sotho.2756.NEW BEAUTY 1
Ka moo o ka hlolang
DIHLOBA
Ha ho makatse ba le dihloba tse mmalwa ka dinako tse ding haholo ha o le dilemo di ka tlase ho 20. Empa ha di le ngata hape di mela kgafetsa, ho a totobala hore di a o kgathatsa... Pale ka Charis Dawson
HO A MAKATSA ho utlwa hore dihloba ha di bakelwe ke ditshila jwalo ka ha re hlola re bolelletswe. Empa ke keratin le proteine e tswang mmeleng, tse etsang hore dihloba di be le mebalana e metsho. Keratin le mefuta e meng ya dioli tsa letlalo di kwala masobana a letlalo ho tloha botebong ba bohwete mme ho bopehe dihloba.
Ho mela dihloba tse mmalwa
nako le nako ho tlwaelehile empa ha di feta bobeding hape di mela kgafetsa, ho a totobala hore di a o kgathatsa.
Di rata batjha ba dilemo di ka tlase ho tse 20 ka ha di-hormones tsa bona di hola ka matla mme disele tsa letlalo ha di kgone ho di laola ka tshwanelo, e leng se thibang masobana a letlalo. Ha batswadi ba hao ba ne ba ena le dihloba, le wena o ka nna wa ba le tsona. Kgatello le yona e mpefatsa maemo. Di mela haholo mahlong le molaleng, sefubeng le mahetleng.
Ho na le mefuta e mmedi e matla...
Dihloba tse tenya
Di hlaha ka mefuta ya tsona. Tse ding di mmala o mofubedu kapa o perese ha tse ding eba dikaqa tse tlalang sefahleho.
Ho bohlokwa ho ya ngakeng ya letlalo ha dihloba di se di sa utlwele ditlolo.
Dihloba tse tshesane
Di ba ngata, di be le dihloohwana tse ntsho le bosweu. Buisana le rakhemisi ka tsona mme o nwe metsi hape o itlotse ka ditlolo tse tla dumellana le letlalo. O latele ditaelo ka tshwanelo.
Hangata di a fela ha o kena dilemong tse 20. Di ngata dintho tse ka o thusang ho fokotsa dihloba ka mokgwa wa tlhaho.
Matokomane! Kenyeletsa dithootse le matokomane dijong tsa hao. Leka Brazil nuts le dithootse tsa mokopu hobane di na le oli le zinc tse ntlafatsang letlalo.
Enwa metsi a mangata ka letsatsi. Leka ho nwa dilitara tse pedi ka letsatsi hobane ha letlalo le omella, masobana a lona a kwaleha mme dihloba di ate ho feta.
Ke ona feela mokgwa wa tlhaho o ka o thusang. Itlotse ka ditlolo tse entsweng ka metswako ya tlhaho. Dikhemikhale di senya dioli tsa letlalo e leng se etsang hore letlalo le be mafura haholo le leka ho busetsa dioli tse senyehileng.
Lebala ka caffeine. E nyolla sekgahla sa kgatello mmeleng. Kgatello e atisa dihloba ka hoo phema dino tse kang kofi, tee le tjhokoleiti mmoho le dino tse nang le acid.
Fofonela dipalesa. Ho bohlokwa ho tjheswa ke letsatsi le lekaneng
hobane moya o foreshe o theola kgatello mme o eketse oxygen letlalong. Iphe nako ya ho otlolla
maoto jwalo ka letsatsi leha e ka ba metsotso e 10 feela.
Hore dihloba ha di bakwe ke ditshila ha ho bolele hore o se hlole o iphotla. Ho hlapa kgafetsa ho tla o thusa ho fokotsa oli e bakang dihloba letlalong. Ho boetse hape ho fokotsa ho benya ha letlalo. Athe ha o se o ena le dihloba teng, phema ho hohla letlalo jwalo ka ho hlapa ka facial scrubs kapa mask ntle ha o laetswe ke ngaka.
Hape o se pepete dihloba hohang, kapa hona ho di ngwaya kapa ho sidila matheba a tsona. Phema ho ingwaya ka hohlehohle hobane ho tla atisa dihloba mme hape o kenwe le ke tshwaetso letlalong. [s]
TSA BOTLE
BONA SESOTHO November 2008
"O ka nna wa futsa batswadi ba hao ka dihloba"
DI BOLELANG
Di ngata ditlhalosetso tsa borasaense ka dihloba, empa kaofela di bolela ntho e le nngwe...
Whitehead: Sehloba se senyenyane se ntlha e tshweu. Letlalo le bipeditswe ke keratin.
Blackhead: Sehloba se kang whitehead empa ntlha e ntsho. Se ba setsho kapa se be sesehlanyana.
Nodule: Sehloba se seholo se tletseng boladu se tebileng ho feta whitehead le blackhead. Hangata se ba sefubedu ka mmala
Keratin: Ke proteine e thata e fumanehang ka hara disele tsa letlalo. Ke e nngwe ya dietswa tse bopang moriri le manala.
Hypoallergenic: Metswako eo hangata e sa atiseng ho hanana le letlalo.
Dermatologist: Ke ngaka e ikgethang bakeng sa kalafo ya mathata a letlalo.
