sotho.2802.health
Tsa bophelo
bo botle
Ikwetlise
O nahana ho ya ikwetlisa- Le banna ba dilemo di yang ho 60 le ho fetela ho 70 ba ka nna ba tiisa mesifa ya bona ka dipersente tse 11 mme ba matlafala ka tse 170 ka mora ho ikwetlisa ka ditshepe dibeke tse 12.
Ha dintho di ba tsamaela hantle...
BONA SESOTHO - May 2007
Nyantsha lesea la hao letswele feela dikgwedi tse tsheletseng, o le fe inshorense ya mahala ya bophelo bo botle.
Hobane le tla pholoha tlhaselong ya mafu a kang mokgohlane, feberu, ho hlolwa ke dijo tse itseng le letshollo ho ya ka moo setsebi sa tsa phepo sa SA Sugar Association, Priya Lalla a bolelang ka teng.
Diente le tsona di molemo haholo maseeng a nyanyang hobane e a sireletsa tlhaselong ya mafu a mangata a kenyeletsang le lefu la tswekere.
Bakeng sa bophelo bo botle, nyantsha lesea la hao letswele feela - o sa le tswake le metsi, tee kapa dijo di fe feela tsa masea kapa lesea la hao le tla kgathatswa ke bophelo kapa le se fepehe hantle.
Molemo wa tlhodisano
Ditlhodisano di baka kgatello - empa bahlodi ba phela nako e telele ho ya ka baetsi ba dipatlisiso. Bona bahlodi ba dikgau tsa Oscar le ba Nobel Peace ba phela dilemo tse pedi ka hodimo ho tse lebelletsweng bophelong
ba bona.
Mofuthu wa motho ya apereng diaparo ha ho tjhesa o ka fihlella ho 260oC
NNETE:
Le nehe inshorense ya
mahala!
Dula o phetse hantle
le Patricia McCracken
Bana ba bipetswa ke moya o ditshila haholo ho feta batho ba baholo. [s]
Thoba mahloko
Kalafo e potlakang ya diso tsa ka hanong e dutse e le haufi le wena, nako le nako, ke mokotla wa tee o metsi! Hobane tee e na le tannin, e na le matla a ho fodisa letlalo le bohloko.
Mahe a tla o bolokela tjhelete
Mahe a theko e tlase hape a ruile di-protein haholo ho ya ka setsebi sa tsa phepo sa SA Egg Industry, Madeleine de Villiers.
A na le di-protein tsa boleng tse ka nehwang dintlha tse 100 ha a bapiswa le lebese le nkang tse 93, le tlhapi le nama ya kgomo tse 75. Madeleine o eletsa hore dijong, o kenyeletse le le leng hobane le na le di-protein tse 30 grams tse lekanang le tsa nama e phehilweng kapa yona tlhapi.
NNETE:
BONA - August 2005
