sotho.2764.yfm
Pabi, Dineo, DJ Thabi le ba bang ...
KE SELEMO sa diphetoho tse kgolo diyalemoyeng tse 40 tse pele Gauteng. Tse ding tsa tsona ke ho kenya mehaladitwe e 11 e lenaneng la dibohodi tsa Yfm. Ba bang ba bona ke dibohodi tse tsejwang tsa TV, ba babedi ho bona ke bomabotle leha ba bang bona ba sa tsejwe - empa tsela eo ba buang esitana le eo ba tsamayang ka yona e ba fumanetse mosebetsi.
Haesale seyalemoya sena sa batjha sa Gauteng se ne se falle Joburg sa leba sebakeng se pele sa Rosebank, se ne se tjhentjhe moifo wa dibohodi tsa motsheare sa kenya mehaladitwe ya banana ba sa leng batjha ba kang Unathi Nkayi le Lee Kasumba.
Yfm jwale e neha banana bana monyetla wa hore ba kopanele a mang a mananeo a yona.
Lenaneo la hoseng hara beke le haswa ke sebohodi se pele sa TV Pabi Moloi, ya nkileng dithapo ho sebohodi se tummeng DJ Fresh.
"Eo e bile qeto e nepahetseng," ho rialo motshwari wa mananeo, Bondo Ntuli. "Fresh o na le boiphihlelo mme e ne e re ha a leba, ho 5fm, ka tseba hore ho tlameha ke fumane e mong ya nang le boiphihlelo. Eo he e bile Pabi."
Pabi o dilemo di 22 feela, empa nako eo a qadileng ho ba ho TV ka yona, e lekana hantle le eo DJ Fresh a bileng ho radio ka yona.Haesale e le thatohatsi ho tloha a le dilemo di 11 nakong eo a neng a hasa lenaneo la KTV Afrika ka bophara. Nakong eo a neng a qeta materiki, e ne e se e le kgosatsana ya makasine ya batjha ya SABC a bile a bina a tjeka le sehlopha sa Sonic Divas.
E ne e le e mong wa batshwari ba lenaneo moketeng wa Dikgau tsa Mmino tsa Afrika Borwa ngwahola, athe hape a hlahella letotong la morao tjena la Zero Tolerance, empa ka mora ho hasa lenaneo la hoseng ka hora ya bone ho Metro FM dilemo tse pedi kaofela, o ne a tlolele hodimo ha a fumana mosebetsi ona ho Yfm.
"Ke ne ke rata ho hlahisa bokgoni ba ka radiong mme Metro e ne e mphe monyetla," ke yena eo. "Ke ne ke le letswalo ho kena dieteng tsa Fresh, empa he ke ne ke rata ho fumana phephetso e kgolo."
SEYALEMOYA sena haesale se kgabola lebatoweng ho tloha ka 1997, empa ho lahlehelwa ke bamamedi ba ka bang 700 000 ngwahola, ho ile ha makatsa haholo.
"Bamamedi ba Y ba hola le rona mme jwale re tlo ba le dilemo tse 10, ba bang ba se ba le baholo ho re feta," ho rialo Bondo. "Re hlile re hasetsa batjha ba dilemo di 16-25, re rata ho kgutlela ho bamamedi bao ba rona. Dibohodi tsena tse ntjha di hlile di ho loketse hoo."
Pabi Moloi o qadile mona mohla 1 Mmesa, o tla sebedisa bokgoni ba hae bakeng sa letlobo lena le letjha. O bapala haholo mmino wa R&B, wa maikutlo a tswake hanyane le hip-hop.
O a tseba se hlokahalang lenaneong la hoseng - o ne a tlaleha tsa sephethephethe lenaneong la Jeremy Mansfield ho Radio Highveld mme ho Metro a sebedisana le Azania mmoho le Glenn Lewis.
"Batjha ba kajeno ba rata ho tseba hore ho etsahala eng," ke yena eo. Re qolotsa ditaba hohle bosiu kaofela, mme e re hoseng, re ba tsose ka tsona.
"Diyalemoya tsa SABC, di hasa naha ka bophara - di na le bamamedi ba bangata, leha ho le jwalo, metlae ya Yfm e tswa pele."
METRO FM e entse diphetoho ka ho neha naledi ya hip-hop Bad Boy T lenaneo la mantsiboya. Yfm yona ya kenya setlabolane se Dineo Ranaka ya dilemo di 22 lenaneong la ka nako eo. Enwa ke ngwana wa bo Manana Ranaka ya bapalang ho Stokvel.
Dineo o qadile ho TV paleng ya Gaz'lam ngwahola mme jwale o hlahella ho Mzansi.
O motle le radiong. Dineo o hasa lenaneo lena le mokaubere o Chilli M.
"Re hotse mmoho Vosloorus, ke hopola le mohla a fihlang heso a rekisa ditlolo," ho rialo Chilli. "Dineo ke ne ke ikgethele yena, o tlisa mofuthu studio, re tshwana le Batman le Robin."
Ke tseo he dikgosatsana tsena"...
Ha ho bobebe ho ditlabotjha ho qothisana lehlokwa le mehaladitwe ya Yfm e kang Unathi le Lee, Dre le Pabi. Empa Miss Teen wa 2003, Phuti Khomo le Mabotle wa Afrika Borwa wa 2002, Bridget Masinga le bona ba tlile ka sekgahla.
Phuti ya dilemo di 22, o sebetsa ka thata ho intlafatsa radiong. O ne a kgahlise Bondo Ntuli ditekong tsa bona mme a mo qala ka lenaneo la hoseng la mafelo a beke.
"Ha ke rate bonaledi," ke yena eo. O kene ho Yfm hobane o bontshitse bokgoni ba hae radiong. Ha o nepahetse, baditaba ba tla o latela."
DJ THABI, ya kenang busiu ka mafelo a beke, o bolela hore o ne e le dilemo di 14 feela ha Yfm e ne e qala ho hasa. O re le yena e ne e le e mong wa dimilione tsa batjha ba neng ba hlantshwa ke dibohodi tse kang Phat Joe, Rudeboy Paul le Bad Boy T.
"Ke a o rata mmino, empa ke ne ke sa nahane hore ke tla sebetsa radiong ena," ke yena eo.
Thabi o lefile R4 000 ho etsa dithuto tsa bobohodi ngwahola, empa o se a o kgotse molemo wa seo. O ne a nehe Bondo khasete ya diteko tsa hae mme kajeno o se a hasa lenaneo la ka meso ka hora ya 2-6.
"Ha ho nako ya ho phomola ho nna, nka be ke se mona haeba e ne e se ka mora ka," ke yena eo.
DJ Mpho Maboi, o hasa lenaneo la hara mpa motsheare ka Sontaha ka mora ho tlaleha tsa sephethephethe ngwahola lenaneong la hoseng la DJ Fresh.
"O kile a ntetsetsa a mpolella hore o rata lentswe la ka," ke ngwanana enwa ya dilemo di 25 a ntse a tsheha.
"Jwale kgomo e tlwaetse lekgulo leha ke qothisana lehlokwa le dibohodi tse ding tsa diyalemoya tse ding tse hasang mmino wa marato ka nako eo." [s]
BONA SESOTHO - July 2006
Seyalemoya se tlisang mehaladitwe moyeng
Ba a di dumisa banana
pale ka DOUG GORDON
1
1. Dineo Ranaka. 2.Phuti Khomo. 3. Unathi Nkayi. 4. Pabi Moloi. 5. Bridget Masinga. 6. Mpho Maboi.
3
4
BONA SESOTHO - July 2006
u
2
5
6
BONA SESOTHO - July 2006
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Ke ntshitswe beseng
Haufinyane ke ne ke palame bese le monna e mong ya neng a lwantsha mosadi a ba a mo hlaba ka thipa letsohong. Ka leka ho namola hore a se ke a mo hlaba hape.
Mokganni wa bese a emisa mme a ntsha monna eo ka beseng. A latela ka nna leha ke lekile ho hlalosa hore ha ke tsebe batho bao bobedi ke ne ke thusa mosadi eo feela hore a se bolawe ka thipa. Mokganni a se ke a nnatsa a ntahlela kantle beseng ka ba ka robeha leoto.
Mokganni e mong ya fetang ka tsela a mpalamisa koloi a nkisa sepetlele. Ha fela dibeke tse tsheletseng ke sa sebetse, ke opelwa. Nka kgona ho buseletswa ditshenyehelo tsa ka jwang"
GG, Soweto
lMokganni o ne a sa lokela ho o tshwara jwalo. Ketso eo ya hae, ke tlhekefetso. Ha o a lokela ho mo qosetsa ho o lefella ka bohloko boo o bo utlwileng feela empa o lokela ho kenyeletsa le ditshenyehelo tseo o keneng ho tsona le tseo o sa ntseng o tla kena ho tsona le kamoso le tahlehelo ya moputso wa hao wa matsatsi ao o neng o sa sebetse ka ona. Hape o na le tokelo ya ho mo qosetsa ho o tlotlolla hara batho.
O lokela ho qosa ba khampane ya bese eo a e kgannang - bona ba tla ba le tjhelete eo o e hlokang. Nyewe ya hao e a utlwahala empa o tla lokela ho fumana thuso ya leqwetha hobane ho tla hlokahala hore ho batlwe dipaki tse neng di le teng ha seo se etsahalang.
Tjhelete ya phaello
Nna le motswallaka re butse spaza shop mme ra lefa R2 500 motho ka mong ho reka thepa le ho renta. Kgwebo ya tsamaya hantle mme ra qetella re rekile ntlo eo re sebeletsang ho yona. Ntlo eo ya ngodiswa ka mabitso a rona bobedi. Ra bula lebenkele le leng hape lehlakoreng empa lona ra le rentisa. Tsohle tsa tsamaya hantle ho fihlela ke kenwa ke Lefuba mme ke dula sepetlele dikgwedi tse tsheletseng.
Ha ke kgutla ka fumana motswallaka a se a lelekile motho eo ya neng a hirile mme a kenya e mong. O hana ho mpha seabo sa phaello eo a e fumaneng tjheleteng ya rente. Na ha ke a lokela ho fumana letho tjheleteng eo. Nka etsa jwang hore ke e fumane"
JK, Port Elizabeth
lO tlameha ho fumana seabo sa tjhelete ya phaello. Empa qala ka ho tseba hore ke bokae eo ho buuwang ka yona. Kopa motswallao ho o neha dibuka tsa kgwebo, o bale hore o entse bokae ka nako eo o leng sepetlele.
Mohlomong ho bile le ditshenyehelo tse ding tseo a keneng ho tsona tse jwalo ka ho lefella ntlo, ha re etsa mohlala, kapa hona ho e penta kapa ho e hlwekisa. Tjhelete e setseng moo ke yona eo le arolelanang ka yona.
O ka boela wa kopa thuso ya setsebi sa ditjhelete, se o balle hore ho bokelleditswe bokae, ha sebediswa bokae le hore ho setse bokae, o tle o tsebe hore o mo qose ho o lefa karolo ya yona. O tla hloka thuso ya leqwetha ho bula nyewe. [s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
t
Ba a di dumisa banana
