SOTHO.2722.yourstyle_teen
Phila Mazibuko
Sebohodi sa lenaneo la Live se re bolella ka feshene ya sona
FESHENE YA BATJHA
1. Ke bona feshene e kgutletse...
Ho ya matsatsing a kgalekgale. Re tena feshene e neng e tenwa ke batswadi ba rona.
2. Ke kgethelwa diaparo ke...
Tshepo Morupo ha ke le mosebetsing. Empa ka nako e nngwe ke tena diaparo tsa ka.
3. Ke rata setaele sa...
Ha ho se ikgethang. Ke tswakatswaka diaparo feela.
4. Ke rata moriri o tjena hobane...
Ke na le hlooho e kgolo e hlokang ho patwa ka mokgwa o ikgethang!
5. Lekunutu la ka la feshene ke...
Ha ke sebedisa dinyanyatsi. Ha ke rate maphoka a itseng.
6. Ke rata ho reka...
Ha ke reke mabenkeleng a ikgethang. Ke reka leha e le kae feela moo ke bonang diaparo tseo ke di ratang.
7. Ke rata feshene ya...
Mabanta le dieta tsa Timberland.
8. Setaele sa ka seo ke se ratang...
Dieta tse kgubedu. Ke rata mmala ona, o motle.
9. Se kopanyang mmino oo ke o ratang le diaparo tsa ka...
Ha ho letho. Diaparo tsa ka ha di tsamaisane le letho.
10. Keletso ya ka ya feshene...
Eba le setaele seo o tla phuthuloha ka sona mme o tla shebehala hantle. [s]
Setaele: Thato-ya-Ona Lerefolo
Mothusi: Keletso Modisakeng
Mokgabiso wa sefahleho: Vuyo Varoyi
Ditshwantsho: Peter Whitfield
