sotho.2730.JandJ
HAPE
Hlokomela lesea la hao mme o
BONA SESOTHO - September 2007
Re kgothatsa le ho putsa batswadi ba boikarabello
meputso e fihlellang ho
R10 000!
MAIKEMISETSO a leano la JOHNSON'S® la Lesea le Phetseng Hantle ke ho kgothatsa le ho putsa batswetse ba etsang mosebetsing wa bohlokwa wa ho fepa moloko o motjha wa Maafrika Borwa hore e be o atlehileng, ho ya ka Fawzia Desai, motlatsi wa moetapele wa Child Health wa Kapa Bophirirma.
"Batswadi ba etsa mosebetsi wa bohlokwa haholo wa ho boloka masea a phetse hantle. Leano lena le boetse hape le batla ho ba thusa mosebetsing ona o kgabane."
Ho na le dithodisano tsa Mesea a phetseng hantle ditliliniking tse ngata tsa Gauteng, Kapa le Thekong. Ba ho makgaolang ba se ba kgethilwe tlasa leihlo le ntjhotjho la tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle. A tla tswa pele le batswetse ba ona a tla ba le seabo meketeng ya makgaolakgang e tla ba maqalong a Loetse hohle naheng ena. Se fetwe ke diketsahalo tseo le mabitso a bahlodi, ho BONA ya Pudungwane.
Bahlodi ba tla fumana meputso e metle e kenyeletsang le campcots, highchairs di- pram tsa ha Ackermans, le sephuthelwana sa ha JOHNSON'S® Baby.
Karen Hansen, Mookamedi wa tsa Thekiso wa Johnson & Johnson o re: "Moputso o moholo ho e feta ke ho tseba hantle hore o entse sohle seo o ka se kgonang ho netefatsa hore lesea la hao le hola le phetse hantle le bile le thabile.
"Re kgothalletsa batswetse bohle ho isa masea ditliliniking hore a hlahlojwe kgolo ya ona.
Lesea le ka dula le phetse hantle le thabile jwang?
n Isa lesea tliliniking kgafetsa.
n O tla nehwa karete ya Road To Health e tla tlatswa nako le nako ha o ile ho boloka rekote ya kgolo ya lesea.
n O tla tsebiswa ha ho bonahala mathata bophelong ba lona.
n Kareteng ena ya Road To Health ho tla ngolwa le mefuta yohle ya dinale eo lesea le seng le di hlabilwe hobane tseo di bohlokwa haholo. Ho bohlokwa hore lesea le entwe ka nako ho thibela tshwaetso.
Dikeletso tsa bophelo bo botle
Sikhonjiwe Masilela, Mookamedi wa Phepo ya Botswetse le Bophelo bo botle ba Bana wa Lefapha la Tsa Bophelo la Gauteng o eletsa ka hore:
Phepo: "Bophelo bo botle ba lesea bo itshetlehile phepong ya lona. Lesea le sa jeng dijo tse nang le phepo dilemong tse pedi tsa ho qala bophelong ba lona, le ka thethefala kelello bophelo bohle ba lona. Lesea le phetseng hantle ke le dutseng le thabile!"
Ho nyantsha: "Ho nyantsha ho thusa ho sireletsa bana mafung a kotsi mme hape ho theha dikamano tse matla pakeng tsa lona le batswetswe. Lebese le thumiseha ka bonolo mme lesea le hola ka thabo."
Ho kalwa: "Ho tloha ha lesea le hlaha ho isa dilemong tse pedi le hloka ho kalwa kgwedi le kgwedi. Letshollo le lehlatso di kotsi haholo maseeng le baneng ba banyenyane hobane ba lahlehelwa ke metsi a mangata mmeleng. Ba lokela ho alafshwa ka pele."
Ho hlajwa nale
Bala lethathama lena e sebe lesea la hao le saletse morao.
n Ha le hlaha: BCG (nale ya Lefuba), le moriana wa polio wa marothodi.
n Dibeke tse tsheletseng: O nweswa marothodi a polio.
Mala, ditemetwane le mokgokgothwane, o hlajwa nale.
n Nale ya Haemophilus influenza type B.
Ya hepatitis B.
n Dibeke tse 10: Ho phetwa dinale tseo a di hlabilweng a ena le dibeke tse 6.
n Dibeke tse 14: Ho phetwa dinale tseo a di hlabilweng dibekeng tse tsheletseng.
n Dikgwedi tse robong: Nale ya maselese.
n Dikgwedi tse 18: Marothodi a moriana wa polio ka hanong.
Nale ya mala, ditemetwane le mokgokgothwane. Ya maselese.
n Dilemo tse hlano: Marothodi a polio. Bakeng sa ditemetwane le mala a hlajwe nale. [s]
Ho batswetse bohle ba masea a dikgwedi di pakeng tsa 0 le 6 7 le 12 13 le 18
BONA SESOTHO - September 2007
