sotho.116.zip zap
Bana ba Zip Zap
Sehlopha sa bana feela ba tlwaelehileng se etsa meeka le mehlolo
pale ka ANNE SCHAUFFER le ANDRE FIORE
ditshwantsho ka VANESSA COWLING
BOHLE re lakatsa ho etsetsa ntate Nelson Mandela hlakanaphetho re mo thabise empa ke barutwana ba nang le neo e babatsehang ba Zip Zap School Of Circus Arts feela ba neng ba menngwe moketeng wa hae wa letsatsi la tswalo la dilemo tse 80. Ba se ba kile ba bapala Grahamstown Arts Festival mme jwale ba tlama thoto ho leba Melbourne, Australia, moo ba ilo bapala ho Cultural Festival dipapading tsa Commonwealth maqalong a selemo sena.
"Bashanyana le banana ba nang le neo, ba hlekefeditsweng, ba barui, ba se nang mahae, ba tholang, mahehle, ba dilemo tse tlohang ho tse robedi ho ya ho tse 18, kaofela ba na le karolo ya bohlokwa le boikarabello ho Zip Zap Circus School," ho bolela Laurence Esteve Van Rensburg, e mong wa bathehi ba sekolo sena.
"Ha ba rutane dipuo le meetlo ya habo bona feela empa ba boetse hape ba rutana le ho mamellana bofokoding ba bona, ho hlomphana le ho tshepana."
Ka 1992, dibapadi tse pedi tsa diserekise tsa profeshenale, tseo hape e leng banyalani, Brent le Laurence Esteve Van Rensburg, ba ne ba thabise letshwele haholo mane Waterfront, Kapa.
Letshwele le ne le thabe hona hoo ba neng ba fihlelwe ke mohopolo wa ho etsa ntho e nngwe e ikgethang naheng ena ya Afrika Borwa - diserekise tse ikgethang...
BA HLAHISA sekolo sa diserekise sa mahala, bakeng sa Maafrika Borwa ohle a batlang ho ithuta bokgoni bona ba bonono. Ntle ho bokgoni ba mosebetsi, Brent le Laurence ba hlokomela hore se tla etsa hore sehlopha seo se tshepane, se inehele mosebetsing wa sona mme se be le tshebedisanommoho e ntle.
"Mohlomong phapang ya Zip Zap naheng ena ha e no bonahala ka bonolo hobane e nyenyane haholo," ho hlalosa Brent, "empa ha batho ba bang le bona ba dumellana le rona, re ka etsa letsoho la monna mme ra aha setjhaba sa habo rona."
Kajeno Zip Zap e na le barutwana ba 50 ba maemong a fapaneng a bophelo. Sekolo sena se tsitlallela ho rupella bokgoni ba ho etsa dipontsho, "ho tshehetsa" le ho tshepahala, o tsebe ho sebetsa mmoho le ba bang, o hlonephe, o be o ithabise mme ke ka hona sekolo sena se nang le katleho.
Barutwana ba kgetha seo ba se ratang pakeng tsa mefuta e 25 ya bonono, e kenyeleditseng le trapeze, trampoline, baesekele, ho tsamaya hodima terata, acrobatics, motjeko, boswaswi le tse ding...
Pele ho dipontsho, ho sebetswa ka thata mme barutwana ba ithuta le bokgoni bo kenyelletsang le ho tjheseletsa ditshepe, ho roka diaparo tseo ba bapalang ka tsona, ho aha sebaka seo ba bapallang ho sona le ho se hlokomela esitana le ho ruta ba bang.
Mefuta e meng ya bokgoni e etsa hore ba kgone le ho fumana mosebetsi le dibakeng tse ding. Bongata ba bona ba tswile sekolo hobane bo batla ho ya bapala dinaheng tsohle tsa lefatshe, e seng diserekiseng feela empa le ho thelevishene, dipapatsong le dikarolong tse ding.
Ba bang ba se ba kgonne le ho bapatsa bokgoni ba bona - ba ho betla ditshepe, mapolanka le ho lokisa dintho - mme ba se ba fumane dikonteraka tsa mosebetsi. Ba bang ba sebedisitse bokgoni ba bona ba ho roka ka ho ithuta ho akanya diaparo le ho di roka. "Sekolo sena ha se thuse bana ka boithabiso feela, empa se boetse hape se ba rupella mesebetsi," ho bolela Bret.
SE MANE Montague Gardens, Kapa, Zip Zap e bulwa matsatsi a tsheletseng a beke mme e na le dithuto tse tebileng tsa ba ithutang ka ho feletseng.
Barupelli ba Zip Zap ba na le seabo le diketsahalong tse ding tsa setjhaba mme leano la bona la tsa EITSI le ruta bana ba nang le kokwanahloko ya EITSI bokgoni ba motheo ba diserekise.
Erekaha dithuto tsena ke tsa mahala, tjhelete ke yona mathata," ho bolela Laurence. Zip Zap ke sekolo se ikemetseng, e bokelletsa tjhelete dipontshong. Old Mutual le mekgatlo e meng e mmalwa le yona e kile ya re thusa.
Leha ho le jwalo, sekolo sena se dutse se amohela barutwana ba batjha - ba dilemo di pakeng tsa tse supileng le tse 12. Ka mora thupello e matla, ngwana a ka kgona ho etsa dipontsho ka mora selemo. Zip Zap yona e ikemiseditse tse kgolo. "Re batla ho theha National School Of Circus Arts e tla kenyeletsa le dithuto tsa drama, motjeko le mmino, ho betla ditshepe le mapolanka, ho hlophisa mmino le kganya ya sebayeng, ho akanya diaparo le ho laola sebaya, hape se bulele batjha ba Maafrika Borwa monyetla wa ho ithuta motheo wa diserekise ntle ho ditjeho," ho bolela Laurence.
Ho tsamaya hodima thapo e tshesanyane kapa boswaswi ba diserekiseng tsa Afrika Borwa ke seo bana ba sekolo sa Zip Zap Circus ba ikemiseditseng ho se etsa ditlhodisanong tsa Commonwealth Games. [s]
'Zip Zap School Of Circus Arts: 021-551-9901.
BONA SESOTHO - May 2006
Di fihile diserekise
Lizo le Saskia ba temeng. Barutwana ba kgetha hara mefuta e 25 ya dipontsho.
Sisters Holly, Becky le Tansy Megaw ke malala-a-laotswe ho ya Dipapading tsa Commonwealth mane Melbourne.
Lizo James o bapala le Saskia van Rensburg ha mme wa Saskia le ausiae, Sabine, ba ba shebelletse.
BONA SESOTHO - May 2006
Emma Nkebendu o tshwere Portia Kewana. Dipontsho tsena tsa bona di tla bontshwa Yuropa mafelong a selemo sena.
Erin Fisher o fofa sebakeng.
u
t
Boinehelo ba nnete, ngwana ya se nang boiphihlelo, a ka lokela ho etsa dipontsho ka mora selemo a qadile.
Anele Xhola le Babalwa Nyewe ba lokisa bokgoni ba bona.
