sotho.2711.tents
Dingata dintho tse lekang bophelong
Mathata ka ditente!
MOTHO e mong o kile a re, "ho hloka botshepehi ke sebe se fetang tse ding," se qeta setjhaba. Ka mantswe a mang ha re bolele bana ba etsang melato e meholo, re bolela bana ba etsang melato e menyane, le hona kgafetsa.
Batho ba Soweto ba ka o bolella hore dintho tse kang tseo di ba sitisa jwang.
Mafelong a mang le a mang a beke, o tla fumana ho hlonngwe ditente tsa mekete ya manyalo, kapa ya lefu. Ha re nyatse empa ditente tsena ha di robe molao wa masepala feela empa di sitisa le baahisane.
Moahi e mong o bolela ha moahisane wa hae ya nang le ditekesi a kile a tjheka foro ho thibela dikoloi tse fetang hore di se ikgohle ka ditekesi tseo tsa hae.
"Mokganni e mong ya neng a sa hlokomela, koloi ya hae e ne e kene forong eo mme ya lemala sump," ho hopola moahi enwa ka kgalefo e kgolo.
Ho na le e mong ya neng a hlome tente e kwetseng tsela ka lenyalo la moradi wa hae.
Tumello
"Tente eo e ne e dule moo matsatsi a mararo kaofela," ho hopola moahisane enwa. A sa mema le ha a le mong feela wa baahisane ba hae lenyalong leo, e ne e le ntho e re sitisang feela."
Edna Mamonyane wa mapolesa a masepala wa Joburg, o re o a utlwisisa hore batho ba etsa sena hobane dijarete tsa bona di le nyane, empa ba lokela ho nahanela ba bang.
"Haeba motho a tla ba le mokete, o lokela ho kopa tumello ya ho hloma tente ho baahisane," ke yena eo.
Leha ho le jwalo, o re ho hloma tente seterateng ho ntse ho na le melawana ya teng.
"O tlameha ho ikopanya le molekgotla wa sebaka mme yena a kope baahisane ba amehang ho saene hore ba a dumela hore ho hlongwe tente mmileng wa bona.
"Setjhaba se tlameha ho tseba hore ha se ba kgahlano le molao, motho o tla ahlolwa.
"Ha o tlola molao ona, o ka lefiswa tjhelete e fihlellang ho R1 000.
"Kopo e nngwe le e nngwe e tla hlahlojwa ke mapolesa a masepala mme haeba ho bonahala hore mmila oo ke o sebediswang ke ditekesi, motho eo a ke ke a nehwa tumello," ho hlalosa Mamonyane.
"Re tla tlosa ditente tse hlonngweng ntle le tumello, empa di ke ke tsa ba mmileng o mong le o mong.
"Re kopa setjhaba ho re letsetse haeba ho na le ditente tse hlonngweng diterateng hobane basebeletsi ba rona ba ke ke ba tseba sohle se etsahalang hohle malekeisheneng.
"Re ke se dumelle batho ho etsa leha e le ha jwang feela."
Ho tella
Kahlolo ena ya tjhelete e etsa hore batho bana ba etsang mokgwa ona ba inahane ka e nngwe tsela.
Profesara Shadrack Ghutto, ke setsebi sa molao mme o re, Afrika Borwa etswa nakong ya kgale eo ka yona melao e ne e behwa ka ho ya ka dibaka tseo batho ba dulang ho tsona ka ho fapana.
Sena se qeteletse se entse hore batho ba bang ba qetelle ba se ba sa hlonephe melawana ya mmuso.
Ha ho lebaka la ho itshireletsa ha o sa hlonephe molao.
"Mang le mang ya sa hlompheng molao, o tella mmuso," ke yena eo.
"Jwalo ka dithethefatsi, ho se hlonephe melawana ho qala hanyane mme motho a qetelle a se a sa hlonephe le e meholo."
Ho bonahala
Neil Fraser, wa Urban Constaltant, o re mapolesa a masepala ha a batla hore melawana ena e hlomtjhwe, a tlameha ho bona maemo pele a etsahala, a se nna a aha serobe phiri e se e jele.
"Ho bonahala ha mapolesa diterateng, ho tla tlisa kgutso le kgotso setjhabeng," ke yena eo.
"Ekaba ona mapolesa a masepala a a sebetsa"" ho botsa yena.
"Nkile ka a bona a potoloha le toropo. Ke ntho e ntle eo, empa ditekesi di ne di ntse di ema moo ho sa dumellwang, di theola bapalami, mapolesa a sa etse letho.
"Ha ke utlwisisi hobaneng ba ne ba sa etse letho!"
Ho baahi ba Soweto... ho bonahala ho sa tla nka nako e telele hore ba nne ba sitisehe pele mapolesa a ka nka bohato ka ho hlongwa ha ditente le hona ho fatwa ha diforo mebileng. [s]
O na le mokete" Hobaneng o sa hlome tente seterateng" Batho ba malekeisheneng ba kgathetse ke batho bana ba hlomang ditente diterateng, empa se makatsang ke hore masepala ha a etse letho ka bona jwalo ka ha ba tlola e meng ya melao! Se makatsang hape ke hore ena ke ntho e ka lokisehang...
pale ka TEDDY GOMBA
