sotho.2729.dyslexia
Ekaba ngwanahao o na le dyslexia"
Mathata ana a ka hudisa ngwanahao ka ditlhako tsa morao sekolong, empa leha ho le jwalo, e teng thuso hore a boele a phele bophelo bo tlwaelehileng...
DUMISANI ya dilemo di supileng ho boima ho yena ho sebedisana le baithuti ba bang sekolong. Ho boima ho yena ho bala mme ha a ngola, o kopanya mantswe e be motswebere feela ntho e sa baleheng. Batswadi le matitjhere a hae ba maketse hobane moshemane enwa o bohlale o bile o tswa pele dinthong tse ding ho kenyeletsa le dipapading.
Ha a ne a le dilemo di robong teng o ne a hlile a hula ka thata haholo dithutong tsa hae.
Baithuti ba bang ba ne ba se ba mo soma ba mmitsa "sehole."
Ka lehlohonolo la moteha phala, titjhere e ntjha ya Dumisani, e kgonne ho fumana hore o na le mathata a ho ithuta a bitswang dyslexia.
E ne e re hoba a fumane thuso ya ditsebi, Dumisani jwale le yena a kgona ho hlola mathata ana a neng a mo kgathatsa.
"Haeba dyslexia e sa hlokomelwe, e ka senyetsa motho bophelo," ho rialo Marj Arslanian wa Audiblox, lenaneo la tsa thuto lefatsheng ka bophara le shebaneng le mathata a ho ithuta ha baithuti.
Maemo a na a ama bana le ba baholo ka tsela tse fapafapaneng mme ho ya ka boima ba ona.
Bongata ba batho ba nang le bothata bona, ha ba kgone ho ngola le ho bala. Mathata a na a boele a kene le dipalong.
E sebetsa jwang
Ke ana matshwao a motho ya nang le dyslexia...
O tla bona mantswe a bobebe a kang RAT a ngotswe a lobokantswe e be TAR, WON e be NOW.
Polelo e se ke ya utlwahala, mantswe a a lobokanye.
Ba fetole le ditlhaku tse ding mohlomong, d e be b.
Shebisa leqephe leo seiponeng mme o bale hona seiponeng moo. Ke moo he o tlang ho fumana mongolo o balehang.
Matshwao
Ke ana matshwao a bontshang hore ngwana o na le mathata a dyslexia:
t A se bone phapang pakeng tsa leqele le lentsoho - e leng sona sesosa sa ho lobokanya mantswe le ona manane.
t Dyslexia e neha motho mathata ha a lokela ho hlahlamisa mantswe ka nepo. Re ka etsa mohlala ka: 1-2-3-4-5, kapa Mantaha, Labobedi, Laboraro. Ha ba kgone ho hlahlamanya.
t Mongolo o sa baleheng. Ana ke maemo a hlileng a leng thata ho be boima le ho nahanela hore na e be motho o ne a leka ho reng.
t O dieha ho tseba ho bua. Dipatlisiso di fumane hore ho teng ho nyalana ho itseng pakeng tsa ho dieha ho bua le ho ba le mathata a ho ithuta.
t Ho bala butle, hampe le teng.
t A se kgone ho ngola.
Seo o ka se etsang
Haeba o belaela hore mohlomong ngwanahao o na le dyslexia kapa o na le mathata a ho ithuta, ho molemo hore o bonane le titjhere ya hae. Dikolong tse ngata ho na le matitjhere a rupeletsweng tharollong ya mathata a kang ana mme a ka nna a o fetisetsa ditsebing.
Haeba ho na le motho ya nang le mathata a dyslexia ka lapeng, e sa le nako, thuso e a fumaneha. [s]
BONA SESOTHO - March 2008
TSABOPHELO
pale ka GRACE KHUZWAYO setshwantsho ka GREAT STOCK!
Dyslexia e ka thotofatsa ngwana dithutong tsa hae.
