sotho.2793.BEC success-tips
Katleho ya
Charlotte
CHARLOTTE o ne a batla ho qala kgwebo ya lebenkele le rekisang dijo pele kgwedi e fela empa o ne a se na tjhelete e lekaneng ya ho etsa jwalo.
"Mohla la 20 kgweding eo seo ke neng ke ena le sona feela ke phofo ya poone le kgoho, ke sa tsebe le hore ke tla nka eng ke e kopanye leng.
"Mosadi ya neng a tla nthusa, o ne a se a le malala-a-laotswe, nna ke tshaba, ke batla ho ema hanyenyane.
"Ha ke fihla lebenkeleng ka le hlahlamang, ka fumana mosadi eo o se a butse mme o phehile papa!
"Moreki wa pele feela a kopa tee e nang le lebese, ka roma monnaka ka R4,50 ho ya le reka ka re a le pate ba se ke ba le bona. Ka nako eo lebese le ne le bitsa R3.
"E mong a batla papa le nama, ka roma mothusi e mong wa ka ka R1,50 ho ya reka khabetjhe. Ra e pheha ka mafura a tswang nameng ya kgoho.
"Ra rekisa dijo ka R12. Ya tloha taba. "Letsatsi le dikela re kopantse R1 119! Kgwedi yona ya fela re entse phaello ya R6 000!"
Tshehetsa Charlotte ka ho reka dijo Mykonos Restaurant, Shop 19a, President Street, Witbank.
SEBETSA KA BOKGABANE
Bareki ba batla se molemo bakeng sa tjhelete ya bona. Ka hoo, o lokela ho ikemisetsa nako le nako ho ba kgotsofatsa ka ho netefatsa hore sohle seo o ba rekisetsang sona, ke sa boleng, hape ke seo ba se batlang.
Ha o kgotsofatsa bareki, kgwebo e tla hola.
Tse 10 tseo ba di batlang:
lBoleng
lMolemo wa tjhelete
lDintho tse dutseng di le teng
lHo tshwarwa hantle
lBa fumane seo ba se batlang ka pele
lHa ba ena le mathata ba thuswe
lDitletlebo tsa bona di amohelwe hantle
lBa nehwe ditlhalosetso
lMehala e arajwe ke batho
lTiisetso ya seo ba se rekileng.
Ntho e nngwe ya bohlokwa ke mokgwa oo o tshwarang basebetsi ka ona.
Sena se ka kenyeletsa le tjhebeho ya bona, tsela eo ba buang le bareki ka yona, mahlomahlong kapa mohaleng, tsela eo dijo di leng ka teng le hore ba a tseba ho nka diqeto tse nepahetseng tlasa maemo a itseng jwalo jwalo.
Hopola tsena tse tharo tsa bohlokwa:
lTshebeletso e potlakang - na batshehetsi ba tla fumana seo ba se batlang ka nako kapa ba lokela ho ema dibekebeke ho ya dikgweding"
lKa moo o amohelang ditletlebo ka teng - ha o amohela ditletlebo hantle, bareki ha ba na kgutlela kgwebong ya hao feela, empa ba tla kgothatsa le ba bang ho reka ho wena.
lMelao ya ho patala - na o tla amohela dikarete tsa mokitlane le ditjheke kapa o tla rekisa ka tjhelete letsohong feela"
BONA SESOTHO - June 2006
Latswa Moya wa Afrika... Latswa katleho ya Mageu Number 1
Dikgau tse bitswang Mageu Number 1 Small Business Award di etseditswe ho kgothatsa, ho putsa le ho nyolla dikgwebo tse nyenyane tsa babadi ba BONA.
Tlhodisano ena e tla qala ka Mphalane 2005 ho ya ho Mphalane 2006. Ba leng ho makgaolakgang jwalo ka kgwedi ba tla phatlalatswa ho BONA. Bahlodi ba tla phatlalatswa moketeng wa mabenyane o tla beng o le Joburg ka Pudungwane 2006. Kgorametsa bonyane barcode ya Mageu Number 1 kenelong ka nngwe, o ngole lebitso le aterese ya hao. O re bolelle le ka kgwebo ya hao, boholo ba yona, le hore e ho kae le seo o hwebang ka sona. O rekisa dijo kapa ke spaza shop" Ditlankana tsa ho kenela le ditlhalosetso tse ding ka dikgau tsena, di a fumaneha ho website: www.empowermentclub.co.za. Ho ka fumana khopi ya fekese, letsetsa Wellington ho 011-883-8829.
Charlotte Stafa le Modulasetulo wa BONA Empowerment, Joyce Skefu.
Mageu Number 1 Small Business Awards -
kopana le Mohlodi wa rona wa Hlakola
Classic Wares cc ke khampane e ikgethang ho rekisetsa dikgwebo tse ding dimpho, diaparo tsa ho sebetsa le tsa ho itshireletsa. E thehilwe ka Hlakola 2004 ke Mokete Mofokeng wa Tembisa. Kajeno e se e ingodisitse Lefapheng la Kgwebo le Indasteri, e na le batshehetsi ba ballwang ho 160 ka kgwedi. E hirile batho ba bararo ba sebetsang ka ho feletseng ba tsamayang hohle ba batla batshehetsi empa Mokete le yena o sa ntse a sebetsa ka thata ho netefatsa hore sohle se etsahala ka tsela.
Re a o lebohela ha o kene ho makgaolakgang a Mageu Number 1 Small Business Awards. Mageu Number 1 e o rolela kgaebana! [s]
Mokete Mofokeng, mohlodi wa Hlakola, o amohela tjheke ya hae ya R2 000 ho Dorah Ditshwene.
BONA SESOTHO - June 2006
