SESOTHO.2790.Swazi
Morena Mswati III e ka nna yaeba morena wa bo 15 ka borui lefatsheng empa ke e mong wa marena ao setjhaba sa ona sa ba 70 lekgolong se phelang bofutsaneng bo tshabehang athe le mmuso wa hae o aparetswe ke dira. Ka lehlohonolo ho na le ba ikemiseditseng ho o sireletsa empa na bokamoso bo tla ba botle?
Batho ba phelang le HIV ba bangata Swatsing le ho feta dinaheng tse ding kaofela tsa lefatshe
HO KETEKA dilemo tse 40 tsa tswalo le tsa tokoloho ya Swatsing, Morena Mswati III o ne a hlophise moketehadi wa 40/40. Ha ketekwa ho fihlella dikgweding tse mmalwa tse fetileng. Banyefodi ba hae ba re a ka be a entse mekutu ya ho sireletsa borena ba hae ho feta ho keteka.
Dira tsa hae di kotsi le ho feta tsa dipolotiking. Tseo ke Lefuba mmoho le kokwanahloko ya HIV. Palo ya batho ba phelang le kokwanahloko ya HIV e hodimo haholo Swatsing ha e tshwantshwa le ya dinaha tse ding tsa lefatshe. Ba etsa karolo ya boraro ya batjha. Bang ba re sethepu ke sesosa se seholo. Ba bang ba batho ba se ratang ka dipelo tsa bona kaofela, ke yena morena ka sebele, o bile o na le basadi ba 13. Naha ena e batho ba milione, e na le tlhaselo e kgolo ya lefuba, ho ya ka Themba Dlamini, mookamedi wa matjhaba wa leano la Lefuba.
"Le matla ho ba dilemong di pakeng tsa tse 14 le tse 39," ho bolela yena. Ho tloha ka 2007, dipalopalo di bontshitse hore ba 40 lekgolong, ba dilemo di ka tlase ho 15. Lefuba ke sesosa se seholo sa lefu hara batjha bana. Hape, ditlaleho tsa matjhaba di bontshitse hore setjhaba sa Swatsing ha se hole ka tshwanelo - ho shwa batho ba bangata ho feta ba tswalwang."
Ke ka moo maemo a leng mabe ka teng ho ya ka banyefodi ba mekete ena ya 40/40, eo ho tla sebediswa ho yona tjhelete ya mmuso.
"Tabeng ya Lefuba teng, phephetso e kgolo naheng ena, ke hore batho ba hlahlojwe e sa le nako mme ba fumane kalafo e nepahetseng," ho bolela Rejoice Nkambule, ya sebetsang Lefapheng la tsa Bophelo la Swatsing.
Bofutsana setjhabeng sena le bona bo a tshosa. Ha Morena Mswati III a ballwa hara marena a 15 a ruileng lefatsheng lohle, ba 70 lekgolong setjhabeng sa hae, ha ba tsebe le hore ba tla robala ba jeleng.
Re ka etsa mohlala ka Themba Lushaba (37), eo o ka nahanang hore ke leqheku, ha ho tshepo ya hore o tla kopanya dilemo tse 40. Ho bile ho thwe, batho ba Swatsing ba lebelletswe ho phela dilemo tse 42 feela. O ntse a tshwedimisa mahlo ka mokgorong wa habo mane Hluti, tikolohong ya Shiselweni, moo ho dulang kotara ya setjhaba sa Swatsing, se sa kgoneng le ho lema ka lebaka la komello. Ba habo ha ba na pere kapa koloi kapa yona sente ya ho etsa matsapa a hore a iswe sepetlele.
Batho ba mahaeng a Lushaba, ha ba sebetse. Ha ba leme, ha ba kotule. Ho tloha ka 2000, lelapa le neng le ena le ditho tse 33, le hlokahaletswe ke ditho tse 15, re bala bana le batho ba baholo. Maemo ana a mabe a entse hore mekgatlo le batho ba ikemetse, ba pokole, ba batle ho lwantsha kokwanahloko ya HIV le ya Lefuba.
LEFAPHA la tsa bophelo bo botle la Swatsing, National TB Programme le mekgatlo ya matjhaba ya Médecins Sans Frontières (Doctors Without Borders) mmoho le University Research Corporation kaofela ba sebetsa mmoho ho fokotsa tshwaetso ya Lefuba.
Batho ba bolawa ke tlala. Le lapeng lena la ha Lushaba ho jwalo, banyalani, Ellen le John, le kgaitsedi ya hae, ba sa tswa alafelwa Lefuba mme ba tlasa kalafo ya antiretrovirals hobane ba le HIV positive.
"Re hloka ho atamela bathong hore re tsebe ho ba thusa ka kalafo ya boleng le hona ka potlako," ho bolela Aymeric Peguillan wa Médecins Sans Frontières (MSF).
MSF e rometse dingaka le baoki ba Lefuba le HIV ditliliniking tsa Shiselweni. Ho thehilwe leano le letjha tliliniking ya Nhlangano moo ho alashwang Lefuba le kokwanahloko ya HIV - ba bona bakudi ba 70 ka letsatsi ho balellwa le bana.
Tliliniking ena, bakudi ba fihlela sebakeng se makgethe mme ka mora hore ba etswe diteko tsa HIV le tsa Lefuba, ba nehwa kalafo hanghang.Ngaka Aowa Hima Oumarou wa MSF o alafa bakudi ba Lefuba, le mathata ohle a tsamaisanang le lona ditliliniking tse fapaneng.
Multidrug-resistant TB (MDR-TB) ke ona mathata a maholo. Mokgatlo wa Bophelo bo Botle wa Matjhaba o se o lwantshitse MDR-TB mme e tjamelane le XDR-TB (mofuta wa Lefula o sa alafeheng) o lokelang ho pokolelwa ke lefapha la bophelo lefatsheng ka bophara.
"Re batla hore tikolohong ena lefuba le nkwe e le mathata a tshohanyetso," ho bolela Themba Dlamini, mookamedi wa leano la kalafo ya Lefuba.
Ho tloha ka 1999, HIV e ne e nkwe e le koduwa ya setjhaba, Swatsing. Palo ya batho ba hlaselwang ke lona, e nyolohile haholo ho tloha ka 1997.
"Kajeno re na le bakudi ba fihlellang ho 10 000 - ke palo e hodimo haholo naheng e nyenyane jwalo ka eo," ho bolela Dlamini.
Sepetleleng sa Hlatikulu haufi le Nhlangano, bongata ba bakudi ba Lefuba le sa alafeheng ba robatswa mmoho le ba bang athe kamohelong ya bakudi ya Manzini, ho tletse bakudi feela, ba kgohlelang le ba sa kgohleleng, ba bipetsane mmoho. Se seng se Moneni, se seholo, ke sa sejwalejwale, seo ho thweng ho tla amohelwa teng bakudi ba nang le mafu a sa alafeheng feela empa ha jwale ha se so bulwe.
MDR-TB le yona e a alafeha ha e fumane kalafo e nepahetseng, le Thobile Mthetwa ke paki. O HIV-negative, mme o dilemo di 31, o se a phetse nako ka mora ho hlaselwa ke lefu lena. O ne a se a omeletse, e le masapo empa kajeno o boetse mmeleng wa hae.
Jwalo ka ba bang le yena a ka nna a boela a hlaselwa ke Lefuba hape jwalo ka batho ba bang ba Swatsing.
Ho bohlokwa haholo hore baokamedi ebe mohlala setjhabeng.
Hona jwale Lesotho ke ba 23 lekgolong ba phelang le kokwanahloko ya HIV mme ke palo e betere haholo ha e bapiswa le Swatsing.
Baetapele ba Lesotho ke mehlala setjhabeng sa teng. Ho tloha ka 2004 tonakgolo ya teng, Pakalitha Mosisili o ne a etse diteko tsa HIV ho kgothatsa setjhaba. Ha ba tshwane le morena wa Maswatsi, ya sa kgothatseng setjhaba ka boitshwaro thobalanong.
Leha mmuso wa hae o reketla jwalo, ba lefapha la tsa bophelo bo botle le ba bang bohle ba amaneng le lona ba bolela hore ba tobane le pharela.
Jwale na baetapele ba habo rona ba dipolotiki ba tla ke ba qetelle ba ithutile ho ba mohlala setjhabeng mabapi le tsa bophelo bo botle kapa batho ba tla nne ba shebellwe jwalo ba eshwa sa ditshintshi?[s]
Pale: Claire Keeton
FEATURENET.CO.ZA
KODUWA YA SWATSING
Themba Lushaba, 37, o phateng tse tjhesang. Ba leshome le metso e mehlano ba lelapa la habo ba se ba iketse badimong.
TSA SWATSING
