sotho.2723.believers
Re hopotse Mafolofolo
Re tla dula re mo hopola
Ba ne ba bolaye setjhaba sa habo le toropo empa ha ho motho ya neng a kgone ho hatikela mokaubere ona ka ho rata ha hae mme qetellong ke yena pale ya nnete ya bophelo ba morena enwa wa MoKreste wa Afrika e ka borwa...
pale ka JUSTIN ARENSTEIN le NATALIE NETO
ditshwantsho ka VANESSA GROBLER
SE SETSENG feela moahong ona wa BaKreste ka borwa ho Afrika ke lebitla le kgotsitseng le sa ngolwang le ho ngolwa le polasing e kantle ho Lydenburg.
Motsemoholo ona wa Mafolofolo (Place Of Joy), le kereke ya teng e ahilweng ka majwe, dikolo le sohle se neng se le moo se heleditswe dilemong tse 130 tse fetileng.
Boholo ba setjhaba sa Mafolofolo bo ne bo bolawe mme mahlatsipa a fetolwa makgoba ka mora hore senowe sa bona sa MoKreste morena Kgalema Dinkwanyane, a shwe a leka ho se sireletsa le hore se be le tokoloho ya bodumedi.
Ka maswabi, dipolao tsena di ne di susumetswa ke e mong wa baruti ba neng ba tshaba Mafolofolo a bona ekare tumelo ya hae e tla tshehetswa haholo ke setjhaba ho feta ya hae. Maburu a bafihli le ona a bona hore tokoloho ya MaKreste e tla nyopisa mmusonyana wa ona mme a laela hore e hatikelwe.
Tshenyo ena e bile e mpe ka ho fetisisa hobane ho thwe ba ne ba ripitle sohle, ba senya le direkote tsa nalane ya Afrika e ka Borwa.
"Mane Jeremane ke ne ke bone direkote tse ding tsa ya reng o ne a iponele ka mahlo ho etsahala tsena tsohle mishoneng oo e seng e le polokelo ya dintho tsa kgale tsa dikereke tse neng di sebediswa Afrika Borwa ka nako eo," ho bolela setsebi sa nalane sa Moafrika Borwa, Profesara Peter Delius.
Ho ngolwa nalane botjha
Profesara Delius ke monna ya ngotseng nalane ya Mpumalanga botjha. O ne a etella pele sehlopha sa ditsebi tsa nalane tse 16 tsa naheng ena, tseo hara tsona ho nang le ditsebi tsa majwe, tse neng di utulla dipatilweng tsa lebatoweng leo ka kgopolo ya ho supatsela ya tswelopele ya sejwalejwale Afrika Borwa.
"Bophelo ba Dinkwanyane bo ka tshwantshwa le ba bahale ba Bibeleng: jwalo ka Moshe ka nako eo a neng a etella setjhaba pele a se isa lefatsheng la boiketlo," ho bolela Delius.
"O ne a kopanya tumelo tsa SeKreste le meetlo ya Seafrika mme a qala mokgwa o motjha wa bophelo, o dumellanang le maemo a nako eo.
"Leha a ne a sa amoheleha dilemong tseo tsa bo 1900, empa diphephetso tseo a neng a tobane le tsona le tharollo ya hae mathateng a bophelo e ne e le matla haholo, e bontsha hore ke Moafrika Borwa ya nang le tjhebelopele e phelang."
O amohela BoKreste
Dinkwanyane e ne e le moholwane wa morena wa Bapedi, Morena Sekhukhune. Dinkwanyane a amohela tumelo ya BoKreste mme jwale ho hanyetsana ha hae le meetlo ya Seafrika ha mo fetola mophaphathehi mmoho le Bapedi ba bang ba BaKretse.
Ba ya tshabela mishoneng wa Alexander Merensky mane Botshabelo (Place Of Refuge) haufi le Middelburg, moo ba neng ba fihle ba thusa ho aha sekolo se seholo sa Zuid Afrikaansche Republiek, mmoho le kereke ya matjhaba, ba aha difaboriki mmoho le Fort Merensky.
Leha bophelo ba BaKreste bana ba Dinkwanyane bo ne bo le thata, empa bo ne bo le betere ho feta pele. Le hona moo Merensky ba ne ba behetswe melao e thata, ba hatellwa hore ba phethe meetlo ya Seafrika e kang ya lebollo le ho ntshetsana mahadi.
Hape ba tenwa le ke ha ba hanelwa ho ba le ditsha tseo e leng tsa bona, ho thwe ba sebeletse Baruti ba Maburu. Dinkwanyane a theha dipuisano tsa ho hlophisetsa setjhaba sa hae bokamoso bo botle mme qetellong a etella pele setjhaba sa ba ka bang 300 ha ba ngala naheng eo ya Bapedi ka 1873, hobane a sa batle hore ba etswe makgoba a Maburu kapa hore ba etsiswe meetlo eo ba sa dumellaneng le yona.
A fihla a theha mmuso wa BaKreste pakeng tsa wa Maburu le wa Bapedi moeding wa Speckboom River Gorge.
Place Of Joy
Mafolofolo ya qala ho lebelwa ka thata mme le toropo ya teng ya teratelwa ka thata ka mabota a ahilweng ka majwe, ha kenngwa diheke tse kgolo. Kantle ho meaho eo ho neng ho ena le mahaha a baphaphathehi.
Bohareng ba moaho, ho ne ho ena le kereke e kgolo e ahilweng ka majwe e neng e kgona ho kenya setjhaba kaofela ka Disontaha. Hara beke e ne e sebediswa jwalo ka sekolo.
Ho ne ho kgabisitswe hantle ka mathoko mme mobu wa teng o nonneng o ne o tshellwa kgafetsa hape ho lengwa. Mafolofolo ya hola mme le setjhaba sa yona sa ata.
Empa Afrika Borwa dilemong tsa bo 1870 e ne e se na sebaka sa Mafolofolo hohang.
Dinkwanyane o ne a ena le dira le ka hara setjhaba sa hae. O ne a hanyetsa dintwa le Maburu a neng a batla batho ba lefe lekgetho. O ne a ena le sesole se rupelletsweng hantle se bileng se hlometseng ka thata.
Baruti ba kwatileng
MaKreste a batho ba batsho a neng a hlekefetswa ditikolohong tse ding, a ne a balehela Mafolofolo, dimishone tsa makgowa di tlala batho tswete mme maburu a neng a batla makgoba a ho sebetsa dipolasing a qala ho sokola.
Baruti ba makgowa le a mang a bafihli a neng a tenehile a hatella presidente ya mehleng eo Thomas Burgers ho hanyetsa Mafolofolo hore e se be le sesole ka hare ho naha ya Repaboliki. Maburu ana a tshehetswa le ke mebuso e mmedi ya Swatsing.
Maburu a hlasela motse wa Mafolofolo mme a shebella ha sesole sa Maswatsi se ripitla setjhaba sena, se kene ka masoba a neng a phuntswe ka dikanono maboteng.
"Ha qala masisapele a tshabehang," o ngotse jwalo e mong wa ba neng ba iponele, moruti wa lekgowa wa Lydenburg wa Christian Bauling. "Maswatsi a ne a rora jwalo ka ditau ka nako eo babolayi ba neng ba ripitla setjhaba se se nang molato.
"Ba ne ba bolaye bohle bao ba neng ba ba fumane sebakeng seo, ha sala basadi ba bane le bana ba bane."
Dinkwanyane le basireletsi ba hae ba Mafolofolo ba kgona ho tjhetjhisa sesole sa Maswatsi habedi mme maburu ona a hana hehehe ho hlasela ka mora hore a hlokomele ka moo BaKreste bao ba neng ba e hlanaka senna ka teng.
Maswatsi a kgutlela hae. Maburu a etsa qeto ya ho se hlasele Mafolofolo hape a le mang empa a ya qeka mmuso wa Bapedi ho ba thusa - ba boela ba hloleha hape mme ba kgutlela Repaboliki hape. Leha Mafolofolo e ne e kgone ho itshireletsa empa Dinkwanyane o ne a lemetse haholo. A ikela badimong dihoranyana ka mora hore Maswatsi a furalle.
A ba sitisa
Maburu a kgutla ka mora dikgwedi tse mmalwa Dinkwanyane a patilwe ho tla ripitla mmuso wa BaKreste ba Afrika e ka Borwa. Ba kenella karolong e kgolo ya toropo eo ho kenyeletswa le dikerekeng tsa teng le meahong e meng e meholo a tsamaya a heletsa a senyakaka sohle seo a kopanang le sona.
Lebitla la sejwalejwale la Dinkwanyane lona la sala le ikemetse le le leng ka bodutu mme la nna la eba sebaka se hlomphehang. "Hape ha boela ha ba le dikarolo tse ding tseo mabota a teng a ahilweng ka majwe a kgabiswa ka mekoti e metle, e leng sona sebopeho se setlenyana ka thokwana ho noka ya Speckboom nqalong ena e kgutsitseng.
"Ho a makatsa hore ebe Mafolofolo ha e hlahelle hohang mmapeng le dibakeng tse ding tse ka etelwang ke bahahlaudi, haholoholo hobane le morena wa teng o shwele a lwanela tokoloho ena eo le kajeno re sa ntseng re e lwanela: tokoloho ya ho kgetha seo o se ratang hara tsa kgale le tse ntjha," ho hlalosa profesara Delius.
"Jwalo ka Mafolofolo, re setjhaba se lwanelang ho fumana botsitso pakeng tsa dintho tse fapaneng. Hantle jwalo ka BaKreste bao ba mehleng ba Maafrika, le rona re leka ho tswaka meetlo ya Sekgowa le ya Seafrika ho ipetlela tsela e ntjha eo re ka phelang ka yona." [s]
African Eye News Service/Lowveld Living
BONA SESOTHO - July 2007
KA HO LE LETSHEHADI: Mokaubere, Dinkwanyane, morena wa pele wa BaKreste ba Afrika Borwa.
KA HODIMO: Profesara Delius.
KA HODIMO HO LE LETONA: Kereke ya Botshabelo e neng e ahwe ke Bakreste ba Dinkwanyane.
BONA SESOTHO - July 2007
u
t
Afrika Borwa dilemong tsa bo 1870 e ne e se na sebaka sa Mafolofolo hohang
Ke diqubuhadi tsa majwe feela tse seng di setse toropong ena e kileng ya eba kgolohadi.
BONA SESOTHO - July 2007
