sotho.2778.teensep
BONA - August 2007
KGATISONG ya rona ya kgwedi e fetileng, re buile haholo ka botjha le ka moo botjha le ho ba le dilemo tse ka tlase ho tse 20 ho seng ho sebediswa ka matla ka teng ke borakgwebo ha ba etsa dipapatso tsa dietswa tsa bona haholoholo ha ba batla ho nyolla palo ya theko ya diselefoune, diaparo le mmino.
Botjha bona bo boele bo ferekanye batho ka nako eo ho seng ho buuwa ka diphetoho tse etsahalang mmeleng dilemong tse 13 ho ya ho tse 19. Sena ha se a lokela ho etsahala ho lona dikgaitsedi tsa ka le lona baena - ha ho lebaka le etsang hore ngwana a ikutlwe a sa lokoloha ha a hola diolamolora mohlomong a le dilemo di 11.
Ha re bua ka diphetoho mmeleng wa ngwana ya kenang boholong, re bua ka ho hola ha mmele. Ho kena borwetsaneng kapa bohlankaneng e leng se etsahalang ha bana ba bang ba le dilemo di 10 ho fihlela ba eba le tse 20, empa ba bangata diphetoho tse kgolo di fela pele ba kena dilemong tse 20.
Tsena tsohle di qala kelellong. Ho na le tlhala e nyenyane le mmala o mothokwanyana e kang erekise e ntshang di-hormones tse kenang mading.
Ka Sekrike lentswe lena hormone le bolela hore "lokisetsa ho tsamaya", tsona ke dikhemikhale tse tsamayang ka hara disele mmeleng.
Di-hormones di ka tsamaya mading a motho di mo bolella hore itokisetse ho lwana kapa ho baleha kapa di laele masole a mmele hore a qale ho sebetsa kapa yona pelehi hore le yona e kene tshebetsong.
Banneng pelehi ya bona e mareteng ha basading e le popelong. Di-hormones tsena di hlokomedisa ditho tsa pelehi hore di phaphame mme di qale ho hola.
Tsona di arabele ka ho ntsha lero le bitswang androgens. Banneng hormone e matla haholo ke e bitswang testosterone ha basading e le oestrogen le progesterone.
Ketsahalo ena e etsahalang mmeleng wa motho ha o hola, e qetella e tjhentjhile tjhebeho ya hae ka kakaretso.
Ke tsena tse ding tsa dintho tse totobalang haholo. Hopolang hore sena ke ho okola feela ka hodimo baena le lona dikgaitsedi - diphetoho tsena di a siana athe tse ding tsona di etsahala ka nako e le nngwe...
BANANA
1) Diolamolora: Sena ke sesupo sa pele sa hore ngwanana o a hola jwale, o mela diolamolora. Ho qala ka hore ho be le dikaqa ditlhokong mme ka mora dilemo tse pedi ho ya ho tse tharo diolamolara tsena di nke sebopheho sa matswele jwale.
Jwalo ka ha ngaka e nngwe e re boleletse hore matswele a basadi a fapana haholo ka sebopeho le boholo, ka hoo ho ke ke ha re thusa ho kala kgolo ya ngwana ka boholo ba matswele a hae.
2) Maboya: A phakisa ho bonahala sethong sa bosadi mme dilemong tse pedi ka mora moo a be a se a tletse hohle. Bananeng ba bang a mela le pele ho diolamolora.
3) Popelo le setho sa bosadi: Setho sa bosadi se tjhentjha tjhebeho ha oestrogen e se e etswa ka bongata mme se ba setenya se tjhentjhe le mmala. Ho tswa lero ka tlase ke ntho e tlwaelehileng. Le ditho tsa popelo di a hola.
4) Dinako tsa sesadi le pelehi: Ho ya nakong lekgetlo la pele ho atisa ho etsahala ngwana ha a le dilemo di 12.
Dinako tsena ha di tsitsi hantle dilemong tse pedi tsa pele di qadile. Ke tsa bohlokwa bakeng sa pelehi. Dilemong tse pedi di qadile ha se hangata dinako tsena di tsamaisanang le ho tswa ha lero. Ka mora dilemo tse pedi, ke hona moo dinako di qalang ho tsamaisana le lero le lesweu le tswang ka makgetlo a mangatanyana selemong.
5) Mmele: Ke nakong ena moo mmeleng o boetseng hape o tjhentjhang sebopeho, letheka le ba sephara mme le molomo wa popelo o a buleha.
Ka bomadimabe, banana, mmele ya lona e na le mafura a mangata ho feta ya bashanyana haholoholo matsweleng, diphakeng, maraong le diropeng - ke tsona tsena tsohle tse etsang hore sebopeho sa mosadi se ikgethe hara banna.
6) Lephoka la mmele, ho tjhentjha ha letlalo le dihloba: Jwalo ka bashanyana, banana le bona ha ba ntse ba hola ba ba le lephoka le lebe le kang la batho ba baholo hobane mmele ya bona e se e hlahisa mafura a mangata, ke ka hona ka nako e nngwe ba qetellang ba tswile dihloba, tseo hangata di felang ha ba kena dilemong tsa
bo 20.
BASHANYANENG
1) Boholo ba marete, ho sebetsa ha ona le pelehi: Marete a qala ho hola mme hangata ke sona sesupo sa pele sa ho hola. A ntsha hormone, eo e leng yona sesosa sa diphetoho tse ngata bophelong ba monna.
2) Maboya: E nngwe phapang e bonahalang haholo le hona ka pele. Maboya a qala ho mela ka tlase athe banna ba bang bona ba mela le mohwete diropeng ho ya tswela le mpeng.
3) Ditedu: Ho ntano qala ho bonahala ditedu le maboya a mang ka mahafing. Mohwete o be mongata le ditlhafung, sefubeng le matsohong. Le ho hola ha moriri ho a tjhentjha, haholoholo bathong ba merabe e meng.
4) Lentswe le tie: Kodu le yona e a tia banneng esitana le basading. Empa banneng e matla haholo ke ka hona le mantswe a bona a qetellang a se a tia, ekare ba buela fatshe.
5) Bolelele: Ba hola hanyenyane ha ba tshwantshwa le banana empa ba hola nako e telele. Maoto le matsoho a hola haholo le ditlhafu mme ho latele le mmele kaofela.
Monna ha a kena dilemong tse 20 o ebe a se a ena le masapo a boima le mesifa e matla ho feta ya mosadi. Mesifa e tia ha monna a se a hodile ho lekana mme e ka nna ya tswelapele le ho hola le ka mora hoba e se e le motho e moholo.
6) Lephoka la mmele, letlalo le dihloba: Ho tswa ka bongata ha androgens ho eketsa mafura mmeleng wa monna mme a fufulelwe ka matla, a qetelle a se a nkga mofufutso. Hape o tswa le oli e ngata e leng se etsang hore a qetelle a metse dihloba. [s]
Maboya
... le diphetoho tse ding - kapa sohle seo o batlang ho se tseba ka ho hola empa o swabiswa ke ho botsa
Mahlomahlong le Fat Charlie
BONA SESOTHO - September 2007
u
t
KE SEFE SE TLWAELEHILENG"
Di ngata dintho tse bontshang ho hola leha dilemo tsa ho hlola tsona di tla dula di fapanang baneng ka ho fapana ha bona ho ya ka serabe le ka malapa a habo bona.
Tsena di kenyeletsa le maemo ao motho a holelang ka hara ona jwalo ka phepo. Ha re etsa mohlala: dithuto di bontshitse hore ho se fumane calcium e lekaneng dijong ho diehisa kgolo ya ngwana, ho bakela le bohatsu ka nako eo a leng dinakong mme hape ho thefula le masole a mmeleng wa ngwana hona hoo a ka nnang a hlaselwa le ke mafu a mefutafuta.
Le sebaka seo o dulang ho sona se etsa phapang - bana ba holelang sebakeng se hole haholo le bophahamo ba lewatle. Hape banana ba ikwetlisang haholo jwalo ka ba kenelang mabelo kapa ba tsamayang maeto a malelele ka maoto letsatsi le letsatsi - le bona ba ka nna ba dieha ho kena borwetsaneng.
Hape ho se ho bonahetse hore bana ba se ba phakisa ho kena boholo dilemong tsena. Dilemong tsa bo 1840 ha re etsa mohlala, ka kakaretso ba ne ba kena boholo ba le dilemo di 15 ho ya ho 17. Empa matsatsing ana ho se ho tlwaelehile hore bana ba bontshe ho kena boholong hang ha ba kena selemong sa bo 12. [s]
BONA SESOTHO - September 2007
Maboya
