sotho.2769.go explo
E babatsehang
neo
Kenny Shivambu le sehlopha.
BONA SESOTHO - January 2008
Go Explo
Sehlopha sa Limpopo seo barati ba mmino ba se thabelang hohle naheng ena
pale le ditshwantsho ka NEVILLE MAAKANA/NEWSFIRST
BA BINA jwalo ka ditswere le dithaha mme sekgahla seo ba keneng ka sona sedikadikweng sa mmino se a tshosa. Gospel Explosion, eo ba e bitsang Go Explo, ke sehlopha se ditho di 24 le dibapadi tse 6 tsa diletsa. Se ne se hlahelle ho TV mohla se neng se binela Presidente Thabo Mbeki se arolelana sebaya le Queen Of African Gospel, Rebecca Malope.
"Batshehetsi ba sona ba phethohakaka le sona ho fihlela mokete o fela," ho bolela Kenny Shivambu, ya neng a thehe sehlopha ka 2005, eo hape e le titjhere.
"Ke ne ke hlokomele ha ho se letho le etswang ho hlahisa neo ya mmino Limpopo, ke ka hona ke neng ke ithaope ho nka bohato ba pele," ho hlalosa yena. Mohopolo ona wa Kenny wa ratwa haholo ke masepala wa tikoloho ya Mopani le ba Munghana Lonene FM.
Lefapha la tsa Bonono le Setso la kgahlwa mme la nehela ka R1 million hore mosebetsi o tswelepele. Ka 2006, ha etswa diteko tsa mantswe mahaeng mme ba ka hodimo ho 400 ba tla iteka lehlohonolo. "Ka mora dihora re mametse mantswe a monate, ra kgetha batjha ba 30 bao re thehileng sehlopha ka bona," ho hlalosa Kenny.
Ka mora moo ha latela thupello ya ho lokisa mantswe. Dithuto tsena di ne di kenyeletsa le kwetliso ya mantswe, ho bina sebayeng, ho bapala diletsa le boitshwaro le dintho tse ding.
"Ka inehela ho sebetsa motsheare le bosiu ke leka ho lokisa dibini tsena ho di beha maemong," ho bolela Kenny, ya seng a hapile dikgau ka ho bintsha sehlopha sa Sekolo sa Poraemari sa Ritavi, lekeisheneng la Nkowankowa haufi leTzaneen.
Banna ba 12 le basadi ba 18 ba Go Explo ba lefuwa moputso wa beke ho etsa hore ba kgone ho finyella diporaktising.
Ba batla ho hlahisa albamo ya bona ya pele ka Mmesa mme phaello e tla arolelwa ditho ka ho lekana.
"Mmino o tjhenthjile maphelo a rona, re na le ditoro tse kgolo kajeno. Re lebelletse bokamoso bo botle," ho boletse se seng sa dibini Thalitha Mndlovu. [s]
NewsFirst
