sotho.1170.pep
BONA SESOTHO - August 2005
Ke thabo le lerato...empa ke tsena ditsela tsa ka moo o ka netefatsang hore thabo ena e se senyehe
LETSATSI LA Valentine le fihlile mme ke nako ya hore o letsetse moratuwa wa hao lehlaso le monate la molaetsa wa SMS e tla thabisa pelo ya hae. Ha o bua le moratuwa wa hao, ha o tsotelle hore na o senyehetswe ke bokae, empa ka mora nako sekoloto le phaello ya sona di tla be di o emetse. Sekoloto se tla nne se hole ho fihlela o se o sa kgone ho se lefa.
Le haeba o sebedisa karete ya bankeng kapa ya mokitlane, ha o no tseba ho laola sekoloto seo, qetellong o tla ahlolelwa sona - o qetelle o romelletswe manqosa ana a bokellang dikoloto!
Se hlokahalang ke leqheka leo o ka hapang pelo ya moratuwa wa hao ka lona. Hape o tlameha ho netefatsa hore nako eo ha e o fumane o se na tjhelete. Bonneteng ba taba o rata ho ba le nyakallo e sa feleng, ha ho jwalo-
n Nka pampiri o ngole fatshe moputso wa hao.
n Tlosa mekitlane eo o e lefellang kgwedi le kgwedi jwalo ka rente, dipalangwang, dijo, diaparo le dintho tsa ho hlapa.
n Beha dipersente tse 5-10 bakeng sa dintho tsa tshohanyetso.
n Jwale o ka bona hore na e setseng o e arola ka mokgwa o fe bakeng sa boithabiso, feshene esitana le dimpho.
Jwale, o malala-a-laotswe ho ya reka ka tjhelete letsohong ka letswalo le thotseng ha PEP. O tla ikutlwa o lokolohile mme e tla ba qaleho ya lerato le sa feleng! [s]
Ya papatso
BONA - August 2005
