sotho.2759.Today Project
Maqephe a projeke
ya Bona
Ekaba ba ne ba sa lore ho fihlela maemo a hodimo indastering ya difilimi- Dibapadi tsa kwano tse kang tsa filimi ya Tsotsi tse kang Charlize Theron wa Benoni ya bontshitseng hore ho sebetsa ka thata indastering ena ho tswala katleho. Kgatisong ena re lekodisisa bonono ba ho bapala dipale.
Dintlha tsena di qotsitswe letotong le bitswang Arts And Culture TODAY le phatlalatswang ke ba ha Maskew Miller Longman. Letoto lena la TODAY ke la bana ba Grade 7 ho ya ho Grade 9.
Dikarolo tsa pale
Dibapadi - batho ba bapalang. Ke bao ba tshwantshisang paleng, ho etsahalang ka bona- Ho bohlokwa ho tseba phapang pakeng tsa dibapadi le batho bao paleng e leng ka bona - dibapadi ke batho bana ba bapalang pale, empa e se batho bao pale e leng ka bona. Ha o bapala karolo ya
leqhekwana, wena ha o le leqhekwana, leqhekwana ke leo pale e leng ka lona.
Puisano - ke se bolelwang ke dibapadi, le tsela eo di buang ka yona.
Ketso - ke seo dibapadi di se etsang, ho tsamaya, ho dula, ho ema, tjhebeho ya sefahleho, ho
sisinyeha (ho kopanyetsa le ho tsamaisa matsoho le diphaka ha o bua).
Sebopeho - tsela eo karolo e hlophisitsweng - e qala jwang- Ho etsahalang bohareng ba yona-
E phethela jwang-
Mefuta ya dipapadi tsa sebaya
Dipapadi tsa setjhaba - e ba lentswe la setjhaba, ka yona ho fetisetswa dintlha tsa bohlokwa setjhabeng. Mofuteng ona wa papadi ha ho bapale batho ba profeshenale, ho bapala mang le mang ya ratang ho hlokomedisa setjhaba ka mathata kapa yona phephetso eo se tjamelaneng le yona.
Dipapadi tsa kgwebo - e sebediswetswa ho phatlalatsa dihlahiswa tse ntjha, ho aha khampane esitana le ho e bapatsa.
Dipapadi tsa indasteri - e sebedisetswa ho bontsha mekgwa ya polokeho, e hlalose mathata e ahe tshebedisano mmoho ho basebetsi.
Dipapadi tsa thuto - yona e sebedisetswa ho hlahisa dipuisano ka dintlha tsa bohlokwa kapa dithuto tse ratwang haholo.
BONA SESOTHO - July 2006
Sebapadi mona se
sebedisa matshwao a
matsoho le sefahleho
papading.
E loketse bana ba dilemo di 8-14.
Na o ne o tseba-
Zakes Mda, e mong wa dingodi tse pele tsa dipale Afrika Borwa o sebedisa dipapadi tsa phehisano mosebetsing wa hae a le thusana le Marotholi Travelling Theatre ya Yunivesithi ya Lesotho. Sehlopha sena se ne se
tsamaya metse le metsana se hlaba setjhaba
malotsana ka ka moo se ka ntlafatsang maemo a sona ka teng. Papadi ena e shebana le dintho tse kang ho lema dijo, basebetsi ba tsamayang dibaka le dibaka ka ho ya ka dinako tsa selemo, mathata a tahi mmoho le mekgatlo ya basebetsi. Hape o bua ka mekgwa eo a e lekileng dibakeng tseo a di tsamaileng.
Na o ne o tseba-
Monologue, ke puo e telele e etswang ke sebapadi. Puo ena e ka nna ya bolelwa ho se seng sebapadi kapa ya ba ya mofuta wa soliloquy- ke hore o bua a le mong. Moo o bua se maikutlong le kelellong ya hae jwalo ka sebapadi.
Sebapadi se theohetse.
Dipapadi tsa phehisano - e ne e thehwe ke Augusto Boal wa Amerika Borwa ya neng a sebetsa sebakeng seo ho bapallwang ho sona. Mofuta ona o thusa ho fumana tharollo mathateng a bophelo jwalo ka ha babohi ba ka kgona ho emisa dibapadi mme ba fetole se etsahalang moo ho yona.
Re fana ka dikhophi tse hlano tsa Backdrop
- e leng pokeletso ya dipapadi tse bitswang
FIVE ONE-ACT PLAYS
tsa mefuta e fapafapaneng.
Romela dikenelo tsa hao ho:
Backdrop Giveaway
Maskew Miller Longman
PO Box 396, Cape Town, 8000
Se lebale ho kenya lebitso, aterese, mohala le
lebitso la sekolo sa heno.
O a ithoka
BONA SESOTHO - July 2006
Thothokiso ya molomo
Mofuta ona wa thothokiso o
fumaneha lefatsheng ka bophara. Ho na le mefuta ya dithothokiso tsa molomo, jwalo ka ya thoriso, tletlebo, medimo le badimo, lerato esitana le dipina tsena tsa rap. Dithothokiso tsa mofuta ona ke karolo e kgolo haholo ya setso sa merabe e mengata.
Dimpho!
