SOTHO.2774.stars
BONA SESOTHO - February 2007
Se bolelwang ke dinaledi
Mosebetsi: Se ka ba lesisitheho, ithaope ho etsa ho hong - o tla atleha.
Bophelo: Etsa ntho e mokgelo, e thabisang mme e tla o matlafatsa.
Tjhelete: Pele o reka letho le leholo, qala ka ho qamaqamaka.
Lerato: O tumme, ka hoo, bophelo ba hao bo tla ba maphathephathe mme bo tla o thabisa.
Mosebetsi: Etsa malebaleba a ho fihlela ditoro tsa hao - ha ho lebaka le ka etsang hore o se di fihlele.
Bophelo: Ke nako ya ho lekola seo o se jang! Tjhelete: Haeba o le hlokolosi, o ka nna wa kena ditumellanong.
Lerato: Ke nako ya nyakallo dikamanong. O na le kutlwisiso.
Mosebetsi: Sheba bokamoso. Itshepe o rere e sa le nako.
Bophelo: O mahlahahlaha o bile o matlafetse. A ko qale mosebetsi o mong o motjha
Tjhelete: O motjheng o motle wa ho laola ditjhelete tsa hao.
Lerato: Thabisa moratuwa wa hao hore le yena a o thabele.
Mosebetsi: Ho itshepa ha hao ho bontshitse katleho e kgolo.
Bophelo: O tlasa kgatello, ka hoo netefatsa hore o ipha nako ya ho phomola le ya mosebetsi.
Tjhelete: Ntlafatsa motse wa hao haeba o na le tjhelete.
Lerato: Natefisa dikamano ka ho thabisa moratuwa wa hao.
Mosebetsi: Dipuisano tsa kgwebo di tla atleha ho feta ka moo o neng o lebeletse.
Bophelo: Iphe nako e anetseng ya ho ikwetlisa.
Tjhelete: Dintlafatso tse etsahalang di o etsetsa molemonyana wa tjhelete.
Lerato: Dikamano tsa hao di tla hantle mme le molekane wa hao o a o tshehetsa.
Mosebetsi: Bontsha motswari wa hao hore o na le boikarabelo jwalo ka ha a bona.
Bophelo: Ipoloke o phetse ka hore o ikwetlise.
Tjhelete: Tabatabelo ya bophelo bo monate e tla etsa o iketsetse tjhelete.
Lerato: Haeba o se na molekane, se iphapanyetse motho ya bontshang thahasello.
Mosebetsi: Bontsha tjheseho mosebetsing wa hao mme o tla atleha.
Bophelo: Tsepamisa maikutlo a hao mmeleng wa hao. Kena dipapading o ikwetlise.
Tjhelete: Ke nako e nepahetseng. Lehlohonolo le ka ho wena.
Lerato: Thabela ho qeta nako e ngata le moratuwa wa hao.
Mosebetsi: Hopola hore tsebo ke matla ka hoo, tsetlallela ho ba le tsebo.
Bophelo: Phuthuloha o iphe nako ya ho ikwetlisa haeba o ikutlwa o kgathetse.
Tjhelete: Hlokomela lehlohonolo le tla fetola bophelo ba hao.
Lerato: Ke nako e maphathephathe, ithabise le bao o ba ratang.
Mosebetsi: O tla ba le lehlohonolo. Sebedisa monyetla ona ho ntlafatsa maemo a hao a moruo.
Bophelo: O rata kgotso, hape o a itshepa, ka hoo dintho di tla o tsamaela hantle.
Tjhelete: Mesebetsi e metjha e tla o thusa
Lerato: Tsepamisa maikutlo o ahe dikamano tse ntle tsa lerato.
Mosebetsi: Ke monyetla wa ho intlafatsa. O na le kgatello, nka bohato.
Bophelo: Hlokomela tsela o jang ka yona. Ntlafatsa bophelo ba hao.
Tjhelete: Melemo e bonahala e o tlela. Lerato: Dikamano tsa hao di tla hantle. Haeba o se na molekane, ho teng motho ya ikgethang o tla kopana le yena.
Mosebetsi: Sebetsa ka thata haeba o batla ho atleha.
Bophelo: Ikwetlise hobane le kelello ya hao e tla sebetsa hantle ha o phetse hantle.
Tjhelete: Fetola tjhebeho ya hao hore o tsebe ho kgothala moyeng.
Lerato: Ena ke nako e o tlelang le menyetla ya thabo le nyakallo. Ka hoo natefelwa ke yona.
Mosebetsi: Tsepamisa maikutlo mosebetsing, dintho di o tlela hantle.
Bophelo: Hlokomela seo o se jang. Qoba dijo tse mafura.
Tjhelete: O tla ba le tjhelete mme o kgaohane le dikoloto tse ngata.
Lerato: E ba le mamello o be o tsepamise maikutlo a hao haeba o rata ho ba le dikamano tse tiileng tsa lerato. [s]
