sotho.1171.eat
EJA HANTLE!
MATHATA A DIJO - 2
Hlola theko e hodimo ya dijo ka ho sebedisetsa sente e nngwe le e nngwe ya hao molemong wa hao. Pale ka Patricia McCracken
BONA SESOTHO July 2008
HO REKA korosare ha ho sa le monate jwalo ka pele haesale theko e nyoloha. Ho bohloko, ho ya ka National Agricultural Marketing Council, hobane theko ya dijo e nyolohile ka 16% ka selemo, e leng sesosa se seholo sa sekoboto.
Petrole e nyolohile le yona ka 40% ho tloha bohareng ba 2006, mme e tla be e le ka hodimo ho R10 litara, mohlomong ka nako eo o balang pale ena. Le tjhelete ya tswala e a nyoloha.
Bafuputsi ba BONA ba tsa theko, ba shebisisitse manane a thekiso a kajeno ba a tshwantsha le a ka 2001. Ha totobala hore dilemong tsena tse leshome ho tloha ho 1991 ho ya ho 2001, re hutse ka faletse ha ho tshwantshwa le dilemong tse supileng tse fetileng.
Tse ding tse neng di rekisa hantle pele, ke tsona tse seng di tura:
Oli ya ho pheha, e nyolohile ka 141% dilemong tse supileng - empa ka tse 422% ho tse 17.
Mahe ka tse 133% ho tse supileng - tse 381% ho tse 17.
Reise ka tse 96% ho tse supileng - 205% ho tse 17.
Ke nako jwale ya hore re etse matsapa a ho hlola pharela ena hore re tsebe ho phela...
NTLAFATSA BOKGONI BA HO REKA
Se reke korosare o lapile: O ka qetella o rekile dintho tsohle tse monate ka lebenkeleng leo mme o lefe tjhelete e ngata ho feta eo o neng o lebelletse ho e lefa.
Ngola tseo o di hlokang: Ho nyolosa o theosa ka lebenkeleng o batla seo o se rekang, ho ka etsa o qetelle o rekile le seo o neng o sa se hloke.
Qamaka: Lebenkeleng le leng le leholo leo setsebi sena sa rona se ileng ho lona, ho ne ho behilwe setaka sa mahe qetellong mane, a tshiretse mme a bitsa hantle hobane a ne a le ka tlase ka R1,40 maheng a mang a maholo! Hlokomela maqhekanyana a dipakana - ho ne ho tlwaelehile ho reka pakana ya 2kg ya dirope tsa kgoho. E theotswe jwale ke 1,5kg mme o ka nahana hore theko e theohile athe le ya 2kg e se e ena le maqa a seng matle hakaalo.
Kgetha theko e seng khampane: Ke mona moo setsebi sena sa rona se fumaneng manyofonyofo - litara ya lebese la long-life, ha re etsa mohlala, le fapane ka 37% pakeng tsa R6,99 le R9,59 ho ya ka dikhampane. Theko e hodimo ya sejana sa majarine sa 500g ke R26,99 - e leng phapang ya 350% ha e tshwantshwa e seng ka sejaneng ya R5,99!
Tseba lelapa la hao: Itlwaetse ho reka dijo tse ratwang ke lelapa tse entsweng ke dikhampane tse bitsang hantle. Mohlomong ba ka nna ba lla ka hore tatso e fapane hanyenyane, empa leha di ntse di le monate le tsona - mme ba nne ba di je. Se ba hatelle ka tseo ba sa di rateng hobane o ka qetella o sentse tjhelete di sa jewe ke motho ka lapeng.
EJA TSE PHEPO
Setatjhe ha ebe motheo wa poleiti ka nngwe eo o e phakang: Dijo tse kang poone, bohobe, reise, ditapole kapa patata, di a kgurisa ho ya ka Carol, mme o re di lokela ho motheo wa poleiti ka nngwe.
Poone ke ya mantlha: Cake flour e nyolohile ka 52% ka selemo, spaghetti ka 47% ha reise yona e le 13%. Poone eo e leng mohlodi wa setatjhe e theko e tlase mme e nyolohile ka 5%. Boloka tjhelete ka ho reka yona ho feta ho reka bohobe kapa reise. Leka ho pheha papa e bonolo bosiu o tla e sebedise dijong tsa motsheare ka le hlahlamang.
Tse ding ntle ho nama: Tse ding tsa dijo tse bitsang haholo di etswa ka nama ya diphoofolo, ho ya ka Carol empa ha o hloke ho di ja kamehla hore o dule o phetse hantle. Boloka tjhelete ka ho reka dinawa, dierekise, lentils le soya kgafetsa - di thusa ho aha mesifa, di matlafatse mmele, hape di na le ditlheferetsi. Ha le tlala moya ka maleng, ejang tse nyenyane ho fihlela mala a di tlwaela. Kotikoti ya tlhapi, e na le phepo, athe kase le yogurt ke mokgwa o bitsang wa ho ja tse entsweng ka lebese. Bana, baimana le batswetse ba tlameha ho nwa lebese leha e le la mafi kamehla.
Se lebale ditholwana le meroho: Ba bangata Afrika Borwa, ha ba di je ho lekana ka letsatsi ho ya ka Carol, empa re hloka phepo haholo divitamin, ka ha di re boloka re phetse hantle. Theko ya meroho e nyolohile ka 33% selemong sena se fetileng mme bang ba re ha ba sa na tjhelete hohang ya ho e reka. Empa Carol o re kilograma ya nama ya kgomo e bitsa R40 ha ya mokopu e bitsa R5.
Eja meroho haholo: Eja meroho e mengata ha ditholwana di bitsa. Itemele yona mmoho le difate mme o kgothalletse le baahisane ho etsa jwalo, o kge le ditholwana le meroho e imemelang naheng jwalo ka wa thepe.
HANA HEHEHE!
Se reke dijo tse rekwang di se di phehilwe: Ho molemo ho iphehela ka bowena lapeng.
Ho ja diseneke: Phema diseneke tse kang ditjhips le dipompong, ke keletso ya Carol eo - ha di na phepo hape di bitsa haholo.
Tseba manane: Ditholwana tse rekiswang mebileng di ka nna tsa bitsa hantle - empa tseba hore mmethe o bitsa bokae mabenkeleng, e le hore o tsebe ho hlokomela ha o se o jewa mmetwane. [s]
NATEFELWA KE TSE DING
Sheba mengolo: Kgothalletsa ba lelapa ho nwa metsi a pompong ho feta a rekwang mabenkeleng kapa tsona dino. Ha o reka seno, qala ka ho sheba manane a thekiso pele o reka. Setsebi sa rona se hlokometse hore o ka nna wa lefella litara ya seno sa ditholwana sa 100% mohlomong R10,89 kapa R7,49 - athe le yona ena e theko e tlase e na le calcium. Phapang ke hore feela e na le 20% ya ditholwana, ke ka hona e bitsang R7,49, athe "fruit punch" e nang le 51% ya ditholwana e ne e bitsa R7,99!
Matlafatsa lelapa: Ha ba lelapa la hao ba phetse hantle, ha o hloke ho reka dijotlatseletso tsa divitamin le diminerale tse bitsang. Bakeng sa tsona, o ka reka dijo tse nang le phepo e ekeditsweng. Ka molao, ho ya ka moo setsebi sa tsa phepo, Carol Browne a bolelang ka teng, letswai le lokela ho ba le iodine mme dijo tsohle tse entsweng ka phofo ya poone le koro (esitana le bohobe ba folouru) di tlameha ho ba le vitamins A, B1, B2, B6, niacin, folic acid, iron le zinc. Sheba le majarine, ena le vitamin A, D le diminerale; dijo tsa ditholwana di na le calcium; esitana le di-cereals tsa hoseng.
Latela mokgwa wa tlhaho: Pheha moroho le ditholwana tse nang le vitamin A letsatsi le letsatsi, ke keletso ya Carol eo, o tshele oli e nyenyane ha o pheha. Kgetha pakeng tsa dihwete, sepinatjhe, mokupu, patata, pawpaw kapa mango.
ke ka moo theko ya reise e nyolohileng ka teng dilemong tsena tse supileng tse fetileng
BONA SESOTHO July 2008
