sotho.2738.lvovo
Leha a dutse a le maphathephathe, o iphile nako ya ho buisana le rona ka setumo, feshene le ho phonyoha ntshing tsa lefu - le toro e sa tlo hlola e phethahala...
Pale ka Patricia McCracken, ditshwantsho ka Sally Chance
BONA NALEDI
O qhanolotse L'Vovo
PELO e ba tshweu ha L'Vovo Derrango a kena hekeng ya motse wa hae o Manor Gardens, Thekong. Ka dikgwedi tse tsheletseng feela, a kene mminong, a hlahisitse albamo ya pele, Derrango, e fihletseng platinum ka thekiso ya yona, o se a kgonne ho reka koloi ya Audi A3 sportback e bileng e ngotsweng LVOVO-ZN. O rekile le ntlo ya maemo jwale. Empa thabo ya hae ha e so felle hobane ntatae ha a sa le yo hore a thabe le yena.
"Ntate o hlokahetse ke sa kena poraemari. Lelapa lohle leso le nqoqela sohle ka yena, ke mo hlolohelwa haholo," ho bolela L'Vovo, eo lebitso la hae la nnete e leng Thokozani Ndlovu. "Ho na le dintho tseo bashemane ba ratang ho qoqa ka tsona ka bontata bona.
"Ha ba bang ba qoqa ka bontata bona, ke a hlomoha, ke ipotse hore, hobaneng wa ka a hlokahetse. "Ke lakatsa eka a ka be a phela, a bone katleho eo ke e fihletseng."
O ATLEHILE ka thekiso ya dialbamo tsa hae tse pedi hape ke thatohatsi meketeng ya mmino - batshehetsi ba hae ba mmitsa Teddy Bear, jwalo ka ha sehlooho sa albamo ya hae ya bobedi se bolela.
"Batho ba nkamohetse di tloha feela. Ba a nthoholetsa, ba batle ho ntshwara, ba nkuke ditshwantsho. Ke ne ke batle ho ba etsetsa ntho eo ba tla e rata, ke ka hona ke neng ke hatise teddy bear hobane le nna ke shebahala jwalo ka yona. Pina eo ke ya hore feela ho bona: 'ke leboha tshehetso le kamohelo ya lona.'"
Ha ho teddy bear ka koloing ya hae leha ho ena le popi ya Garfield fenstereng e ka morao, ke ka hona a bileng a bitswang, Ladies' Man. "Ke rata ho apara ka makgethe ha ke bina," o boletse jwalo a bile a re bontsha le dikipa tsa hae tseo a di tenang ha a bina hohle naheng ena. "Ke rata ho tena dikipa tse nang le kholloro."
O sebetsa matsatsi a mane bekeng, ho tloha ka Labone kapa Labohlano ho ya ho Mantaha. Ha a sa bine kapa ho se moo a sebetsang teng, o thabela ho itulela motseng wa hae o motle, moo baahisane ba hae ba dutseng ba kgathatsehile ka hore ho se be le batho ba pakang tulong tsa bona.
O na le sehatsetsi se seholohadi se setle athe dikhabathe tsa kitjhene tsona di phethilwe ka lejwe la granite. O rata o futswela ka mafi kapa a e jelelle ka nama mme ho a totobala hore ke tsona tsena tse etsang eke ke Teddy Bear.
Diphaposing tse moahong o ka hodimo teng, ha o sheba kantle ka fenstere o le ho ya hae ya ho robala, o nepana le mahlaku a sefate sa palema. O bona o kena feela hore ena ntlo ke ya lesoha, ka mekgabiso, ho tloha ho TV e kgolohadi ya 102cm TV le X-box eo a bapalang bolo ho yona - a qothisane lehlokwa le dinaledi tsa matjhaba tsa Chelsea. Dipika tsa hae di ntsha modumo o matla wa mmino ofe kapa ofe ho tloha ho wa jazz le wa classical hantle jwalo ka wa
kwaito le wa house.
METSWALLE ya hae le ba lelapa o ba letsetsa neng kapa neng mme o mo utlwa di tloha feela ha a se a bua le mmae. Ke kgorula baneng babo ba tsheletseng, bao ka maswabi ba seng ba setse ba le bararo feela. Ausi wa hae, Jabu Soko le Lindokuhle Ndlovu ba dula Newcastle le mma bona, Thokozile Ndlovu (52).
"Mme ke mohlala bophelong ba ka hobane ke lehlatsipa la mathata bophelong ba hae," ho bolela yena. "O nkgothatsa haholo.
"O nthusitse ka sohle seo ke neng ke se hloka bophelong leha a ne a hama a ikotella, e le mohlolohadi - le jwale o sa ntse a ntshehetsa haholo.
O leka ho ya habo Newcastle jwalo hang ka kgwedi. Keresemeseng e fetileng, o ile a ya diphomolong le ba lelapa la habo bakeng sa ho ya bina meketeng ya boithabiso. Ke hona mona moo a neng a fumane lebitso lena la LV, a rehellwa ka sebini sa rap sa Moamerika se neng se tumme ka nako eo.
"Eitse ha a fihla sekolong sa thuto e phahameng Thekong, metswalle ya mmitsa L'Vovo," ho bolela yena.
Eitse a phetha dithuto tsa hae Durban University Of Technology, o ne a se a bitswa ka mahohle ho tla ba molaodi wa mananeo meketeng.
"Ke ne ke sa nahane hore nka ba sebini ka ha ke ne ke qetetse ho bina, ke sa le poraemari," se boletse jwalo sebini sena sa mmino wa kwaito seo bokgoni ba sona ba ho thabisa letshwele bo neng bo bonwe ke mohlahise, Zakhele Madida. O ne a meme L'Vovo ho tla studio ho tla bua nakong eo ho bapalwang mmino.
"Ka mora dibeke tse pedi, o ne ntetsetse mohala a re, 'He monna, o na le lentswe le monate.' Ke ne ke sa nahane hohang hore nka ba sebini empa o ne a nkgothatse."
O NE A hlokomelehe ka bonolo. Empa o ne a tlamehe ho sebetsa ka thata a lokisa mantswe a mmino wa albamo ya hae e ntjha. Dikhampane tse ding di ne di hane ho hatisa mmino wa hae - a ba a bina pina e reng, Bayangisukela ("Ba a nqala"), e neng e tswa botebong ba pelo ya hae. Ke yona ena e qeteletseng e mo hapetse kgau ya Pina e Hlwahlwa
ya Selemo ho Metro
FM, empa moketeng wa dikgau tsa selemo se fetileng tsa SAMA
ba iphapanyeditse yena.
Mohlomong ba ne ba sa utlwisise morethetho wa Durban Kwaito Music, DKM hantle oo a neng a se a betsa ka ona. Le ona jwalo ka curry ya teng, o baba he!
"Mmino wa kwaito mane Joburg ke boiyane ba ditsie. Athe Thekong ha o matla haholo. O ka nna wa kganna o o mametse o be nne tantshe.
"Albamo ya ka ya bobedi ke ya motswako wa kwaito le wa house. E bua ka se etsahalang bophelong ba rona ba letsatsi le letsatsi." O bua leha e le ka eng feela ho bile ho na le moo a buang ka ho hanelwa ha hae ho kena Dubai - se neng se etse hore a hlolehe ho ya bina le Malaika London - ho ya ho ka moo banana ba sa feleng ditlelapong hobane feela ba latetse bashanyana.
O boetse hape o bua le ka bophelo ba hae. L'Vovo o hopola hantle ha yena le Zakes ba phonyoha ntshing tsa lefu. Ka Loetse selemong se fetileng, ba ne ba kganna ba etswa moketeng wa mmino Delmas ba leba Boemafofaneng ba OR Tambo ha koloi eo ba neng ba lokela ho fapana le yona e etla e ba tobile, e ba thula!
E mong eo ba neng ba tsamaya le yena, DJ Budda, le mokganni, Sello Mohlala, ba ne ba hlokahale hanghang. Mookamedi wa bona Zakhele Madida le L'Vovo bona ba lemala. L'Vovo o ne a etswe opereishene ya ho kgomathiseletsa sephaka se robehileng ka tshepe.
"Ra thojwa maikutlo mme ra ipolella hore DJ Budda o hlokahetse re etswa mosebetsing, e seng hobane re ne re tswa etsa dintho tse tswileng tseleng. Re ne re bone hore haeba ke ona morero wa Modimo, re lokela ho tswelapele le ho bina, re hlahise le albamo ya bobedi eo a neng a tla bina ho yona hoja ebe o ne a phonyohe.
"Ke ne ke qale ho ya studio letsoho la ka le sa ntse le kentswe samente. Ra hatisa albamo eo dikgwedi tse pedi kaofela." Ka mora boinehelo boo ba ho hlompha mofu, motswalla bona, ba kenyeletsa le pina eo ba neng ba bina ba le babedi ho yona, L'Vovo a ipha phomolo.
"Ha re na hlahisa letho selemong sena. Empa nka nna ka hlahisa DVD..." ho bolela yena. Ha o sheba katleho eo a e fihletseng ka video ya hae ya pele e neng e mo hapele kgau ya Best Kwaito Video ho Channel O dikgaung tsa Afrika, ha ho pelaelo hore le jwale o ntse a tla ntsha motla o tutswe! [s]
O kgathatseha ka tjhebeho ya hae - "Ke dutse ke tenne dikipa tse kganyang tse bileng di nang le melala ha ke bina sebayeng," ho bolela L'Vovo. "Ke di reka leha e le lebenkeleng lefe feela moo ke kopanang le tsona."
Teddy Bear o kgatholohile lapeng - o bapala kgahlano le sehlopha sa hae seo a se ratang Chelsea ka X-Box.
Makgetlo ao lebitso lena "L'Vovo" le hlahellang ka ona ho Internet: ntle ho la sebini seo, ke ha ho buuwa ka toropo e nngwe ya Russia!
u
t
Aaah!! - L'Vovo albamong ya hae ya bobedi, o ntsha maikutlo ohle a hae ka Mathaka a nyolosang a theosa ka koloi ya hae.
LERATO LA PELO YA KA
Ho na le motho wa bohlokwa bophelong ba ka (o a ipolela jwale Ladies' Man). Empa o re ha a batle ha a ka tsebiswa setjhabeng. O iphelela bophelo ba hae, ha a kopana hohang ke setumo sa ka mme ha ke rate ho tjhentjha seo.
Ho yena ke phomola ha monate, ha ho sephethephethe. Ho ne ho tla ba le kgatello e kgolo hoja bobedi ba rona re ne re sebetsa boithabisong. Ha ke rate hore a tsejwe, ho tsejwe le moo a dulang le seo a iphedisang ka sona.
Ha re na nako e ngata ya ho ba mmoho mme ho bohlokwa ho ba le motho ya tla utlwisisa tsela eo o sebetsang ka yona hape a o tshepe.
