sotho.271.starsnov
BONA SESOTHO November 2008
O maphathephathe, o hloka nako ya ho phethisa merero yohle ya hao. Rera ka nepo hore o tle o kgone ho kgotsofala o thabele seo o se etsang ka nako ena. Rera ka nepo o be le dintho tseo o di behang sethathong!
E tla ba nako e thabisang haeba o ka ikamahanya le leano le seng le le motjheng. Amohela dikeletso tsa motho e mong mme o thabele molemo oo. O tlameha ho hlokomela ka moo ho leng bohlokwa ka teng ho sebedisana.
Molemong wa polokeho, sebedisa mawa a ileng a o sebeletsa nakong e fetileng. O ka atleha ha o ka tsepamisa kelello ya hao dinthong tsa bohlokwa, o se ka tatela dintho, wa etsa diqeto tse potlakang.
Dintho di bonahala di o tlela hantle moruong, ka hoo, se tshabe ho tla le dintlha tse ntjha. Ho bontsha menahano le maikemisetso a hao ke ntho e nepahetseng mme mehato o tla e nka e tla ba ya bohlokwa e tla bontsha tswelopele.
Dintho tse neng di sa tsamaye hantle ho bonahala di fela mme ho bonahala o ikemiseditse ho theha menyetla e metjha ya ntshetsopele kapa o qetele mesebetsi eo e leng kgale o e qadile wa se ke wa e qeta.
Ha o a tlameha ho senya nako!
DINALEDI
Ke ntho e nepahetseng ho lebala ka dintho tse itseng o ke o ikopanye le batho ba bang. Ho ka ba molemo ha o ikopanya le metswalle e metjha, o ikopanye le batho ba nepahetseng, e seng ba tla nne ba o hlodiye ka dintho tse se nang molemo.
Ho bonahala bohlale ba hao bo tla o etsa o atlehe haholo dinthong tsohle bophelong dikgweding tsena tse leshome le metso e mmedi tse tlang.
O tlameha ho etsa diphetoho mabapi le mosebetsi le bophelo bo botle.
Hobane o motho ya hlokomelang, o tla kgona ho hlokomela lelapa la hao, o tlise kgutso ho lona hobane ke la bohlokwa haholo ho wena.
Tsa lerato ho bonahala di tla hantle mme ho bonahala hape o na le bonnete ba ho ba le nako e monate le moratuwa wa hao haeba o hlile o bontsha maikemisetso a lerato le pelonolo.
Sena se boetse hape ke selemo seo ka sona o tlang ho fumana tsoseletso moyeng le tumelong.
BENSON MHLONGO sebapadi sa bolo
(Pudungwana 9, 1980)
Ena ke nako eo ka yona o ka kgonang ho shebana le dintho tse nepaneng le wena. Rera ka nepo hobane ena e bonahala e le nako e ntle e tletseng menyetla e metjha ya katleho mererong ya hao.
Leha maemo a hao a ditjhelete a thekesela, empa ho bonahala o na le maqheka a ho lokisa maemo ao. O hloka ho ba le leano la nako e telele, ka hoo, ho ka ba molemo hore o etse leano le nepahetseng la tjhelete.
Tobana le ditabatabelo tsa hao! Kgothatso o e fumanang e ka nna ya eba letshwao le bontshang ho fetoha ha dintho moruong wa hao. Leha ho le jwalo, o tlameha ho ba le boimamelo ho qoba ditshitiso le hore dintho di tsamaye ka theko.
Nakong ena dintho di tla o tlela hantle ditabeng tsa lapeng le thepeng ya hao. O tla fumana menyetla, o etse ditumellano tse molemo ha o etsa dintho ka potlako. Mathata ho bonahala a rarolleha mme dintho di tla bebofala.
Ke nako e nepahetseng ho sohle. Merero ya hao ya tsa lerato ho bonahala e se e tla atleha mme hape o tla fumana metswalle e metjha ho tsa dipapadi le bophelong ka kakaretso.
E thabele! [s]
