sotho.274.fashion
Tse ntle tsa ka hare
Diaparo tsa ka hare le tsa ho robala di lokela ho tshwara motho hantle empa hoo ha ho bolele hore o se be le tsa maemo tse ka sebediswang ka mekgwa e mengata. Ha o di reka, hopola dintlha tsena tsa bohlokwa...
ka CHRISTINE HAMMANN, mothusi JESSICA MITCHELL, ditshwantsho SALLY BLACKMAN, sebontshi ANCHEN wa Models International, mokgabiso wa sefahleho le moriri KATIE wa Muse
Dileisi tse ntle
Dileisi di ntlafatsa seaparo hore ebe se ikgethang. Di o etsa mosadi wa mankgonthe mme selemong sena, di tla ratwa le ho feta pele.
Boti e kganyang e nang le dileisi tse ntsho (R130), le penti e tshwantshetsanang le yona (R89) Truworths.
Keletso
Ha boti e o tiisa hoo le letlalo le utlwelang mahetleng, leka ho atolla marapo a yona mahetleng. Ha e tswelapele le ho o tiisa, ho a totobala hore ha e tshehetse matswele hantle, leka boti ya mofuta o mong o sele.
BONA SESOTHO - March 2007
Boti e dileisi (R120-R130), le penti e tshwantshetsanang le yona (R49,95-R55), Woolworths.
Boti e dileisi e tshwara matswele ka thata (R139 - boholo 34 ho ya ho 42DD), Bra Boutique. Penti e dileisi e bulehileng (R69), Bra Boutique.
Dinako tse ikgethang
Re dutse re hloka ho ba le dintho tse ntle bakeng sa dinako tse ikgethang. Nahana feela ka top e butshabutsha e tla etsa hore o be pabala!
Chifone e kgubefu e nang le boya bo bonojwana (R199,95), Temptations. G-string e kgubedu (R89), La Senza. Gown e kgubedu e kgabisitsweng ka boya (R199,95), Temptations.
Corset e tshweu e nang le le lente lepinki (R199,95), Temptations.
Mosana o motsho o motle o kgabisitsweng ka mathoko (R249,95), Wonderbra.
BONA SESOTHO - March 2007
Keletso
Ho hlatswa diboti le diaparo tsa ho robala ka matsoho ho tla etsa hore di tshwarelle nako e telele. Se di omise ka motjhini!
Camisole
Di ntle di bile di ka sebediswa ka mekgwa e mengata e fapaneng, o ka e tena e le nngwe kapa o e tenelle ka boti ha e sa tshware matswele hantle.
Ya satin e kgabisitsweng ka leisi e thokwa (R249), Bra Boutique.
E pinki e ntle (R79,95), Edgars.
Keletso
Ha o reka sete ya diaparo tsa ka hare, reka dipenti tse pedi hobane tsona o di hlatswa kgafetsa ho feta boti mme mmala wa tsona o tla phakisa ho fiifala.
BONA SESOTHO - March 2007
Cami e tshweu e nang le palesa e pinki (R79,95), Temptations. Penti e nang le palesa, e kgabisitsweng hantle (R34,95), Edgars.
E ntsho e mekgabiso e mepinki (R159), Bra Boutique.
E lesela ka hare
Di fumaneha ka mefuta yohle ho tloha ho T-shirt bra ho ya ho e etsang matswele a shebahale a le maholo. Di tshwanela bohle mme di na le terata e tshehetsang matswele hantle.
Boti e ntsho e kgabisitsweng ka ribbon(R79,95), Woolworths.
Boti e ntle e mmala o mopinki (R99,95), Temptations.
Keletso
Ha boti e nyoloha ka morao, e bontsha hore e kgolo ho wena. Leka ya boholo bo ka tlase ho eo.
Boti e ntle e mmala o mopinki e dileisi (R140), Woolworths. Penti e tshwantshetsanang le yona (R79,95), Woolworths.
BONA SESOTHO - March 2007
Keletso
Kamehla hlatswa diaparo tsa hao tsa ka hare kantle le ka hare mme o di anehe hanghang letsatsing.
BONA SESOTHO - March 2007
Mose wa ho robala wa satin o molelele o nang le mekgabiso e kganyang (R199), Woolworths.
Tse ntle tsa ho robala
Tsa silika tse dileisi, ha di etse hore o shebahale hantle feela, empa le wena o ikutlwa o le motlotlo ekare o sekgorane! Satin e a saroloha. Ka hoo lekanya pele o reka.
DIAPARO
BRA BOUTIQUE: Ditlhalosetso 031-579-2879 EDGARS: mabenkeleng ohlea. Ditlhalosetso 086-033-4277 LA SENZA: Ditlhalosetso 021-447-7718 TEMPTATIONS: Fashion Hotline 086-033-4277 TRUWORTHS: Mabenkeleng a ikgethang naheng ena WOOLWORTHS: Mabenkeleng a ikgethang naheng ena WONDERBRA: Ditlhalosetso 031-460-8605
Mose wa ho robala o dipalesa (R129,95), Edgars.
Satin e mmala o kganyang le sete ya ho robala ya chiffon (R179,95), Edgars.
Mose wa ho robala wa satin o mopinki (R149), Temptations.
