sotho.2710.licence
Ya hao ka molao
Ke tshwerwe bohlaswa
BOTHATA: Ke ne ke sebetsa jwalo ka rakonteraka ya ikemetseng lefapheng la dipapatso ho e nngwe ya dibanka tse kgolo dilemo tse 20 kaofela.
Dilemong tse ngata tseo haesale mosebetsi wa ka o tswa pele. Empa jwale banka ena e nkwenehetse.
Ha ho ne ho lekolwa tshebetso ya ka ya selemo, ke ne ke lekolwe ke motho ya sa tsebeng letho ka mosebetsi wa ka, ha a tsebe letho ka kakanyo ya dipapatso ka dikhomputara kapa ona mananeo a tsona dikhomputara. Ke bolela motho ya neng a se na boiphihlelo mosebetsing oo wa ka.
Ka mora moo, ha nka ba ka nehwa mosebetsi kgafetsa mme hobane ke ne ke fumana moputso ka ho ya ka dihora tseo ke neng ke di sebeditse, jwale tjhelete ya ka ya theoha haholo.
Ka mora moo, ke ne ke tsebiswe hore mosebetsi wa ka o ne o sa kgotsofatse empa dikakanyo tsa ka tsa dipapatso tsona di ne di ntse di ba kgotsofatsa.
Ka mora moo, ha ho ka ba ha ba teng matsapa a neng a etswe ho nthusa - jwalo ka thupello kapa tsona dikeletso.
Ba ne ba re tsuonyana robala ka hore ba tla tsoseletsa tumellano ya ka dikgwedi tse tharo, empa le ka mora moo, ba nna ba tswelapele le ho se nnehe mosebetsi mme ka bolellwe hore ka mora dikgwedi tseo tse tharo ke tlameha ho tlohela.
Na e be ho teng seo nka se etsang kgahlano le banka"
KELETSO YA SCORPION:
Lekgotla la dinyewe la basebetsi mmoho le CCMA di dutse kgafetsa di koptjwa hore di hlahlobisise dikamano mmoho le tumellano pakeng tsa mohiri le rakonteraka ya ikemetseng. Sena se etswa hobane hangata motho o nkuwa e le rakonteraka hobane a tingwa menyetla ya hore a sireletswe ke molao wa basebetsi Labour Relations Act kapa Basic Conditions Of Employment Act.
Ka ho ya ka dintlha tseo o di tshetlehileng, ho a bonahala hore wena o bonahala o le mosebeletsi wa banka e seng rakonteraka leha ho na le "tumellano" eo ya lona e leng se bolelang hore wena o sireleditswe ke Labour Relations Act mmoho le Basic Conditions Of Employment Act.
Ha ke kgolwe ha banka e tla dumela taba eo ha bobebe, ka hoo, re o eletsa ho batla leqwetha le tla o thusa kgahlano le banka eo.
Haeba o na le mathata tabeng ena ya hao, o ka ikopanya le kantoro e haufi ya ha Scorpion Legal Protection mme re tla ba motlotlo ho o thusa ho fumana leqwetha le tla o thusa. [s]
BONA SESOTHO - January 2007
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
DI NKILWE KE DIBONTSHI
KGWEDING ena mane Tshwane ho tla lekwa leano la ho ntsha bakganni ba bohlaswa mebileng. Ha leano leo le ka atleha, le tla namela le naheng yohle ka 2008.
Molao ona o motjha wa dintlha o ne o atlehe mane Australia le United Kingdom mme le naheng ena o tla qala ho sebediswa ho latela maemo a teng.
Ho ya ka Collen Msibi wa Lefapha la Dipalangwanang la Naha, mokganni ka mong o tla nehwa dintlha tse 13 ha selemo se thwasa. Ha selemo seo se fela a sa ka a lahlehelwa ke ntlha leha e le nngwe, selemong se setjha o nehwa tse ding hape tse 13 mmoho le e nngwe ya bonase, e leng se etsang hore a be le tse 27.
Bakganni ba kgannang hantle ba tla putswa ka hore ba bokelletse dintlha tse ngata tsa bonase. Ho hulwa dintlha nako le nako ha motho a ile a tlola molao wa tsela.
Se nahane hore o tla bokelletsa dintlha mohlomong ha re etsa mohlala, dilemong tse hlano o sa tlole molao mme o hopole hore di ka o thusa ha o ka tlola molao hampe ka nako e tlang - jwalo ka ho kganna o tahilwe.
Hape ha o ahlotswe, o ntse o tla lefa molato wa hao leha o tla amohulwa le dintlha. Msibi o re ha motho a tlotse molao hampe, o ntse a tla ahlolwa ho latela molao, ha ho na tjhentjha letho. Ho fihlella jwale, Lefapha la Dipalangwang ha le so totobatse hantle hore ke tlolo ya molao efe e tla etsa hore motho a amohuwe dintlha tsohle tseo a nang le tsona.
"Re qakehile hampe re hlophisa bukana ya ditlolo tsa molao mme e tlameha hore e be e lokile ka nako eo leano lena le qalang ho kenngwa tshebetsong," ho bolela Msibi.
Mokganni ya kgannang koloi e seng molaong, o tla lahlehelwa ke dintlha tse pedi mme a ahlolwe R500, ho ya ka moo Wheel 24 e bolelang ka teng.
Ha o lebetse lengolo
la ho kganna teng, o tla lahlehelwa ke dintlha tse pedi hape mme o ahlolwe R500. Ha o sa tlama mabanta a pholoho, o tla lahlehelwa ke ntlha mme o ahlolwe R250.
Empa Msibi o re tseo empa e le mehlala feela - Lefapha la Dipalangwang la Naha le sa ntse le sekasekana le taba ena hore dikahlolo tsena di lekane.
O bile o re Lefapha la Dipalangwang le hlophisa le melao eo le tlang ho e behela dikolo tsa ho kganna mme melao e tla laola kgwebo ena e se e tla qetwa.
"Morero ke ho fokotsa dikolo tsa ho kganna tse seng molaong. Hape ho boetse hape ho na le mohopolo wa hore bakganni ba boele ba lekwe hape ka mora hore ba tlole melao kgafetsa," ho bolela yena.
Molao ona wa dintlha o tla hokahanya mabatowa ohle, e le hore ba Lefapha la Dipalangwang ba kgone ho hlahloba ditlolo tsohle tsa molao, le ba kgannang ka mangolo a ho kganna a seng molaong ba tsebe ho ntshwa hohang
mmileng. [s]
Qetellong le fumanehile leqheka la ho leleka bakganni ba bohlaswa, ba behang maphelo a ba bang kotsing
pale ka TEDDY GOMBA
ditshwantsho ka JUDAS HLONGWANE
O tla lahlehelwa ke dintlha
KA HO LE LETONA: Ho na le tshepo e kgolo ya hore leano lena la dintlha le tla tseba ho leleka bakganni ba bohlaswa mebileng.
KA TLASE HO LE LETONA: Collen Msibi wa Lefapha la Dipalangwang la Naha.
Bakganni ba bohlaswa hlokomelang!
BONA SESOTHO - January 2007
