SOTHO.2709.sisarah (2)
Botsa Sis Sarah
Lenyalo la sephiri
ke dilemo di 42 ke ratana le monna ya dilemo di 57, ya hladileng jwalo ka nna. O na le bana ba tsheletseng mme ke sa tswa utlwa hore o nyetse mosadi ya bana ba babedi.
O mpatetse taba ena. O sebetsa hole le hae mme ka nako e nngwe ke mo etela dibeke tse pedi kapa tse tharo. O ne a nthabela mohla ke fihlang feela empa o tjhentjhile jwale. Ekare ha a sa nthata.
Ha re sa etsa thobalano leha nka dula moo dibeke tse tharo kaofela. Ha ke le siyo (ke nahana hore o ebe a ena le mosadi eo) o tjhentjha nomoro ya mohala. Ha re kopana a kope tshwarelo empa a boele a phete hape.
Ke kopa keletso ya hao!
KS, Kriel
lNa ebe ke monna eo o batlang ho phela le yena eo- Ha a o bolelle hore o nyetse - hape o mo hlokometse hore ha a sa o rata. O se a phetse bophelo ba leshano nako e telele mme wena o utlwa bohloko.
Fedisa mokgwa ona o mobe! Hobaneng o mo dumella ho bapala ka wena ka mokgwa o tjena- Ha se tsela eo o lokelang ho tshwarwa ka yona eo. Na o nahana hore o tla boela o kgona ho tshepa monna eo hape-
Na o ka dumela ho nyalwa ke yena leha o se o tseba mekgwa ya hae. Ha ke kgolwe.
O lefufa
Ke dilemo di 23 ha tsa monna wa ka di le 30. Re phela ka ntwa hobane ha a batle ke shebahale ke le motle, o na le lefufa. Ha ke buisana le yena ka taba ena, ha a batle le ho utlwa, o tatela ho nkotla.
Ke bile ke nahana ho mo siya empa jwale ha ke sebetse, ke yena ya lefellang ditlhoko tsohle tsa lelapa le tsa bana ba rona. Ho nna o batla thobalano feela ka dinako tsohle.
Ke batla ho kgutlela heso empa ke tshaba hore batho ba tla reng. Hape ha ke batle ho lahlehelwa ke motse wa ka. Ke etse jwang-
SP, Umlazi
Lefufa le senya dikamano tse ntle tsa lerato. Ka nako e nngwe ke sesupo sa hore motho ha a itshepe. Ke ka hona batho ba mofuta oo ba patang mathata a bona ka ho batla ho okamela baratuwa ba bona ka dikgoka...e leng se etsahalang ho wena.
Ho kgaohana le yena e tla be e se ntho e mpe hape o se lebale hore ke boikarabelo ba hae ho sapota bana ba hae le kgaohane kapa tjhe. A ke ke a balehela seo. Bakeng sa ntlo teng, o lokela ho buisana le ditsebi tsa molao, o tsebe hore eng ke ya mang, jwalo jwalo.
Na o kgathatsehile ka seo batho ba se nahang ka wena- Ke wena ya hlekefetswang. O sa le monyenyane, o lokela ho nka qeto ya hore o batla ho phela ka mokgwa oo bophelo bohle ba hao kapa tjhe.
Ha ke na karabo e totobetseng hobane ke wena ya lokelang ho nka qeto. Nahantshisa hantle ka taba ena, o etse se batlwang ke pelo ya hao.
Ha a lebalehe
Ke dilemo di 39 ke dilemo di robong jwale ke kgaohane le ntata ngwanaka. Empa ha a tswe pelong ya ka. Re letsetsana mehala mme le yena o sa ntse a nthata. Re qabana ha feela ke kopa tjhelete bakeng sa ditlhoko tsa ngwana kapa ha a kopa hore ke lo robaletsa ha hae.
Mathata a ka ke hore ha ke na lerato banneng ba bang, ke rata monna eo feela. Re ne re kgaohane hobane a se a ena le kgarebe e nngwe. Le yena o batla re kgutlelane. Ke etse jwang-
NMM, KwaMashu
lLe ka mora dilemo tse robong kaofela o sa ntse o rata monna eo, le yena o a o rata, ho totobetse hore le lokela ho boelana. Le ne le kgaohantswe ke kgarebe mohlomong lekgetlong lena a ke ke a hlola a pheta seo hape. Ha o a ikemisetsa ho theha dikamano le banna ba bang, ke nahana hore bobedi le itshenyetsa nako ha le ntse le balehela nnete ena eo le tobaneng le yona ya hore le a ratana. Ke tshepa hore le tla phela ha monate lekgetlong lena mme le hodise ngwana le le mmoho.
Ha a phethe ditshepiso
Ke dilemo di 30 ke ahlotswe tse 20. Ke se ke dutse tse robedi. Moratuwa wa ka eo ke nang le ngwana le yena o ne a ntshepise ho nkemela ke tswe tjhankaneng hobane a re o a nthata.
Empa morao tjena ha a sa araba mangolo a ka. Haesale ke qetela ho mo bona ka 2001. Ke mo rata sono yena le ngwana wa rona. Ha ke nahana ka yena feela ke ba le lefufa le tshabehang.
MJC, Bloemfontein
lBanna ba bangata ba tshwerweng ba tsietsing e kang eo ya hao. Leha basadi ba ka ba tshepisa ho ba emela ho fihlela ba etswa tjhankaneng, ha se hangata ba phethang ditshepiso.
Ba bangata ba a hlokomela hore bophelo bo tswelapele leha baratuwa ba bona ba tshwerwe mme dilemo tse 20 ke nako e telele haholo o emetse motho.
Ke utlwelana le wena, ha jwale seo o ka se etsang ke ho nna o mo ngolla o mo kope ho o bolella ka seo a se nahanang ka wena. Mohlomong o tla o araba leha ka nako e nngwe o ke ke wa thabela seo a tla o bolella sona. Empa o tla ba le nako ya ho se thuisa, o se amohele pele o lokollwa.
Motswalle ya leqhoko
Ke dilemo di 27 tsa mohlankana wa ka di 25. Re ratana haholo empa motswallae o rata ho itshunyatshunya ditabeng tsa rona. O dutse a mo hopotsa hore ke moholo ho yena, o re a batle kgarebe e nngwe e nyenyane.
O se a kile a mo tlela le e dilemo di 18 empa ba se ke ba utlwana. Ke nahana hore a ka nna a qetella a se a sa nthatisise ka lebaka leo. Ke etse jwang, ke mo lahle pele- Eba ke entse phoso ka ho ratana le yena-
NH, Madadeni
lHa ke tsebe hore le na le nako e kae le ratana empa ke bona eka moratuwa wa hao ha a tsotelle seo motswallae a se buang. Na ha o nahane hore motswallae eo o mona ka wena, mohlomong o a o batla.
Buisana le moratuwa wa hao ka phapang dilemong tsa lona. Ha ho phoso ya letho ha o le moholo ho yena mohlomong le yena ha a kgathatsehe ka hona. Mmolelle maikutlo a hao ka boitshwaro ba motswallae.
Empa ela hloko! Ha a re ha a na taba le seo, amohela maikutlo a hae, o se leke ho mo kgothalletsa ho kgaohana le motswallae eo. Seo ke sona se ka qetellang se le qabantse.
Ha ke rate monnaka
Ke dilemo di 27 ke nyetswe ke monna ya dilemo di 30. Pele ke nyalwa ke ne ke ratana le monna e mong eo re neng re kgaohane hobane a ne a se na nako ya ka. Se bohloko ke hore ke ne ke kgaohane le yena ke sa ntse ke mo rata.Mathata ke hore ke nyetswe jwale mme ha ke rate monnaka hohang, ke hloleha le ho iketsisa. Ke dutse ke letsetsa moratuwa wa ka wa mehleng mohala ha ke le mong lapeng. Ka mora moo ke utlwe ke thabile haholo.
NM
lO mosadi ya se nang diqeto, o ikentse ka bowena mathateng ana. O ne o kgaohane le moratuwa wa hao ka mabaka a itseng. O nyetswe jwale, o boetse o batla ho kgutlela
ho yena! O ne o dumellang ho nyalwa ke motho eo o sa mo
rateng-
Leha o ka hlala monnao, o kgutlele monneng eo wa pele hape, o tla mo fumana a ntse a se na nako ya hao hantle jwalo ka pele. Batho ba dutse ba kgalla dintho tsa ba bang mme ha ba se ba di fumane, di ba hlole. Ke nahana hore o nyetswe hobane o re o hlabehisa monna eo wa hao wa pele. O lokela ho buisana le baeletsi ba profeshenale pele o ka nka qeto efe kapa efe bophelong.[s]
Ela hloko: Sis Sarah ha na bokgone ba ho rarolla mathata a tsa bophelo bo botle. Le koptjwa ho buisana le dingaka tsa lona kapa le ye tliniking ha le ena le mathata a mofuta ona
BONA SESOTHO - September 2006
Na ebe o na le mathata a tsa thobalano, dikamano tsa lerato kapa a mang feela a bophelo- Nngolle, ke Sis Sarah mme ke tla o araba ka botshepehi. Ka bomadimabe ha ke na tseba ho araba motho ka mong ka hoo, ke o kopa ho bala karolo ena ya makasine ke hona moo ke tla o araba teng.
Hopola hore ha re arolelana ka mathata a keke a re hlola le kgale!
Ngolla ho:
Botsa Sis Sarah,
Box 32083,
Mobeni 4060
