sotho.2740.driver (2)
BONA SESOTHO -September 2006
mathata a mebileng
Maele ha o kganna mebileng
Mokgwa wa ho shebana le
Dikotsi tse ngata mebileng ha di bakwe ke dinokwane, empa ke bakganni ka sebele! Difelapelwana tsa bakganni ke bona bothata bo boholo Afrika Borwa. Ke ana maele a ho shebana le bakganni bao ba nahanang hore ke beng ba mebila...
pale ka NKOSAZANA SITHOLE
ditshwantsho CLIVE THOMPSON
E NE E LE bosiu, Vusi Dlamini eo e leng lepolesa, a kganna a lebile lapeng ha lori e nngwe e mo seha tsebe ha bohlaswa. Vusi le yena a e lelekisa a e seha ha bohloko. Lori eo le yona ya mo latela haufinyane, e mo otlile ha bohloko ka mabone ho fihlela Dlamini ya dilemo di 33 a emisa koloi ya hae ka thoko ho tsela. Nakong eo a emang, le lori le yona ya tswa tseleng ya ema ka mora hae. Eitse hang feela ha Dlamini a etswa koloing ya hae, a leka ho tla loring, ke ha mokganning wa lori a butswela ka tholwana mme Dlamini a shwella hona moo.
"Ona ke mohlala wa hore bakganni ba tlameha ho beha moya fatshe ha ba kganna mebileng, ba jarelane mefokolo" ho rialo Mdu Mkhize, eo e leng mmuelli wa sepolesa. "Batho bohle ba tlameha ho ba hlokolosi mmileng."
Margaret Mbatha ka le leng ha a etswa lapeng, a kopana le koloi e mo thibetseng kapele. A letsa phala ya koloi hanyane ho kopa tsela. "Seo mokganni eo a neng a se etse, e ne ebe ho tjhetjhella ho nna, a thula koloi ya ka ka mora moo a baleha."
Difelapelwana tsa bakganni ke bothata bo boholo mebileng ya habo rona. O ba bona ka ho kganna ka lebelo le hodimo, ba o behe merebele, ba ntse ba o otla ka mabone, ba be ba o sehe tsebe bohlaswa, athe ba ditlhapa ba le jwalo tjena.
Mapolesa a tsela a bolela hore batho ba jwalo mmoho le ba kgannang ba touta ba baka tshubuhlellano e kgolo ya makoloi mebileng.
Gideon Mchunu, eo e leng ngaka ya kelello, o re, "batho ba bangata ba kgannang mebileng, ba nahana hore ha ba tsejwe. Ba ikgannela ka tsela eo ba e ratang. empa o ka makala ha o kopana le motho eo, o bona hore ke motho ya hlomphehang setjhabeng."
O ka nna wa fokotsa menyetla ya dikotsi tsa mebileng ka ho ba hlokolosi, o bone se ka o phatsamisang e sa le nako," ho rialo Reggie Ntombela, eo e leng morupelli wa bakganni.
Ke ana a mang a maele a ditsebi.
Bakganni ba o behang merebele
"Ha o bona koloi e tlang e potlakile ka mora hao, theola lebelo, o siye sebaka se anetseng pakeng tsa hao le koloi e ka pela hao," ho bolela Ntombela.
"O etsa sena o etsetsa haeba ho hlokahala hore o eme ka tshohanyetso. Ha o ntse o tswelapele le ho siya sebaka ka pela hao, ya o latelang o tla lothwa ke sona mme a fete, a ka kene ho sona, ka hoo, o pholohile bohaleng boo bo neng bo o latela. Ha a sa fete, sheba sekgeo moleng o mong, o tswele ho ona." Gideon Mchunu o re batho bana ba kgannang ha jwalo, ba dutse ba bona bakganni ba bang e le tshitiso ho bona. Keletso ya hae ke hore o iphapanye bona.
"Se rate ho kopanya mahlo a hao le a hae, empa mo bontshe hore o a mmona ka hore o lokise seipone sa hao."
Ba ratang ho tswedipana
"Ha o bona mokganni ya ntseng a eya kwana le kwana, ho hlokahala o be hlokolosi hobane a ka nna a o seha tsebe bohlaswa, a be a kene hang feela ka pela hao. Theola lebelo o mo nehe sebaka se anetseng sa hore a etse moferefere oo wa hae," ho rialo Ntombela.
Se hlokahalang ke mamello. Dula o hlahloba diipone tsa hao jwalo ka mora metsotswana e meraro ho ya ho e leshome ho bona maemo a mmileng.
Se lebale ho hlokomedisa bakganni ba bang ha o tla tjhentjha mola o tsamayang ho ona.
"Ho tswedipana ha ho na molemo," ho bolela Ntombela. "Ha ke ya mosebetsing ke dutse ke kganna ka lebelo la 70km/h, mme ke fihla metsotsong e ka bang meraro ka mora mokganni eo ya dutseng a tswedipana moo hara makoloi a mang."
Seo o ka kopanang le sona
Theola moya ha o kganna, o se phehisane kgang le bakgannang bohlaswa. Mohlomong haeba ho le teng mokganni eo e reng ha o mo seha tsebe, a o phehise, mo lese, o kene ka mora hae o itsamaele ka lebelo le bolokehileng.
"Se dule o phehisana le bakganni ba bang," ho rialo ngaka ya kelellong Sibonelo Hlatshwayo. "Mohlomong o tla phehisana le motho ya nweleng ya tla qetella a o lemaditse.
Simon le Rosemary Majola mmoho le moradinyana wa bona ya dilemo di tharo, ba ne ba qetelle ba sulafaletswe ke leeto la bona la Kereseme. Simon o ne a bone koloi e neng e mo dutse diretheng. Mokganni wa koloi eo a pota lehlakoreng mme ba qala ho rohakana le Simon.
Ka mora moo, mokganni eo a fokotsa lebelo a boele a itsamaela butle ka mora Simon. Simon o ne a nahane hore ho feletse moo ho fihlela a utlwa ho se ho lla tholwana. Mosadi wa hae ya neng a le dilemo di 32, o ne a thunyehe hloohong, a hlokahala ka le hlahlamang.
Ona ke ona moputso wa bakganni ba ratang ho nna ba thibela bakganni bana ba kgannang bohlaswa. "Ho etsa jwalo ho kotsi," ho rialo Reggie, mokaubere wa mokganni. O etsa mohlala ka mosadi eo e neng e re le ka mora matsatsi a mararo ka mora kotsi, a nna a phehella hore yena o ne a se phoso, ke yena ya neng a tlamehile ho kena mmileng. O ne a tiisitse, empa hoja a se ke a phehella, a ka be a sa ka a robeha dikgopo, athe le koloi ya hae e sa kgobeha.
Ha maemo a hlobaetsa
Ha maemo a le mabe, ho betere ho tswela lehlakoreng. Jerome Zondi o hopola mohlang a iphumanang a potapotilwe ke dithuthuthu.
"E ne e le mmileng o monyenyane, maemo a le mabe, ke ha ke kena lebenkeleng le haufi, ke ithekela tee. Ka mora metsotso e leshome, ka tswela pele."
Ha o iphumana o tsamaisana le mokganni ya bohlaswa, theola moya, seo o ka se etsang mohlomong ke ho nka dinomoro tsa koloi eo mme o letsetse mapolesa. Bakganni ba bohlale ke bana ba behang meya fatshe ha ba kganna.
BJ Shandu, eo e neng e le molaodi kakaretso wa Highway Safety research centre, yena o re o dutse a ikgannela moleng o ka letsohong le letshehadi, a itsamaele hantle a phodile. Reggie Ntombela o kganna ha jwalo le ha a ya mosebetsing. "Ha ke ikgathatse ka bakganni bao ba ntshehang tsebe bohlaswa."
Bakanni bana ba nahanang hore mmila ke wa bona ba kotsi. Ho beha moya fatshe maemong a jwalo, ke ho ipholosa, wena le bao o tsamayang le bona. [s]
Se fele pelo. Ho halefa ho ka mpefatsa maemo!
BONA SESOTHO - September 2006
u
t
Bakganni ba lonya ke mathata mebileng
BONA SESOTHO - September 2006
