sotho.2754.legaljul
ya hao ka molao
BOTHATA: Ha ke ne ke kena sesoleng sa SANDF, ke ne ke kope motswalle wa ka ho nthekisetsa sethuthuthu sa ka. Ke ne ke mo nehe ditokomane tsa sona. Se ne se rekwe ya ba ke mo hlatswa mahlo.
Moreki jwale o mmakaletse o re morekise o ne a re ke mmotlolo wa 2002 ha bonneteng e le wa 1999.
Nyewe eo e ntlhotse, ka lefiswa R 2 300 ya ditshenyehelo tsa nyewe. Ha ke re fara hore motswallaka o fela a buile leshano ka selemo sa sethuthuthu seo.
Jwale ke nahana ho nkela motswalle eo wa ka bohato, ke mo qose le nna hore a ntefe ditshenyehelo tseo ke di lefileng hape a kgutlise le tjhelete eo ke neng ke mo lefe yona.
Ekaba taba ya ka e a utlwahala-
KELETSO YA HA SCORPION:
Ka molao, motswallao ebile akgente ya hao ho o rekisetsa sethuthuthu. Ka ho bolela hore ke mmotlolo wa 2002, ho hlakile hore akgente ya hao e buile leshano ho moreki.
Ha o shebisisa khophi ya nyewe eo o qositsweng ka yona, o tla fumana hore bopaking bo tekilweng, ha ho moo ho bolelwang ha wena o ile wa laela hore akgente ya hao e bue leshano.
Hape ho a hlaka hore moreki o ile a thetswa ke se neng se bolelwe ke morekise mme a qetella a rekile sethuthuthu seo.
Nyeweng ya hao kgahlano le akgente ya hao, o tlameha ho hlakisa hore o buile leshano le entseng hore moreki a qetelle a rekile sethuthuthu seo mme eitse ha moreki a hlokomela leshano leo, ya ba o hlakola tumellano ya thekisetsano.
O tla tlameha hape ho fumana khophi ya kahlolo eo o neng o e fumana, e le hore o bontshe akgente ya hao tjhelete eo o neng o e lefiswe. Haeba o ile wa tlameha ho lefa le leqwetha nyeweng eo, le ditjeho tsa lona kaofela di tlameha ho kena moo.
O tlameha ho hlahisa bopaki ba ditjeho tseo tsa leqwetha kapa o kope lona ho tla ba paki ya hao hore e fela e le ditjeho tsa lona tseo.
Taba ya hao e a utlwahala, empa o tlameha ho sebedisa leqwetha. Haeba o kgotsofetse ke tshebeletso ya leqwetha la hao la pele, o ka nna wa le sebedisa hape. Haeba o na le mathata a ho fumana leqwetha, ikopanye le kantoro e haufinyane ya ha Scorpion, ba tla o thusa ho fumana leqwetha. [s]
Mathata a thekisetsano
SE NKILWE KE SEBONTSHI
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
