sotho.2751.SAMBRO
B4845/09/09 Setshwantsho ka Graeme Borchers; setaele ka Linda Bean
3-A-Day ™ Dairy
tswa pele
Mafi
200ml
Mafi a
Kase
40g
Lebese
250ml
Na o ne o tseba hore mafi ha a monate feela, empa a tiisa masapo le meno?
Mafi ke lebese le tiileng, le nang le tatso e ikgethang mme a ratwa ke Maafrika Borwa a mangata.
NA O NE O TSEBA...MAFI KE KAROLO YA LEBESE LE HLOKWANG KE LELAPA KAMEHLA?
Sena se bolela hore ditlhoko tsohle tsa lebese di a fumaneha mafing:
O hloka dihlahiswa tsa lebese bophelo bohle ba hao ho aha le ho boloka masapo a tiile!
Calcium ke yona minerale e fumanehang lebeseng, e molemo ho tiisa masapo le ho a boloka a phetse.
Dihlahiswa tsa lebese di na le di-protein tse hlokahalang molemong wa kgolo.
Di boetse di na le di-vitamin le diminerale tse tla o boloka o phetse.
Kenya mafi dijong tsa hao tsa kamehla mme o ikamahanye le leano la kamehla la dijo le bitswang 3-A-DAY™ DAIRY!
Ho o thusa hore o fumane calcium e lekaneng kamehla, re thakgotse leano la 3-A-DAY™ DAIRY! Le bobebe! Seo o se hlokang ke ho netefatsa hore o ja dihlahiswa tse tharo tsa lebese ka letsatsi. Ho bobebe ho latela leano la 3-A-DAY™ dairy jwalo ka ha di le ngata dihlahiswa tsa lebese mabenkeleng, ho tsona re ka bala lebese, mafi kapa ona mafi a natefisitsweng, yoghurt le kase!
SE LEBALE dairy!
Sa bohlokwa ke ho itlwaetsa ho ja dihlahiswa tsa lebese hararo ka letsatsi. O ka nna wa ja mafi kapa leha e le sehlahiswa sefe feela sa lebese hararo ka letsatsi. Sena se tla o thusa ho boloka masapo a hao a shahlile bophelo bohle ba hao! Mafi a tswa pele! [s]
ke eng 3-A-DAY™ DAIRY?
YA NTSHETSOPELE
Ke bohato bo qadilweng ke Consumer Education Project of Milk SA. Bula www.dairy.co.za
