sotho.2735.jonathan
JOHNATHAN Butler o hopola bongwaneng ba hae, mohla a qalang ho hlwella kalaneng le mohla a fihlang mona Afrika Borwa a kopana le mosadi a mong tlelapong e nngwe ya Thekong ya neng a mmolelle hore o kile a mmona holong ya Carnegie. Holo ya Carnegie ke setsi se seholo sa mmino Dinaheng tse Kopaneng tsa Amerika.
"Ke ne ke sa tsebe le hore Carnegie eo ke eng, le hore e ho kae," ho rialo Butler eo kajeno a leng dilemo di 47. "Ha ke bina hona Carnegie, ho e ho fihle kelellong ya ka hore, mosadi eo o ne a bolela hore ke ne ke qale ho ema kalaneng ke le dilemo di supileng feela."
Re bua ka dilemo tsa bo 1970, dinako tsa sehlopha sa Golden City Dixies le dikgau tse neng di bitswa Sarie Award, dikgau tsa Afrika Borwa tse neng di le boemong bo tshwanang le ba di-Grammy. Eo e ne e le nako e boima ya bofutsana, motho a tlameha ho fepa lelapa lohle a le monyane.
Dilemong tsena tse mashome a mane, Butler o a makala ha a sheba tema eo a seng a e kgathile ho tloha a holela bofumeng mane Belgravia Estate, Kapa empa kajeno ke sebini sa matjhaba se hlontjhwang haholo.
Butler, ke sebini, sengodi sa dipina le seletsi sa katara. Ho thata haholo ho arola mofuta wa mmino wa hae, ke motswako wa R&B, jazz fusion, jazz le wa bodumedi. Albamo ya hae ya pele ya mosollane e ne e bapalwa ke diteishene tsa diyalemoya tsa makgowa nakong ya kgethollo mme e ne e mo hapele kgau ya Sarie.
Ka mora moo, o ne a kgethelwe dikgau tsa Grammy habedi mme seo sa mmeha maemong a matjhaba. Leha ho le jwalo, ha a lebale tsela eo a hotseng ka yona.
Ho nwa
"Ke tswa lelapeng le itlhophereng, ntlong e nyane, e se nang le motlakase, metsi le setofo," ho rialo Butler ngwana wa ho fela baneng ba 12.
"Re hotse ha bohloko, ka nako e nngwe, re ne re robala ka tlala. Mehleng ya rona, ho ne ho se bonolo ho etsa dintho tse sa tlalang tse kang ho tsuba le ho nwa."
O ne a qale ho sebetsa le sehlopha sa Golden City Dixies a le dilemo di tsheletseng feela, sehlopha sena se ne se hahlaula hohle le yena mme tjhelete a e fumaneng moo, a e nehe mmae hore a fepe lelapa.
"Le kajeno ke ntse ke ba hlokomela kaofela," ke yena eo.
Butler o ne a hlole mathata ao ohle. Clive Caulder, mohlahise khampaneng ya ho hatisa ya Brithani, o ne a hlokomele neo ya moshemane enwa. Seo se ne se mo fumanele monyetla wa ho etsa tumellano le Jive Records, mme jwale a tlameha ho leba Engelane moo a neng a dule teng dilemo tse 17 kaofela pele a fallela Amerika moo a dulang teng le mohatsae le bana ba bona ba bararo.
Tjheseho
Mafolofolo le tjheseho ya hae e bonahatse dipontshong tse pedi tseo a neng a be le tsona mane Artscape mohla la 2 Hlakola - dilemo tse leshome le metso e robedi ka mora ho phatlalatswa ha ho qetwa ha kgethollo ke Mopresidente wa mehleng FW de Klerk.
"E ne e be ntho e ntle. E ne e be ntho e kgothatsang, jwalo ka ha a ne a so ka a utlwahala a bina a rorisa Morena."
Ha a bolele hore ho rapelwe yena, empa ho rapelwe Modimo ka sebele.
Ho boela ha hae Kapa ho mo hopotsa tsa kgale.
O bolela hore Modimo ho teng seo a ratang ho se hlakisa ka ho tla bina ha hae kwano.
"A mang mathata a maholo ke ho ba le ditabatabelo tse kgolo ka lelapa," ke yena hape.
"Ke lekile haholo hore ke kgone ho etsa dintho ka nepo hore ke se ikwahlaye kamoso. Ke phephetso e kgolo ya ho lekalekanya dintho," ke yena hape.
Butler o bolela hore setumo e ba kgatello e kgolo dibining tse holetseng bofutsaneng.
"Sena se etsa hore dintho tsa hao di se ke tsa etsahala ka tsela eo o lakatsang ka yona, sena ke se neng se etsahala ho nna bongwaneng ba ka," ke yena hape.
O bolela hore se neng se mo atlehise ke lerato le tumelo ya hae ho Modimo.
Bokgabane
Jwalo ka ha a hotse nakong ya kgethollo, o re o hopola nakong eo a neng a tsohella kerekeng kamehla mane Joburg, moo batho ba merabe yohle ba neng ba rorisa Modimo mmoho.
"Seo se ne se mphetole," ke yena eo.
Mmino ke mpho e "ntle" eo Modimo a e behileng dipelong le dikelellong tsa batho ba hae," ho hlalosa yena.
Butler ya seng a rekisitse dikhophi tse fetang milione, o ntshitse dialbamo tse pedi ngwahola ka 2007, Brand New Day le Live In South Africa, ho tlatseletsa tse 13 tseo a seng a na le tsona ho tloha ho 7th Avenue, a neng a e hatisi ka 1977.
O bolela hore leha bonaledi bo ne bo mo imela nakong eo a neng a sa le monyane, empa o a itebohela hobane kajeno o atlehile. O ne a nka dintho hanyane.
"Se nkele dintho hodimo," ke keletso ya hae dibining tse sa leng nyane, "o tla bona, o tla atleha ho feta motho ya potlakelang dintho." [s]
MMINOWAPOP
O kgutlile Jonathan
Dipontshong tse mmalwa tse sa tswa feta Afrika Borwa, Jonhathan Butler o ne a bua ka setumo, mmino, Modimo le bofuma boo a holetseng hara bona...
pale PATRICK BURNETT DITSHWANTSHO PICTURENET
u
SE NKILWE KE SEBONTSHI
O tlatlapilwe
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
BOTHATA: Ke ne ke sebetsa polasing, mme ka lelekwa. Rapolasi o ne a nqosa ka boshodu le hore nna ke ferekanya basebetsi ba bang ka ho ba kgothaletsa ho ba ditho tsa mokgatlo wa basebetsi. Tseo tsohle e le ketseletso.
Ha nka ba ka nehwa karete ya ho fellwa ke mosebetsi, empa ke ne ke leshwe moputso wa dikgwedi tse tharo. Mohlape wa hae o fula sebakeng sa heso mme o re re tlose diphoofolo tsa rona ho fule tsa hae feela. Nthuseng hle.
KELETSO YA BA SCORPION:
Potso ya pele e hlahang ke ya hore: ekaba mohiri wa hao o ile a o neha foromo ya qoso, mme wa bitsetswa komiting ya kgalemo"
Haeba seo se sa etsahala, o lelekilwe ka ho seng molaong mme ha ke qeaqee hore CCMA e tla o kgothaletsa ho mo makalla tlasa mabaka ao.
Taba e mpe le ho feta e tla etsa a behwe molato, ke ho o leleka ka lebaka la ho ba setho sa mokgatlo wa basebetsi. Haeba a entse jwalo, seo se etsa hore o be "o tlatlapilwe." Ka lebaka leo, CCMA e tla rata ho utlwa hore na wena o reng hobane haeba mohiri a o lelekile ka tsela e seng molaong, o tla nehwa kotlo e kgolo.
Taba ya karete ya hao ya ho fellwa ke mosebetsi, o tlameha ho e tlaleha kantorong e haufi le wena e shebaneng le ditaba tsa mofuta oo.
Ba tla o thusa ka potlako hore o fumane karete eo ya hao.
Bakeng sa ditshoso mmoho le mobu wa heno, re o eletsa ho fumana mmuelli.
Re rialo hobane, hore o tsebe ka ditokelo tsa hao tabeng ena, o hloka setsebi sa molao, mme ha ho e mong ntle le mmuelli.
Haeba o se setho sa Scorpion Legal Protection, mme hape o sa kgone ho itefella ditjeho tsa mmuelli, re o eletsa ho ikopanya le kantoro ya ha Legal Aid Board e haufi le wena.
Toropo e nngwe le e nngwe e tlameha ho ba le yona. Bona ba tla o thusa ka diphuputso mme ha ho hlokeha, ba o nehe mmuelli ya tla o thusa.
Haeba ba ha Legal Aid Board ba dumetse ho o thusa, ke bona ba tla lefella ditjeho tsa mmuelli.
Ha re kgone ho o neha diaterese tsohle tsa ha Legal Aid Board mona makasineng, e ya lekgotleng la manki mme bona ba tla o neha aterese ya kantoro e haufi le wena. [s]
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
TSAMOLAO
Romela mathata a hao ho BONA Tsa Molao, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
t
