sotho.2744.purity
Sis Purity o re...
Sis Purity, setho sa Ditsebi tsa Phepo ya Masea tsa Purity o araba dipotso tsohle tsa hao mabapi le phepo ya masea
Jabulile o dikgwedi di supileng, ke mo siya le motswallaka ha ke eya mosebetsing. Motswalle o na le bana ba hae ba bararo ba dilemo di ka tlase ho tse nne. Ke kgathatsehile hobane Jabulile o se a kutse habedi kgweding e fetileng ka mora hore a qale ho sala le yena. Nka etsa jwang ho mo sireletsa le ho tiisa masole a mmele wa hae hore a se kenwe ke dikokwanahloko ka bonolo"
MATHATA A HAO a tlwaelehile baneng ba dulang ba le bangata - ba a bapala, ba je mme ba robale mmoho. Dikokwanahloko le dibakteria di ata ka bonolo leha sebaka seo se hlwekile. Jabulile a ka thusahala ha a ka ba le dijana tsa hae tseo a tla di sebedisa a le mong mmoho le dijo tsa hae tse ikgethang tseo a tla di ja ha di tlwaela makgulo le hara mpa motsheare. Phepo e phethahetseng e tiisa masole a mmele. Letswele le lebese la masea ke tse ding tsa dijo tsa bohlokwa tse nang le divitamin le diminerale bakeng sa kgolo e ntle ya masea selemong sa ona sa pele. Netefatsa hore o reka di-cereal tsa masea tse nang le vitamin A, le C, le zinc le selenium tse ekeditsweng. Metswako ena e mene ke ya bohlokwa ho boloka mmele o phetse hantle o kgona ho lwantsha mafu. Lethathama la Purity's Baby's Soft Porridge le kenyeletsang le Cream of Maize and Mabele, ha se hore le na le divitamin le diminerale feela, empa le boetse le lokiswa ka bonolo, hape le tla etsa hore le mme ya salang le yena a se be le dijana tse ngata tseo a lokelang ho di hlatswa ha Jabulile a qeta ho ja.
Ha ke isitse mora wa ka ya dikgwedi di robedi, Makika tliliniking, mooki o ne a re vitamin A e thusa ho ntlafatsa letlalo la lesea, e thuse mmele hore o kgone ho lwantsha tshwaetso. A hlaba lesea la ka ka nale e nang le vitamin A. A nkgothalletsa hore dijong tsa hae ke kenyeletse le meroho e metala le dihwete. Ha a e rate hohang, o a e tshwela. Ke lokela ho etsa jwang"
HO bohlokwa hore Makika a je dijo tse nang le vitamin A. Mmele ha o kgone ho iketsetsa vitamin A, ke ka hona motho a tlamehang ho ja dijo tse nang le yona. Di-cereal ke mohlodi o moholo wa vitamin A, haholoholo tsena tse sa hlokeng ho phehwa pele di jewa. Purity's Mabele le Purity Cream of Maize Baby's Soft Porridge ha se hore di lokiswa ka bonolo feela, empa di boetse hape di na le vitamin A e ntlafatsang pono ya lesea, le hole hantle le masole a mmele wa lona a be matla. Ditholwana le mahe le tsona di na le vitamin A, a ka ja tsona bakeng sa meroho eo a sa e rateng. Mo phehele nama, o e kenye dihwete hore a se di utlwe. Ke a tshepa Makika a ka rata patata le mokopu. Dihwete le meroho e meng e mesehla e na le carotene e ntseng e le molemo jwalo ka vitamin A. Mahlohonolo!
Motheo o motle
QALA ka motheo o motle, wa dijo tsa hoseng tse phepo tsa Purity. Kgetha hara lethathala lena la Baby's Soft Porridges, leo kaofela le nang le phepo le divitamin tse ekeditsweng le selenium, zinc le iron. Kgetha ho tloha ho Purity Cream of Maize (Original, Strawberry kapa Banana) kapa Purity Mabele (Original, Mixed Fruit kapa Vanilla). Calcium e ekeditsweng e thusa ho tiisa masapo le meno athe vitamins B1, B2, B3 le B6 e hodisa boko hantle. E thumiseha ka bonolo hobane e entswe ka mofuta o le mong wa tholwana, Purity Baby's Soft Porridges tsena di na le phepo e phethahetseng mme hape di kgotsofatsa masea. [s]
ya papatso
