sotho.2804.NEWFROGGIE
ditshwantsho ka SALLY CHANCE
BAETSI ba dieta tsa ha Froggie ba rata mosebetsi wa bona: ba etsa dieta tse setaeleng, tse tshwarang maoto hantle tse bileng di ba lekanang hantle. Dieta tsa ha Froggie di lekana maoto hantle mme ke tsona feela naheng ena tse entsweng ho latela dikeletso tsa dingaka tsa maoto ho netefatsa hore maoto a dula a phetse hantle, a lekanwa ke dieta ka dinako tsohle.
Ho tshwara maoto hantle ke seo Froggie e se pheellang mme dieta tsa bona tsa basadi di entswe ho latela dikakanyo tsa sejwalejwale tsa matjhaba. Dieta tsa Froggie di rokilwe ka matsoho, ka letlalo la maemo a hodimo ke ka hona maoto a di thabelang!
Di lekana maoto hantle hona hoo ekang a kadilwe, di fumaneha ka mefuta e mengata ke ka hona o ka kgonang ho di rwala meketeng e fapaneng. Dieta tsa ha Froggie di ntle mme selemong sena ba na le mebala e metle haholo.
Ka moo o ka kenelang
Re na le dipara tse tharo tse ntjha tsa ha Froggie tseo re fanang ka tsona ho babadi ba 18. Bakeng sa monyetla ona wa ho hlahella hara letshwele, re romelle poskarete e nang le lebitso, aterese le nomoro ya hao ya mohala mmoho le saese ya dieta tsa hao, ho: BONA/Froggie Shoe Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060 kapa SMS FROGGIE ho 35919. (SMS ka nngwe e bitsa R3.)[s]
HAPA! Dieta
tsa mariha tse bitsang R30 000!
Eba fesheneng mme hape o dule o phutholohile mariheng a selemong sena ka dipara tse tharo tsa dieta tsa ha Froggie
DITSHWANTSHO DI NKETSWE LA PIAZZA, AMANZIMTOTI 031-903-6113
BONA SESOTHO - July 2007
MELAO. 1. Ho buletswe bohle ntle ho basebeletsi ba ha Caxton, batshehetsi ba bona le ba malapa a bona le mekgatlo ya bona ya dipapatso. 2. Kahlolo ya baahlodi ke yona feela e tla amohelwa, ha ho ngollano e tla dumellwa. 3. Meputso e ke ke ya fetisetswa bathong ba sele kapa tjheleteng. 4. Ho tla amohelwa dinekelo tsa nnete feela. 5. Meputso eo beng ba yona ba sa etsang diphuputso ka yona dikgweding tse tsheletseng ba e hapile, ba ke ke ba hlole ba e fumana. 6. Dieta di ke ke tsa tjhentjhwa.
7. Mebala e ka nna ya fapana le e setshwantshong.
BONA - August 2005
