sotho.1168.safety
SELEMO se fedile jwale, diphomolo tsa lehlabula di fihlile. Tsena e ka ba ditaba tse monate baneng, empa ho batswadi, ha ho jwalo, ba qala ho ngongoreha hobane ka nako ena dikotsi di ja setsi.
Ho hlakile hore batswadi ba ke ke ba dula ba ngongorehile matsatsi ohle a phomolo ka lebaka la dikotsi tsena. Bongata ba tsona di ka thibelwa. Thero, tataiso le tlhokomelo e ikgethang ho tswa ho batswadi, e ka fokotsa dikotsi.
P Polokeho lapeng: Bana ba bangata ba ikutlwa ba bolokehile ha ba le lapeng, empa dikotsi le mafu a mangata a ba hlasela ba le hona ka malapeng. Nakong ena ya phomolo, bana ba ba le nako e feletseng ya ho potoloha le ho shebisisa dintho tsohle lapeng, ka hoo, hlokomela ho pata dintho tse kotsi tse kang meriana ya ho hlwekisa, ya jareteng, dintho tse bohale, tsa motlakase, mollo, parafine leha e le eng feela e kotsi.
PHo ithabisa kantle: Ho na le dihahabi le dikokonyana tse ngata tse lomang kantle ka mona.
Ho longwa ke dihahabi tse kang dinoha, ho ka bolaya motho, athe letlalo la batho ba bang le boi haholo ha le lonngwe ke dintho tse kang dikokonyana, ka hoo, ho bohlokwa ho sireletsa bana ba hao dikokonyaneng le dihahabing mme hape o kgone ho bona matshwao ha ngwana a lonngwe. Haeba ngwanahao a hema ka thata, letlalo la hae le phaphatheha, bitsa koloi ya bakudi kapa o mo ise tliliniking ka potlako.
P Ba sireletse letsatsing: Ha ba bapala kantle, hlokomela kotsi ya hore ba se bipetsane le hore ba se tjheswe ke letsatsi haholo. Ha ho tjhesa, bana ba phakisa ho fellwa ke metsi mmeleng, ka ha ba sa fufulelwe jwalo ka batho ba baholo, mmele ya bona ha e kgone ho iphodisa.
Ho fellwa ke metsi mmeleng ho kopaneng le motjheso ho ka akgehisa ngwana. Hlokomela matshwao a kang ana - ho tepella, ho fela pelo kapele, ho retela mahlong - ha o ka bona matshwao a kang ana, tlosa ngwana letsatsing, o mo ise sebakeng se phodileng. Mo nwese metsi a mangata.
Ho seng jwalo, ba etsetse lenaneo la dinako tseo ba ka bang kantle ka tsona jwalo ka hoseng kapa mantsiboya, ba qobe ho ba kantle pakeng tsa hora ya leshome le ya boraro hobane ka nako eo ho ebe ho tjhesa haholo.
P Ho bapala ka polokeho: Tse ding tsa dintho tse kotsi ka dinako tsena tsa phomolo, ke dintho tsa ho bapala. Thellisane ke e nngwe ya dintho tse kotsi haholo tsa ho bapala baneng. Ba atisa ho wa, ba tloha hodimo, ba wele hodima dintho tse lematsang mme ba phumuhe. Bana ba baholo ka nako e nngwe ba lematsa ba banyenyane ka ho leka ho palamisana dintho tse kang sekomporomane.
Tlhokomelo ya motho e moholo ke ya bohlokwa.
P Ho sesa: Ha ho bobebe ho dula o disitse ngwana ha a bapala kamehla, empa ha a bapalla metsing, o tlameha ho ba tlasa leihlo le ntjhotjho.
Haeba o nahana hore ngwanahao a ke ke a hlahelwa ke kotsi metsing hobane a tseba ho sesa, inahane hantle. Ha o a lokeha ho etsa phoso ya hore o be hole le ngwana ya bapallang metsing.
Haeba o isa bana lewatle, ba ise sebakeng se nang le balebedi. Ba rute hore ba se sese leha e le ho kae hobane ho ka etsahala hore metsi ao ha a ya teba kapa ho na le dintho tse kotsi ka hare tse ka ba lematsang.
PPolokeho dikoloing: Nakong ena ya phomolo ya lehlabula, batho ba bangata ba nka maeto ka makoloi ho ya dibakeng tse arohaneng mme he dikotsi tsa mebileng di ba ngata tseo ho tsona bana ba shwang ka bongata. Ngwanahao a ka nna a shwa haeba a sa hlokomelwa hantle koloing.
Ruta bana ho tlama mabanta a pholoso, masea ona a kengwe setulong sa ona (o se le sike).
Ho ka nna ha etsahala hore ha o tla haufinyane o se mo behe moo, empa hopola hore dikotsi tse ngata di etsahala haufi le lapeng. Ka hoo, netefatsa hore ngwana o behilwe tulong e bolokehileng. [s]
Ha re beng le diphomolo tse bolokehileng
Leha ho se tsela e bolokehileng ka botlalo ya ho sireletsa bana, empa boipaballo bo molemo ho feta setlhare...
e bokeleditswe ke PRIMROSE WILLIAMS
ditshwantsho ka CLIVE THOMPSON
Dikeletso ho batswadi
BONA SESOTHO - December 2005
Thellisane e lematsa bana ba bangata.
t
BONA SESOTHO - December 2005
Eba sedi ka ho fetisisa...
Kalafo ya tshohanyetso baneng
Ka nako e nngwe ho boima ho tseba hore na ngwana a ka hloka kalafo ya mofuta o feng tlasa maemo a tshohanyetso jwalo ka ha a idibana kapa a etswa madi haholo. Mehato ya tshohanyetso e ka nkuwang hang ka mora kotsi, ke ya bohlokwa mme e ka thibela mathata.
Kalafo ya ngaka e ka hlokahala ngwaneng haeba...
A etsa dintho tse sa tlwaelehang kapa a ikgesa a sa tsotelle.
A hema ka thata nako e telele.
Letlalo le dipounama di ba putswa.
A akgeha a lahlehelwa ke kelello.
Meno a kgwehla, a tswile kapa leha e le efe feela kotsi ka hanong.
Mahloko a tota.
A tshwarwa ke hlooho, a ferekana, a hlatsa kapa a lemetse hloohong.
Natefelwa ke matsatsi a phomolo, o dule o bolokehile!
Ho dula letsatsing nako e telele ho a tepeletsa.
