sotho.2768.mansion
KA HODIMO LE KA TLASE: Ntlo ena e bontsha ka moo Seafrika le Sekgowa di kopanang hantle ka teng.
BONA SESOTHO - August 2007
KA HODIMO: Diipone le tsona di eketsa tjhebeho e ntle ya ntlo.
pale ka TESS VENTER
ditshwantsho ka VANESSA GROBLER/LOWVELD LIVING
Lelapa le mofuthu
Re lapeng le BONA
Motse wa Jabu le Phumi Magagula o kgabisitswe ka bokgabane mme o fetohile lalapa le mofuthu...
JABU Magagula o ne a bua le rona a eme ka karolong e nngwe ya kitjhene ya motse wa hae e moahong o ka tlase, a re: "O ka nna wa nahana hore o ka hara Kruger Park!"
O rialo hobane ha o sheba ka festere o bona difate tse kgolo athe le ka tlung difuluru ke tsa mapolanka hape monyako wa teng o o ntshetsang foranteng e ntle haholo bakeng sa ho phokela tee ya hoseng. Mona re na le kitjhene le ntlo ya ho jella tse moahong o ka hodimo.
Ha ho a tlwaeleha empa e molemo haholo ho Jabu le Phumi Magagula le bara ba bona ba babedi ba banyenyane.
"Ha o mengwa ho ya moahong o ka hodimo, o ebe o se o nkwa o le e mong wa ba lelapa," ho hlalosa Jabu.
Bona mmoho le banyalani ba bang, ke bathehi ba The Gifting Institute, e thusang dikhampane ho ntlafatsa neo ya basebetsi.
Jabu, ke e mong wa bana ba 16 lapeng la habo, o ne a hlahele KwaMhlushwa, ka borwa ho Malalane lebatoweng la Mpumalanga, mme thuto ke ntho ya bohlokwa haholo ho yena.
O ne a kopane le Phumi, wa Nelspruit, yunivesithing. Bobedi ba ne ba rata papadi ya tenese haholo mme Jabu o dumela hore bokgoni ba hae papading eo ke bona bo neng bo kgahle Phumi ka ho fetisisa.
Phumi o re ka motse wa bona o motle: "Re ne re rate jarete ya motse ona leha e ne e le wa moaho wa kgale tjena."
Ra ntjhafatsa moaho ona mme motho ha a kena o kenella ka phaposing ya ho ithuta le ka ho tse pedi tsa ho phomola. Moahong o hodimo, o bona jarete e ntle le difate, ha o le ka diphaposing tsa ho robala, ka kitjheneng le ka phaposing ya dijo.
Jabu le Pumi ba rata dintho tse tshwanang ke ka hona ho neng ho le bonolo ho kgetha mekgabiso ya ka tlung. "Re na le nako e telele re tsebana mme re ena le maikutlo a tshwanang ka ntlo ya rona," ho bolela Jabu.
Maboteng ho pentilwe ka mmala o tshwanang o tsamaisanang hantle le difuluru tsa mapolanka le menyako.Dibakeng tseo ho tsamayang batho ba haholo ho tsona ho kentswe dithaele tse mmala o kganyang mmoho le khaphete ya Persian.
Moahong o hodimo difuluru tsa teng tsa mapolanka di ntle bo babatsehang. Banyalani bana ba boetse hape ba etsa hore le siling ya bona ebe e ikgethang.
Jwalo ka Jabu, Phumi le yena o dumela hore kitjhene e lokelang ho ba phaposi e ikgethang ka lapeng.
"Ke rata ho pheha," o boletse jwalo, "mme ke hona mona moo metswalle le ba lelapa ba fihlelang teng."
O ne a kgethe mekgabiso ena dikamasineng, mananeong a TV mme a shebisisa dintho tsa ho kgabisa leha a etetse Joburg. Ho ya ka Jabu, metswako ya tlhaho ke yona e etsang hore lelapa le be mofuthu.
"Diphaposi tsohle di na le menyako moo o kgonang ho boha botle ba tlhaho. Ke thabela ho ba lapeng mona le mohatsaka le bana," ho bolela Jabu, "hobane ke hopola ka moo re sebeditseng ka thata ka teng kgwebong ya rona mme jwale re kgola ditholwana tse molemo." [s]
African Eye News Service/Lowveld Living
LE LETONA: O sa kgefoditse ka mora ho sebetsa ka thata, Jabu ke yena ya neng a shebane le tsa kaho ya ntlo ha Phumi a ne a hlophisa ka mekgabiso ya ka tlung.
LE LETONA: Jabu le Phumi ba na le dikgwebo tse mmalwa tse kenyeletsang le tsa lepato le lebenkele la diaparo.
u
BONA SESOTHO - August 2007
t
Difuluru tsa lepolanka di ntlafatsa ntlo
KA TLASE: Kitjhene e ntle - e moahong o ka hodimo wa ntlo ena - motseng ona o ikgethang.
BONA SESOTHO - August 2007
KA HODIMO: Bethe ya maemo eo motho a ka lorang ha monate ha a robetse ho yona...
Jabu le Phumi ba rata dintho tse tshwanang, ke ka hona ho leng bonolo ho bona ho kgetha dintho tsa ho kgabisa.
Mebala e tsamaisanang hantle e etsa hore sebaka sena e be se ikgethang haholo le ka phaposing ya ho hlapela.
Jwalo ka kitjhene, phaposi ya ho jela e moahong wa bobedi!
Mmala o motalanyala le o kganyang ka phaposing ena e etsa hore motho a kgatholohe ha monate.
BONA SESOTHO - August 2007
