sotho.2745.sepp
Re ya ya ho 2010
Kopana le Mong Blatter
Taolo ya hae ha e so ka e hloka diphehisano empa leha ho le jwalo haesale a eme Afrika Borwa nokeng...
KE PRESIDENTE wa FIFA wa borobedi - ya sa ntseng a tshwere marapo - Joseph "Sepp" Blatter, o ne a hlahe ka la Hlakubele 10, 1936 motseng wa Swiss mane Visp. A sebedisetsa Bachelor's degree ya hae ya taolo ya mosebetsi le tsa moruo molemong wa hae, a sebetsa dibakeng tse ngata tsa setjhaba bakeng sa ntshetsopele.
Ka mora ho ba mongodi kakaretso wa Swiss Ice Hockey Federation, yaeba molaodi wa ntshetsopele kgwebong ya Longines ya ditshupanako.
A boela a kena haholo mokgatlong wa Dipapadi tsa Diolimpiki ka 1972 le 1976.
Ho tloha ka 1975 ho ya ho 1981, Blatter yaeba mookamedi wa tekniki wa FIFA. Ho fihlela a kgethelwa setulo sa Bopresidente sa FIFA ka 1998, e ne e ntse e le mongodi kakaretso.
A kgethwa hape ka 2002 le ka Motsheanong 2007 leha ka nako eo a ne a kgethilwe ke ditho tse 66 feela hara tse 207 tsa FIFA.
Phehisano
Bopresidente ba Blatter haesale bo tletse phehisano e kgolo. Ho kgethelwa setulo sa bopresidente ba FIFA ha hae ka 1998 a hlola Presidente wa UEFA Lennart Johansson le ho kgutlela setulong hape ka 2002 ho ile ha tsosa menyenyetsi ya hore o lefa tjotjo.
Tsena kaofela tsa tsosa taba mme dikoranta tsa Britania tsa tlatsatlatsa hore Farra Ado, motlatsi wa mopresidente wa CAF o re o ne a tshepiswe tjotjo ya $ 100 000 ha a ka kgetha Blatter.
Hape ka 2002, mongodi kakaretso wa FIFA Michael Zan-Ruffinen a etsa letoto la diqoso tsa manyofonyofo ditjheleteng tsa mokgatlo ona. A tloswa setulong haufinyana pele ho Mohope wa Lefatshe wa 2002 ke yena Blatter mme hape a emisa diphuputso tse neng di etswa mabapi le taba ena.
Ntle le hore o ne a nyefolwa ka bobodu, ho na le nako e nngwe moo a neng a halefa feela ntle ho mabaka.
Sheba Mohope wa Lefatshe wa 2006 ha re etsa mohlala. Bosiyo ba hae sebayeng ha ho nehelwa dikgau tsa bolo ho ile ha nyefolwa haholo ke boraditaba hobane ho ne ho thwe ke mopresidente wa FIFA ya tswileng tseleng ya iphang dimenyane mohla mokete wa maemo a hodimo hakalo.
A boela a nyefolwa hape ka ho phetwa ha papadi ya Portugal le Netherlands, moo molaolapapadi, Valentin Ivanov a neng a ntshe ditekete tse 16 tse tshehla le tse nne tse kgubedu.
O ne a re Ivanov o ne a lokela hore le yena a inehe karete e tshehla ka mosebetsi wa hae o bohlaswa.
Le basadi ba bolong ya maoto ba tenehela Blatter haholo lefatsheng lohle ka mora hore a behe molao wa hore ba tene marikgwe a ba tshwarang. [s]
BONA SESOTHO - February 2008
Diphetoho
Ho bile le diphetoho tse ngata bopresidenteng ba Blatter ...
Ho lelekwa: Mokgatlo wa Matjhaba jwale wa hatella hore ho lelekwe hanghang dibapadi tsohle tse ntshitsweng nakong ya papadi leha kgatiso ya TV e bontsha hore sebapadi ha se molato. Blatter o hatella hore kahlolo ya balaodi ba papadi e be yona feela e tla amohelwa.
Boitshwaro: Tlasa taolo ya Blatter, ho ile ha thehwa melao e mengata e metjha ho kgothalletsa boitshwaro bo botle bolong. Ha re etsa mohlala, ho kenyeletswa le ho ntsha karete e tshehla ha sebapadi se ntsha sekipa ka borikgweng ha se thabetse ntlha.
Maemo: Phetoho e nngwe e ntjha ya Blatter ke eo a e entseng ka Phutjane 2007 ya hore ho se bapalwe papadi ya bolo sebakeng se bophahamo bo ka hodimo ho 3 000m ka hodimo ho lewatle. Bolivia le Peru di a ameha ka ha mabala a tsona bobedi a bophahamong bo ka hodimo ho boo mme ha di a dumellwa ho bapalla dinaheng tsa habo tsona.
