sotho.2805.security
Matshwao a mabe
Hlokomela ha dinokwane di okaokela ntlo ya hao
HA O fumana ho se ho ena le papatso ya ho rekisa pela heke ya hao - o tlameha ho ba sedi. Ke sesupo sa hore dinokwane di letsholong la ho tla o utswetsa. Nonhlanhla ke e mong wa batho ba neng ba utswetswe ka mokgwa o jwalo. O dula le monnae le bana ba babedi ka borwa ho Johannesburg.
"Ka le leng ha ke etswa mosebetsing, ka fumana ho hlonngwe letlapa la papatso ya thekiso ya ntlo kantle ho jarete ya ka," ho bolela yena.
"Ke ne ke tseba hantle hore ha re rekise, ka le lahlela moqomong."
Ka le hlahlamang a fumana le leng hape. Lekgetlong lena le se le ngotswe ka khampane esele mme Nonhlanhla a nahana hore mohlomong ho na le motho ya entseng phoso. Empa a le lahla hape.
Ka le hlahlamang a fumana le le teng hape lekgetlo la boraro, ho tswa khampaneng esele. A le lahla le lona.
Ka mora matsatsinyana a fumana ntlo ya hae e thubilwe, ho utswitswe thepa e bitsang. "Ha hlaka jwale ho rona hore papatso yane ya thekiso ya matlo, e ne e le ya ditsotsi tse neng di batla ho tla re utswetsa," ho hlalosa Nonhlanhla.
A hlokomela mme o eletsa baahi ba bang hore ba be sedi, ba tlose dintho tse ba belaetsang pela matlo a bona. "Tsena di kenyeletsa le dipampitshana tsa dipapatso," ho hlalosa yena.
Sebui sa khampane e nngwe e rekisang matlo se itse ba hlola ba lahlehetswe ke matlapa a bona a papatso. "Re a tseba jwale hore ke bomang ba a utswang."
Dula o hopola hore barekise ba matlo ha ba na tokelo ya ho beha letlapa la papatso ka pela ntlo ya hao ntle ho tumello ya hao.
Hape haeba o rekisa ntlo, se dumelle batho ho itlela ka bona ba sa felehetswe ke barekise ba matlo!
Matlo a mangata a na le mehala eo ho kokotwang ka yona dihekeng mme Fayzel Kader, mookamedi wa khampane ya tsa tshireletso e bileng e lebelang le metse, o re mashodu le ona ha a ithapise, a letsa tsona ditshepe tsena tse molaong ha a se a batla ho netefatsa hore ho ngwese teng kapa tjhe.
"Ba letsa tshepe makgetlonyana mme ha ho se karabo ba a tseba hore ho ngwese, ba a kena." O re hape le poso e sa ntshweng lebokoseng ke sesupo sa hore beng ba motse oo ha ba yo. Ka nako e nngwe ba beha dibotlolo tse lephaka mmileng ka pela ntlo, eo hara tsona ho ba le e tala, e bontshang hore beng ba motse ba ile mosebetsing. [s]
BONA SESOTHO - May 2007
A mang a matshwao ao o ka bonang ka ona ha dinokwane di okaokela ho tla o utswetsa lapeng...
pale ka FORCE KHASHANE
setshwantsho ka PAPI MORAKE
Hlokomela dintho tse behilweng pela motse wa hao...e ka nna yaeba sesupo sa hore o lebetswe!
