sotho.2789.sculptor
O betla dithupa
O rata ho ikahela lebitso ho tsa setso...
JOHN MABASA o bonahala e ka ke sebini sa mmino wa hip-hop jwalo ka ha a lohile hloohong, a le masale ditsebeng, a le sefaha se setenya sa kgauta molaleng, athe le diaparo le mahlo a hae le tsona di paka seo. "Teng ke a e rata hip-hop," ke yena eo.
Empa he ha se yona ntho e pelong ya hae haholo. Seo a se ratang ke...
Ditshwantsho tse betlilweng ka thupa tse kgahlang ha o di sheba. Di a kgahla...
Ngwahola o ne a kotjwe hore a kenele dikgau tse pele tsa bonono Afrika Borwa.
"Empa," ho rialo Mabasa,"mosebetsi oo ba neng ba re ke kenele ka ona o ne o so ka o fela."
Mohlankana enwa, o tswa sebakeng sa Thomu, haufi le Giyani, mane Limpopo mme o re haesale a bo rata bonono ho tloha bongwaneng ba hae.
"Ke ne ke akanya ditshwantsho tse ntle haholo nakong eo ke neng ke etsa Grade 3," ke yena eo a ntse a tsheha.
Ke ha ke fihla sekolong se phahameng moo ke neng ke kgone ho kenela ditlhodisano, ka ba ka hapa R10 000 ka ho akanya letshwao la sekolo.
Ke moo a neng a hlokomele hore a ka kgona ho iphedisa ka mosebetsi ona.
"Ke ne ke sebedise tjhelete eo ho etsa dithuto tsa graphics design ka mora sehlopha sa leshome," ho hlalosa yena.
Tjhelete eo e ne e mo lahle ka lehare, a tlameha ho kgutlela lapeng. Empa ha a ka a nyahama. O ne a kope ho etsetsa dikolo le dikgwebo tsa ka habo matshwao mme a o fumana monyetla oo.
Mabasa, ya dilemo di 24, o motlotlo haholo ka mosebetsi oo wa hae.
A ka o bontsha dintho tsohle tse teng lefatsheng ka matsoho ao a hae. O ne a qale ho betla hona ka 2001, a etsa dintho tse ngatanyana tse kang dinoha jwalo jwalo. Ha a ka a ba a kgona ho tswelapele hantle ho fihlela ka 2004 hobane o ne a hloka disebediswa tse nepahetseng.
"Ke ne ke tlohele hobane ke bona ho le boima ho sebetsa ntle ho disebediswa," ke yena eo.
Empa jwale o kgutlile ka sekgahla. Mosebetsi wa pele a neng a qale ka ona, ke letshwao le leholo la ANC leo a neng a le qete ka kgwedi feela. Hang ka mora moo, o ne a etse letshwao la mmuso.
Ka mora moo, o ne a etse tse ratwang ke yena, tseo a di bitsang Basambilu, "thatohatsi ya pelo ya hae."
Setshwantsho seo se bontsha mosadi wa motho e motsho ya pepileng ngwana a bile a rwetse nkgo hloohong.
"Ke e bitsa Basambilu hobane e bontsha bomme ba habo rona ba dutseng ba etsa mosebetsi oo ka dipelo tse tshweu," ho rialo John ka ditlhong.
"Ha ke so o qete; ke sa tlameha ho mo apesa." O betlile le monnamoholo e mong ya mmitsang Novela.
Ke ngwahola moo a neng a qale ho betla setshwantsho sa Mopresidente wa mehleng, Nelson Mandela.
Ditshwantsho di ntle haholo, o bona hobane a se a o supisa hore ho teng moo di sa qetwang teng.
Ditshwantsho tsena di telele ho mo feta mme o tlameha ho hlwa ka leri ho ka kgona ho di qetela.
Batho ba dutse ba sheba mosebetsi ona wa Mabasa mane Giyani Sports, Arts And Culture Centre (GSACC), moo a betlelang teng.
Leonorah Mdanisi wa ha GSACC, o bolela hore o mmona a sebetsa hore o na le talente.
"Ka nako e nngwe, o sebetsa bosiu kaofela mme sena se bontsha boinehelo ba hae," ke yena eo.
Mabasa o re o a o thabela mosebetsi wa hae.
"Ke ntho e ntle ho sebetsa sebakeng se kgutsitseng moo ke imamellang lehlaso la mmino wa ka feela. Ka nako e nngwe ho fela matsatsi a mabedi ke sa robale."
O bolela hore bonono bona ke ntho ya leloko hobane ntatae le yena ke mmetli leha a sa ithuta ho yena, athe le mmae le yena ke sebopi.
"Batswadi ba ka ba makaditswe ke katleho ya mosebetsi wa ka."
Ausiae o dutse a mo rorisa ha a mo etetse a re: Ena ke mpho a e filweng ke Modimo. Ke yona tsela eo re ka hlalosang mpho ena ya hae ka yona."
Mabasa o rata ho tsebisahala matjhabeng.
"Ke rata ho tsebisahala matjhabeng mme ke tshepa hore batho ba tummeng ba matjhaba, ba tla nkopa hore ke betle ditshwantsho tsa bona," ke yena eo. " [s]
African Eye News Service
BONA SESOTHO - May 2006
LE LETSHEHADI: John le setshwantsho sa Madiba. Senono sena se qadile mosebetsi ona hantle ka 2004.
pale le ditshwantsho ka THANDEE N'WA MHANGWANA/AENS
O batla ho ba senono sa matjhaba
KA HODIMO: Senono sena le letshwao la ANC.
BONA SESOTHO - May 2006
LE LETONA: Basambilu - setshwantsho sa John sa mosadi seo a so kang a se phethela.
