sotho.2716.parenting
Botswadi
tataiso ya ho hodisa bana hantle
HO TJHENTJHA mmala wa moriri ho ka nna ha eba kotsi... O tswa leino nako le nako ha o imme...O ba le lesokolla... Ke nako ya hore o tsebe phapang pakeng tsa nnete le tumelokgwela ha ho buuwa ka tsa boimana...
" Ho tjhentjha mmala wa moriri ho ka nna ha eba kotsi.
NNETE! Dipatlisiso tsa saense di bontshitse hore ho tjhentjha mmala wa moriri kgafetsa haholoholo dikgweding tse tharo tsa pele tsa boimana, ho ka nna ha holofatsa lesea.
Hona ho etsahala ha setlolo seo sa ho tjhentjha moriri se thetsa le letlalo. Letlalo le tla monya khemikhale eo mme e fetele le methapong ya madi. Khemikhale eo e tla qetella e fihlelletse le leseeng le inngweng.
Ha o batla ho tjhentjha mmala wa moriri wa hao o ka etsa seo ho tloha dikgweding tse nne mme hape o reke 'dye' e entsweng ka meroho e seng e nang le dikhemikhale.
" Ho ja dijo tse tshehla le tse mmala wa lamunu ho ka etsa hore lesea le hlahe le ena le jaundice
HA SE NNETE! Mmala o mosehla letlalong la lesea ha o bakelwe ke dijo tseo moimana a di jeleng.
Ke mmala wa madi. O etsahala ka nako eo mmele o solang mme sebete ke sona se netefatsang hore mmala oo o fele. Boimaneng, sebete sa hao ke sona se tla etsetsa lesea molemo ona.
Ha lesea le hlaha, ho nka nakwana pele sebete sa lona se qala ho sebetsa ka bokgabane. O tla hlokomela mmalana ona ka mora matsatsi a mabedi o belehile kapa a mahlano ha e le lesea le hlahileng pele ho nako.
Jaundice ha e kotsi empa o tlameha ho bonana le ngaka ha lesea le ena le yona hobane ha maemo a yona a mpefala, ho ka nna ha hlokahala kalafo e matla.
Hangata, ha se lefu le hlokang kalafo e matla, empa motswetse o lokela ho netefatsa hore o nyantsha lesea la hae ka tshwanelo hore le dule le ena le metsi mmeleng.
Ho nka dibeke tse pedi pele e nyamela leseeng le phetseng hantle mme ha le hlahile pele ho nako e ka nna ya nka le dikgwedi tse pedi. Aka nna a bolokwa sepetlele moo a tla alafshwa ka ho kgantshetswa (light therapy), hore kganya eo e thuse ho fetola mmala oo o mading hore o fetohe moroto mme o tsebe ho tswa.
" O tswa leino nako le nako ha o imme
NNETE! Moimana o lokela ho hlokomela meno a hae ka tshwanelo hobane di-hormone di ka nna tsa etsa hore mehlare e kenwe ke tswaetso e kang 'gingivitis'. Mathata ao ke ona a ka etsang hore o qetelle o tlameha ho ntshwa leino. Hlokomela meno a hao: eketsa calcium dijong tsa hao ka ho ja yogurt le selae sa kase bakeng sa diseneke. A borosole ka tshwanelo mme hape o a dukule hantle bonyane ka mora matsatsi a mabedi.
" Ha o kgathatswa ke lesokolla haholo boimaneng, lesea la hao le ebe le ena le moriri o moholo.
HA SE NNETE! Ho ya ka dingaka, lesokolla le bakelwa ke acid e ngata ka mpe e nyolohelang qoqothong. Baimana ba kgathatswa ke lesokolla haholo hobane lesea le tletse mpa mme le di-hormone tsa boimana di leka ho kgatholla methapo, ke ka hona acid e ka mpeng e nyolohelang qoqothong.
Theola lesokolla: buisana le rakhemisi wa hao ka moriana wa Gaviscon, ho fumana hore ho bolokehile ho o nwa leha o imme kapa tjhe. Phema ho ja dijo tse ngata kapa o je o paqame kapa o paqame hang ha o qeta ho ja.
"Letlalo la moimana le ba boreletsana
HA SE NNETE! Mpa ka nngwe e a ikgetha. Baimana ba bang ba ba le letlalo le letle ha ba imme athe ba bang bona ba tswa dihloba tse nyamelang hang ka mora ho beleha. Ho ya ka ho saroloha ha letlalo ka nako e nngwe o ka nna wa ba le menyama mme letlalo le hlohlone athe baimana ba bang bona ha ba be le mathata a letho.
Thusa letlalo la hao: ka ho nwa metsi a mangata mme o itlotse ka ditlolo tsa mongobo ho le boloka le le bonojwana.
Ha sefahleho sa hao se omelletse haholo, ditlhala di ebe di sa sebetse ka tshwanelo mme sena se ka nna sa etsa hore o qetelle o tswile dihloba athe ha ho omella letlalo le thekeng teng, le bile le hlohlona, moimana o qetella a tswile menyama
BONA SESOTHO - January 2007
Ya bomme le bontate....
Boimana
nnete le tumelokgwela
Hangata baimana ba tetebetswa ke ho eletswa ke batho ba bangata ka tsa kemaro le ho beleha. Ebe dikeletso tse kaofela ke nnete e kae"
AOO!
Kgatisong ya rona ya Pudungwane 2006 re
buile ka lethathama le letjha la dijo tse monate
tsa masea, baby purees - le pele mebarakeng ya dijo tsa masea, le fumaheng ha Woolworths. Leha ho le jwalo, re entse phoso ka hore re re dijo tsena di na le metswako e tjhentjhang mmala.
Seo ha se nnete hohang.Lethathama la dijo tsa ha Woolworths tsa masea HA LE NA DIKHEMIKHALE. Kaofela ha tsona di foreshe, mme di hloka ho bolokwa ka sehatsetsing. Di a fumaneha makaleng ohle a ha Woolworths ka ditatso tse fapaneng ho tloha ditholwaneng ho ya nameng
ya nku le ka boholo bo
fetanang.
BONA SESOTHO - January 2007
ka NONHLANHLA KHUMALO
u
t
Keretjhe ke yang"
O lehlohonolo ha ngwana wa hao a sala le nkgonwae ha wena le ntatae le eya mosebetsing. Empa na o a hlokomela ka moo a neng a ka thusahala ka teng ha a eya keretjhe"
HO NGODISA ngwana wa hao keretjheng e tsamaiswang hantle ho ka nna ha o bitsa tjhelete e ngata, empa o ke keng wa e llela. Keretjhe e ka tswela ngwana wa hao molemo...
1: O qala ho ba le metswalle
Keretjhe e ka nna ya eba sebaka seo ho sona a tla tshwaetswa ke mafu a mangatanyana jwalo ka mokgohlane le feberu. Empa o tla boela a kopana le bana ba bang ba malapeng a mang. O tla qoqa le bona mme a ithehele setswalle.
2: O ithuta bokgoni
Ngwana ka mong o fumana monyetla wa ho kena phaposing ya hae ya borutelo pele a qala ho kena sekolo.
Ngwana ya tswang keretjhe ha a na tshaba ho ya sekolong, o tla kgona ho latela ditaelo tsa titjhere mme hape o tla lokoloha ha a le hara bana ba bang.
3: Bokgoni ba bophelo
Keretjhe bana ba rutwa ho thusana le ho sebetsa mmoho. Ba boetse hape ba fumana monyetla wa ho hlahisa mekgwa ya bona le ho hola ka kelello le ho laola maikutlo ha ba le tlasa kgatello - e leng sa bohlokwa!
Ba boetse hape ba ithuta ho hlahisa maikutlo a bona.
4: Ho hola mmeleng
Bongata ba dikeretjhe, bo na le dintho tsa ho bapala. Ho bapalwa mefuta e mengata ya diapapadi e ba thusang hore ba ithute bokgoni ba sebedisa mmele ka tshwalelo hore ba tsebe ho iketsetsa dintho tsa bohlokwa jwaloka ho tlama dieta.
5: Ke boithabiso feela!
Dikeretjhe ho na le dintho tsa ho bapala tse ngata tseo hangata di leng siyo lapeng. Mona bana ba ithuta ka ho bapala mme hona ho ba thabisa haholo.
BONA SESOTHO - January 2007
ya bomme
le bontate...
HO OPELWA ke hlooho ke mathata a tlwaelehileng ho bohle. Empa na o ne o tseba hore dipersente tse 60 tsa bana ba dilemo di ka tlase ho 16 ba tshwara ke hlooho kgafetsa" Le baneng e tshwana hantle le bathong ba baholo. Empa sesosa sa yona ke sefe"
Ho kgathatseha
Bana le bona ba ka nna ba ba tlasa kgatello leha e le hore mabaka a bona ha a tshwane le a batho ba baholo. Ho thothela motseng o motjha kapa ho tjhentjha sekolo ho ka nna ha ba kgathatsa moyeng jwalo ka lefu ka lapeng.
Ho opelwa ke hlooho hangata ke sesupo sa kgatello mme wena jwalo ka motswadi o lokela ho buisana le ngwana ho fumana sesosa sa mathata a hae.
Ho opelwa ke hlooho
Bana le bona ba tshwarwa ke hlooho e tshabehang, e sa tsejweng sesosa. Empa bongata ba mofuta ona, o bitswang 'migraine' e tloha ho e opang hanyenyane ho ya ho e tshabehang ha motho a le lerateng kapa kganyeng kapa a nkgelwa.
Ho kula
Ka nako e nngwe hlooho e ka nna ya eba sesupo sa ho kula. Mathata a mahlo, le mafu a mang a mangata a ka nna a ipata ka hlooho. Hangata e tsamaisana le ho nyekelwa ke pelo kapa ho tjhesa haholo.
O ya ngakeng neng
Bohloko bo a fapana. Ha e opa tlolo, e kotsi, o lokela ho mo isa ngakeng leha e se e mo tshwara kgafetsa.
Dijo baneng
SENA se ne se qale ha mosuwehlooho wa sekolo se seng a tjhentjha dijo tse rekiswang lebenkeleng la sekolo. Tjhokoleiti, di-tjhips, dino tse nang le acid le mefuta yohle ya dijo tse se nang phepo ya tlohelwa ho rekiswa mme ha rekiswa bohobe bo nang le dijo tse nang le phepo le diseneke. Sekolo sa qala ho bona phapang boitshwarong ba barutwana le dithutong tsa bona. Ba ba hlwahlwa haholo mme ba kgona ho mamella dithuto nako e telele.
Sena o ka se etsa le lapeng la hao. Netefatsa hore ngwana wa hao o ja dijo tse nang le phepo pele a eya sekolong mme o mo etsetsa le mofao ka tsona. O ke ke wa hloka ho reka letho lebenkeleng la sekolong. O ka boela wa buisana le mosuwehlooho wa sekolo hore a tjhentjhe dijo tse rekiswang lebenkeleng leo.
Dijo tse etseditsweng ho rekisetswa bana ba sekolo, di na le metswako e etsang mebalabala hore di tle di kgahle mahlo a bona hape di be monate. Hape dikhemikhale tsena di etsetswa hore di tsebe ho dula nako e telele di sa senyehe. Bongata ba tsona di na le tswekere e ngata le letswai mme ha di a lokela mmele ya bana.
Mme, ke tshwerwe ke hlooho...
BONA SESOTHO - January 2007
DISENEKE!
J Ditholwana tse ommeng tse foreshe di etsa diseneke tse phepo.
J Dithutswana tsa meroho di monate le tsona.
J Dikuku tsa reise le bohobe ha di na mafura a mangata, letswai le metswako e sa lokang mmeleng.
J Low fat yogurt e molemo bakeng sa masapo a sa ntseng a hola hobane e na le calcium.
J Lero la ditholwana le molemo. E tswake le metsi hobane e na le fructose, tswekere e fumanehang ditholwaneng. [s]
t
BONA - September 2006
Ya bomme le bontate....
BONA - September 2006
