sotho.2739.freshpak_2
B4688/05/09
Mme bahlodi ke...
Freshpak, BONA le Jose House Of Beauty e ne e ena le tlhodisano e babatsehang eo ho yona ho fanweng ka dibasari tse pedi tsa ho etsa dithuto tsa botle mmoho le tse tharo
tsa dithuto tsa tlhokomelo ya manala.
Re kopane le bahlodi hona moo Jose, mme ba re bolella ka boiphihlelo ba bona
sebakeng sena
Thandiwe Phakathi le Fikile Madingwane, bahlodi ba tshehetso ya dithuto tsa dilemo tse pedi, ba re kholetjhe ena ya Jose House Of Beauty e tshwana le lehae la bona mme matitjhere a bona ekare ke ba malapa a habo bona. Ba Jose ba re "banana bao ba ikemiseditse ka mosebetsi wa bona wa sekolo mme hape o ba natefetse".
Nthati Joyce, Tintswalo Baloyi le Nthabiseng Sethaka ba hapile dithuto tsa nakwana tsa tegniki ya tlhokomelo ya manala mme ba rata dithuto tsa bona haholo ba bile ba ikemiseditse ka mosebetsi wa bona.
Freshpak, BONA le Jose House Of Beauty ba motlotlo ka banana bana ba bahlano mme ba na le tshepo ya hore ba tla atleha le mosebetsing wa bona.[s]
YA NTSHETSOPELE
