sotho.2743.health
Tsa bophelo bo botle
GREAT STOCK!
Intjhafatse!
"Mmele ya rona e na le motjhini wa tlhaho wa ho thethefatsa tjhefo e kotsi," ao ke mantswe a setsebi sa dijo, Celynn Erasmus.
"Eo he ke tshilo, methapo ya moroto le sebete. Empa hore di dule di sebetsa hantle, o lokela ho nka diqeto tse ntle."
O ka nna wa hloka ho etsa jwalo hore o lokele matsatsi a monate a Paseka. Ha ho hlokahale tjhelete e ngata. Ke tsena dikeletso tsa bohlokwa, tse ka o thusang.
n Se nwe jwala ho bongata le dino tse nang le caffeine.
n Enwa metsi e mangata le lero la ditholwana.
n Phema letswai le mafura a mangata.
n Eja ditholwana le meroho haholo.
BONA SESOTHO - March 2006
Ke sefe se thabisang"
Dipelo tse thabileng ha di dutle madi, ha di be ntsho, ha di aparelwe ke maswabi...ka ha di motlotlo!
Ruri ho dula o thabile ke mpho ya bohlokwa ya pelo ya hao ho ya ka moo ba SA Heart Foundation ba bolelang ka teng. Kgatello e ntsha cholesterol, ho tetebela pelo hona ho nyolla kgatello ya madi, ho kgutlisetse mafura mmeleng. Se qeaqee ho kopa thuso ka lapeng, motswalleng kapa ngakeng ha o utlwa kgatello kapa o tetebetse maikutlo - ke yona feela tsela ya ho ipha monyetla o mong wa bophelo.
DULA O PHETSE HANTLE le Patricia McCracken
NNETE:
Lero le sireleditseng lesea ka
Kelello e tjhatsi
"Papading ya tlhodisano e kgolo ya bolo, sebapadi ka seng se tla bona mekgwa e 140 e fapaneng, e tlwaelehileng le ya maemo," ho ya ka moo Ted Dumitru, mokwetlise wa Bafana Bafana wa Mohope wa Afrika a di bonang ka teng. Ho bohlokwa ho rupella kelello hore e dule e le tjhatsi ho emelana le maemo ao e tobaneng le ona hantle jwalo ka mmele o matlafetseng, ke ka moo a boletseng ka teng bukeng ya hae, Maximal Training (Tafelberg, R79) - moo hape a bileng a nang le kgaolo e feletseng eo a buang ka "kelello ya sethibathibane" ho yona.
popelong le ntjhafatswa horeng
NNETE:
tse ding le tse ding tse tharo
Tlwaela ditholwana!
Paenapole ha e monate feela empa e boetse e molemo, ho ya ka dipatlisiso tsa State University of New York.
Ke ena e meng ya melemo eo o ka e fumanang le ba lelapa la hao.
n E na le Vitamin C, e matlafatsa masole a mmele, e boloke meno le marenene a phetse hantle.
n E na le bromelain ya tlhaho e thusang ho thibela ho ruruha ha mmele ha o lemetse kapa ka mora opereishene.
n Bromelain e fokotsa le mathata a ho kgohlela ka ho thibela ho tswa ha lero leo e leng sesosa sa mathata ana.[s]
Monna ya boima ba 75kg
o ja ditone tse 50 tsa dijo
bophelong ba hae
BONA - August 2005
