sotho.2748.yourfood_star
Crumbed fish ya Sechaba
Sebini sa mmino wa bodumedi, Sechaba o bontsha, Ntwenhle Mpanza resepe ya hae e monate
RE PHEHA LE DINALEDI
CRUMBED FISH
SEO O SE HLOKANG
* 1 kgabana (5ml) letswai
* 1 kgabana (5ml) ground pepper
* 4 dikgaba (60ml) mafoforetsane a bohobe
* 2 maqa a white fish
* 1/2 kgabana (2,5ml) lero la sirilamunu
* 1 lehe le fehlilweng
* 1/2 kopi (125ml) oli ya ho hadika
E ETSUWA JWANG
1. Kopanya letswai, pepper le mafoforetsane a bohobe.
2. Tlotsa tlhapi ka lero la sirilamunu.
3. E inele leheng pele o e phuthela ka mafoforetsane a bohobe.
4. Hadika tlhapi metsotso e 7. E fepele
le reise kapa le salate. [s]
Setshwantsho: Peter Whitfield
SECHABA DIJONG
Seetswa seo ke sa kgoneng ho dula ke se na sona ka ketjheneng ke - sa ho iketsetsa senomaphodi.
Dessert eo ke e ratang - leha e le efe feela e nang le tjhokoleite!
Hoseng ha ke eya mosebetsing, ke ja - dijo tsa hoseng tse bitswang English breakfast: toast, mahe, bacon, le tse ding.
Sephehi se hlwahlwa ho di feta ho tseo ke di tsebang - ke molekane wa ka.
Ke hlokometse mmele wa ka mme ke ja haholo - tlhapi le meroho.
