sotho.2699.letterjan
Ha ke ikwahlaye
DILEMO TSE pedi tsa pele dikamanong tsa ka di ne ke le monate. Ke ne ke ime mme monna enwa a qala ho hlahisa mekgwa ya hae.
E ne e re ha dilemo di ntse di theteha, ka hlokomela hore monna eo ke ne ke dutse le yena hobane feela ke mo tshaba, e seng hobane ke mo rata.
Hape ke ne ke hlokomele hore ho dula le monna enwa dilemo tseo tse tsheletseng kaofela, e ne e le ho lematsa ngwanaka jwalo ka ha a ne a ntlhekefetsa, a mpolaisa thupa ka pela ngwana. Ke ne ke itete sebete, ka re ho lekane, di leme di ye lejweng, ka nka moraka ka siya monna eo.
O ne a sa lebella ntho e kang eo hobane o ne a nahana hore hobane ke ne ke sa sebetse, ke ne ke tla mamella tshotlo eo ya hae. Empa he ka mmontsha. Ke ne ke amohela R180 ya pei ya bana, ke ne ke nke R50 ho yona ka reka diseneke le dipompong.
Kgwedi le kgwedi, kgwebo ya ka ya nna ya hola mme ha nna ha ba bobebe ho itshapota nna le moraka.
O a tseba ke eng"
Ke se ke tlwaetse ho ba mme eo e leng lekaota le itshapotang. Ke ba le nako e anetseng le moraka. Ke thabela ho mmona ha a ntse a ithuta ho ngola le ho bala. Kajeno re phela ha monate ho se mang ya re hlekefetsang. Ke qeta nako e ngata ke etsa dintho tsa rona. Ka hoo, ke re tihang sebete, motho a tlohele ho mamellana le dikamano tse bosula.
BG, Stilfontein
Pre-paid voucher
e o neha tjhelete ya ho
letsa e R75 jwalo ka
kgwedi selemo kaofela. O tla kgona ho letsa mehala ya prepaid ka ditjeho tsa konteraka, e leng se etsang o bue nako e telele.
Ikgapele voucher
Ngolla ho BONA mme o ikgapele Bonus Voucher e bitsang R899 ho tswa ha Vodacom
Mangolo a hao
BONA SESOTHO - January 2007
Qoba
dihele!
Tjhankana e tshwana le dihele. Ba ba kae o seng o kile wa ba utlwa ba rialo"
Ke etsa boipiletso batjheng ba habo rona - tlohelang bonokwane hore le tle le kgaohane le dihele tsena. Kgaohanang le bonokwane le dithethefatsi.
Ho batla diaparo tse ntle ha se lebaka la ho utswa, ha se lebaka la ho senya bophelo ba hao.
Ha o ka nna wa tanakella ditokelo tsa ba bang, o tla ipona hore o tshwana le mang. O tla iphumana o le tjhankaneng moo o tlang ho amohuwa ditokelo tsa hao.
Zokwana Papikie, Koringpunt
Ha ho na taba...
Ha ho na taba le haeba Moloko Temo ha a moholo jwalo ka ha ID ya hae e bolela (BONA, LOETSE) - leha ho le jwalo, empa yena o moholo. Ke thabetse ho bala pale ya hae. Pele-ya-pele le dipale tse kang tsena!
AD, Soweto
Romela mangolo a hao ho: Mangolo ho Mohlophisi,
Box 32083,
Mobeni, 4060,
South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.
caxton.co.za
u
t
O nahanang"
Ha re batle matswantle...
LEANO LA RONA le re "Proudly South African," e seng "Proudly Brazilian." ka hoo, Mong. Parreira o ne a hape Mohope wa Lefatshe le Brazil - ke mang a reng o tla e hapa le Afrika Borwa"
Hobaneng re sa tshepe bakwetlisi ba rona"
A ko nahane motho wa kantle a tlo lefuwa tjhelete e kana - R1,8m ho ena le batho ba bolawang ke tlala!
Ha ke e kgolwe taba ya mokwetlisi ya tla amohela tjhelete e kana, haholo hakakang jwalo ka ha re se na le bonnete ba hore o tla tlisa diphetho tse thabisang!
Mokopa Mokobodi, Pietersburg
lEkaba re shebela bakwetlisi ba lapeng tlase" Ekaba re na le mokwetlisi wa Mohope wa Lefatshe naheng ena" Ekaba re tella motho ka ho mo sheba ka mahlo feela, ha se kgenthollo ya botjhaba eo" O reng wena, re ngolle o re bolelle maikutlo a hao...
BONA SESOTHO - January 2007
Mangolo
a hao
Nka bohato
O ke ke wa ikahela lebitso ka ho ba le menahano e metle feela. Ho fetolela monahano wa hao diketsong ke ntho e ntle.
Nnete ke hore - o ka hlola letswalo ka hore o etse ho hong. O ka fumana thuso ka ho o e batla.
Ha ho letho le ka fetohang ho fihlela ho ba teng motho ya nkang bohato ba pele!
Se lebale hore ha o sa etse letho, o ke se fumane letho!
Lebogang Mfudi, KwaXuma
E be ke nnete"
Batho ba bolela ka leqeme feela la mesebetsi, ebe seo ke nnete"
Ha ke dumellane le seo, ke nahana hore batho bana ba botswa, ba batla ho di fumana di tonositse.
Ke a ba hauhela!
Ke a dumela, ho thata, empa batho ba bangata ba iqalla bona menyetla ya mosebetsi. Se hlokahalang feela ke tjhebelopele le tjheseho. Menyetla e mengata lefatsheng lena - e sebedise.
GD, Osizweni
Boitshwaro bo bobe
Ke ngongorehiswa ke barutwana bana ba banana ba ratanang le matitjhere a bona.
Ke nako ya hore banna bana a tlohele ho sebedisa maemo a bona ka tsela e sele. Ba etse moo ho ya ruta bana ba rona e seng ho ya bona dikgarebe.
Ke nako ya hore mmuso jwale le ona o kenelle ditlolong tsena tsa molao.
Banana ba kgothaletswa ho tlaleha diketso tsa mofuta ona.
ZP, Limpopo
Bana ba rona
Bana ba rona ha ba hole feela, empa ba qala ho re qaka pele ho nako.
Hape ba holela nakong eo ho yona dintho tse kotsi jwalo ka dithethefatsi le mafu a thobalano di fumanehang ha bonolo.
Dintho tsena kaofela di bonahala di le kotsi, ntle le tsela eo ba leng ka yona, bana ba kotsing hohle moo ba tsamayang teng.
Batswadi ba tlameha ho dula ba hlokometse bana ba bona ka dinako tsohle.
Dula fatshe o qoqe le bona, o arabe dipotso tsa bona ka botshepehi leha tse ding tsa tsona di ba thata.
Rhulani Wa Ka Chauke,
Malamulele [s]
O ka sebedisa
lebitso leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa o re bolelle la hao la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellane le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha
bakeng sa phatlalatso.
