SOTHO.2750.muthi
ka FORCE KHASHANE
KE FUMANE lengolo la mmadi e mong ya nang le kgwebo e nyenyane, a re: "Bareki ba feta bohwalotso ka thoko ho kgwebo ya ka, ekare ba tshaba ho kena." Na ho na le moriana o ka nthusang hore kgwebo ya ka e boele e tsamaye hantle hape""
Ha se yena feela. E mong o itse: "Ke rekisa diaparo le dikobo empa ha ke fumane phaello kgwebong ena, ke lahlehelwa nako le nako," o boletse jwalo mofumahatsana wa Kapa, ya bileng a reng o se a tetebetse dikolotong mme o duba thankga ha batho ba lokela ho mo lefa.
Ho na le thupa e ka o thusang kgwebong - mmitsa. Lebitso le monate jwang! "Mmitsa" o tjhentjha kgwebo ya hao hore ebe eo batho ba tla dula ba etswa ba kena ho yona ka dinako tsohle.
Kgwebo ha e hloke merero e metle feela, e boetse e hloka hore ebe sebakeng se kgahlang hape e bapatswe hantle. O lokela ho thakgisa le sebaka sa hao sa kgwebo hore meya e mebe e kang dithokolosi, mpundulu le tse ding e se kene hohang kaha di ka o bakela bomadimabe.
Ka mantswe a mang, o lokela ho sireletsa kgwebo jwalo ka ha o itshireletsa wena. Ha motho a kula, o iswa ngakeng ya sekgowa kapa ya setso hanghang. Le kgwebong ho lokela ho ba jwalo hang ha mathata a hlaha.
Iphe nako ya ho batla lethuela kapa ngaka e ka o thusang ho "tiisa" kgwebo - mme moriana ona o tsoselletswe ka selemo kapa ha ho hlokahala. Ha o ka lebala mmitsa feela, e a putlama kgwebo. Athe mmitsa ha o a lekana kgwebong. Hobane o hohela batshehetsi empa ha o sireletse meya e mebe e ka nnang ya senya katleho ya kgwebo.
Mohlomong, ha o rekisa mebileng, o hloka ho sireletsa tafole ya hao le thepa mme o boele o be le mmitsa.
Hape ho bohlokwa hore o dule o kubeditse kgwebong. Mokubetso o entsweng ka mafura a podi ke ona oo ke o tshepang. ("Ke ka hona o bonang dipodi di se di bitsa hakana morao tjena. Batho ke hona ba hlokomelang mehlolo ya matla a yona.")
Se tswake moriana wa mokubetso le mafura a nku hobane ke phoofolo e boikokobetso.
O nang le mafura a motho ona o se nahane hohang ka ona. Hona le batho ba bolawang hobane baetsi ba bobe ba nahana hore ba ka sebedisa mafura le ditho tse ding tsa mmele ya bona ho etsa meriana e tla ba atlehisa dikgwebong tsa bona.
Mokgwa o mobebe
Mekgwa ena e tshabehang e bitswa ho rwala, mona ho bolauwa batho hore ditho tsa mmele ya bona di sebedisetswe ho etsa meriana ya hore bao ba ratehe.
Ketso eo ke e mpe ya polao mme hohang ha e a amoheleha meetlong ya habo rona ya setso. Ho etsa mmitsa wa kgwebo ka mokgwa ona ke tshenyo ya nako hobane e tla nyopa. Modimo le badimo ba tla amoha lethuela kapa ngaka eo, e madi matsohong, matla a yona a ho alafa. Mekgwa ena e mebe ke yona e senyang mabitso a dingaka tsa habo rona tsa setso.
Ke hotse ke utlwa dintho di hana ho fela ka moriana wa mmitsa, haholoholo wa barekise ba jwala ba umqombothi.
Ho ne ho thwe basadi bao ba itolla ka hara jwala boo ho etsa mmitsa pele ba bo rekisa!
Bang ba re ditshwene tse faotsweng ke tsona tse neng di tlhotla jwala mme ba re boo bo a ikgetha ka monate athe le batho ba tla subuhlellana teng ka bongata.
Ditshwene tsa batho, di dutse di balellwa hara baloi!
Nnete ke hore ditshwene ha di tsebe letho ka boloi. Motho ya mobe ke enwa ya rutang phoofolo diketso tse mpe tsa boloi.
Ke a o kopa, fumana moriana o nepahetseng wa ho aha kgwebo ya hao.[s]
34 BONA SESOTHO - April 2006
Re bua ka ditlhare
Hela, hopola tjhelete ya mmitsa!
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
