wa Whitney Houston, Mariah Carey le wa Boyz II Men ke ithuta Senyesemane ka ona. Empa ke ne ke sa lakatse ho ba DJ, ke ne ke batla ho sebetsang ho TV." Zinhle ha a le dilemo di 18 a leba Jozi ho ya etsa dithoto tsa bobohodi ba TV. O ne a le motle a le hlwahlwa ka pela dikhamera - empa a tshaba ho ya ditekong tsa mosebetsi.
Qetellong a kgutlela hae ho ya rala mosebetsi botjha. Ka 2002 a kgutlela Jozi ho ya etsa dithuto tsa marketing, ka kgopolo ya ho fumana sekgeo. A sebedisetsa maemo a tshohanyetso molemong wa hae. "Ka qala ho bapala ka diletsa tsa kgaitsedi ya ka ya bo DJ," ho bolela yena.
"Ka natefelwa ke ona mme ka 2004 ka fumana monyetla wa ho hlahella setjhabeng. Moketeng o mong, DJ a se ke a fihla mme ka tswaka mmino ho qhoba nako. Ka mora moo ka qala ho bitswa ka mahohle. Ka bona hore ke o fumane mosebetsi - empa ka sebeletsa ka thata hore ke tsebisahale.
"Hona le batho ba bangata ba nang le neo mosebetsing ona empa ba bongata bo thabela ho sebetsa mahabo bona feela. Ke batla ho ba mohlala basading ba batlang ho kena motjheng ona."
Ho a thusanwa
Zinhle o sa tswa bula moketeng wa bolo ya maoto, Unathi Nkayi wa Metro FM a mo thusa ho mo tsebisa setjhabeng sa batho ba 60 000.
"Ke ne ke se ke tatetse ho qala ho bina empa Unathi a nkemisa. A qala ka ho bintsha letshwele lebitso la ka.
"Bohle ba ema ka maoto ke thabo, ba re: 'Zinhle! Zinhle!' ka nako eo ke neng ke ntse ke kgaba ka mmino.
"Ona ebile monyetla o moholo. Ke ne ke tsebe hantle hore ke se ke tshwanela ho ntsha direkote tsa ka jwalo ka Oskido."
Monyetla ona o fihlile ka pele ho Zinhle a sa ntse a le ho Jika Majika le sebini sa rap, Thembi Seete, ya neng a kene ka sekgahla mminong wa kwaito a ena le mofu Lebo Mathosa ba Boom Shaka.
Jwale Thembi o batla Zinhle a hlahise mmino wa hae - wa maskandi/house mix o tla kwala sekgeo pakeng tsa batho ba mahaeng le ba ditoropong. "Oskido o bohlale mme o matla dialbamong tse ratwang," ho bolela Zinhle. "Ke batla ho ba mosadi wa pele wa ho hlahisa dialbamo tse tla rekisa dikhopi tse dimilione. Ke ka hona Thembi a mphileng monyetla ona."
Mohlankana wa ka
Zinhle e tla ba thatohatsi boithabisong ba Mzansi ka 2008, a fumane menyetla ya mosebetsi ho TV le ho radio, ho ya bapala meketeng mme le albamo ya hae o batla ho e qeta ka Paseka. O atleha ka potlako le ba mo senyang lebitso ba a hloleha jwale.
"Ke na le mohlankana wa ka - eo ke neng ke kopane le yena moketeng wa dikgau ka 2005. Ha a sebetse mmino ka hoo ha a kgathatsehe ka menyenyetsi ya teng.
Ntho e bohloko ke hore ka nako e nngwe re bonana hanngwe ka mora dikgwedi tse tharo empa ha jwale mosebetsi e sa ntse e le ona wa bohlokwa." [s]
O tuka malakabe, o tswa Mzansi o leba Yuropa jwale
BONA SESOTHO - February 2008
pale ka DOUG GORDON
BONA SESOTHO - February 2008
